Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 maq. 16-17
  • Ka Molimo oa ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Molimo oa ’Nete?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o na le lebitso?
  • Jehova ke mang?
  • Molimo o lebeletse eng ho rōna?
  • Re ka bontša joang hore re rata Molimo?
  • Re ka ithuta ka Molimo joang?
  • Ke hobane’ng ha ho tseba Molimo ho thabisa?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Ke Rata Ntate”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 maq. 16-17

Re Ithuta’ng ho Jesu

Ka Molimo oa ’Nete?

Na Molimo o na le lebitso?

Jesu o rutile batho lebitso la Molimo. O itse: “Le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Matheu 6:9) Bibele e bontša hore lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Ha Jesu a rapela Ntate oa hae o ile a bua ka barutuoa ba hae a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.”—Johanne 17:26.

Jehova ke mang?

Jesu o ile a re Jehova ke “Molimo a le mong feela oa ’nete” kaha Jehova ke ’Mōpi. (Johanne 17:3) Jesu o itse: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali?” (Matheu 19:4) O ile a boela a re: “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Kahoo re ke ke ra bona Molimo.—Exoda 33:17-20.

Molimo o lebeletse eng ho rōna?

Ha motho e mong a botsa Jesu hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, o ile a araba a re: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’ Ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”—Mareka 12:28-31.

Re ka bontša joang hore re rata Molimo?

Jesu o itse: “Ke rata Ntate.” O ile a etsa eng ho bontša hore oa mo rata? O ile a re: “Esita le joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.” (Johanne 14:31) O ile a boela a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Re ka khahlisa Molimo ka ho ithuta ka eena. Ha Jesu a rapella barutuoa ba hae o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3; 1 Timothea 2:4.

Re ka ithuta ka Molimo joang?

Tsela e ’ngoe ea ho tseba Molimo ke ho hlokomela lintho tseo a li bōpileng. Ka mohlala, Jesu o itse: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” Jesu o ne a re ruta eng? Hore re se etse hore ho tšoenyeha ka lintho tseo re li hlokang bophelong ho re sitise ho sebeletsa Molimo.—Matheu 6:26-33.

Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tseba Jehova ke ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele. Jesu o itse Mangolo ke “lentsoe la Molimo.” (Luka 8:21) A re ho Molimo: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17; 2 Petrose 1:20, 21.

Jesu o ile a thusa batho ho ithuta ’nete ka Jehova. Morutuoa e mong oa Jesu o ile a re ka eena: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” (Luka 24:32) E le hore re ithute ka Molimo, re lokela ho ikokobetsa, re ikemisetse ho ithuta. Jesu o itse: “Ntle le hore le sokolohe ’me le be joaloka bana ba banyenyane, ho hang le ke ke la kena ’musong oa maholimo.”—Matheu 18:3.

Ke hobane’ng ha ho tseba Molimo ho thabisa?

Molimo o re thusa ho utloisisa hore na re phelela eng. Jesu o itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Jehova o re ruta tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. Jesu o itse: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”—Luka 11:28; Esaia 11:9.

Bakeng sa lintlha tse eketsehileng bona khaolo ea pele ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

“Ke ba tsebisitse lebitso la hao.”—Johanne 17:26

[Litšoantšo leqepheng la 16, 17]

Re ka ithuta ka Jehova pōpong le Bibeleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela