Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 maq. 2-3
  • Batho ba Batla Likarabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Batla Likarabo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng e ka Thusang Batsoali?
    Tsoha!—2019
  • Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete?
    Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete?
  • Na u Kile oa Ipotsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Batho ba Batla Likarabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 maq. 2-3

Batho ba Batla Likarabo

“Ha re se re rarolotse bothata ba ‘kamoo’ re ka iphelisang kateng, re ipokeletse ka mabotho-botho ao re neng re sa nahane hore re ka ba le ’ona—a kang mochine o lekanyetsang mocheso le mohatsela, mechine e matla e bapalang li-CD le litholoana tse jeoang selemo ho pota—sena se ka etsa hore motho a ipotse hore na re ‘phelela’ng.’ Ke hobane’ng ha re etsa lephehlophehlo le lekaale? Ho thusa’ng?”—David G. Myers, moprofesa oa thuto ea kelello oa Hope College, Holland, Michigan, U.S.A.

U NE u tla araba lipotso tsa moprofesa eo joang? Ba bang ba ka ba ba ipotsa hore na hoa hlokahala hore ba senye nako ba batla likarabo tsa tsona. Leha ho le joalo, ho leka ho hlokomoloha lipotso tse joalo ho tšoana le ho leka ho hlokomoloha lehlohlojane ka lieteng tsa hao—u ka tsoela pele ho tsamaea, empa u ke ke ua thabela leeto la hao.

Haeba u kile ua ipotsa hore na re phelela eng, ha u mong. Ho ea ka Patlisiso ea Melao ea Boitšoaro Lefatšeng Lohle, e leng e ’ngoe ea lipatlisiso tse khōlō ka ho fetisisa tsa melao ea boitšoaro ba batho, batho ba eketsehileng linaheng tse ngata ba nahana ka “seo ba se phelelang.”

E le hore u imolohe kelellong e le kannete, ho hlokahala hore u fumane likarabo tsa lipotso tse tharo tsa bohlokoa.

Re bile teng joang?

Re phelela eng?

Re ka lebella eng nakong e tlang?

Ke hokae moo u ka fumanang likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsee? Maqepheng a latelang re tla fumana likarabo tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele, eseng tse inahaneloang kapa tse thehiloeng bohlaleng ba batho. Re kōpa hore u phetle Bibele ea hao ’me u utloe hore na e re’ng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Beach background: © Andoni Canela/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela