U ka Thaba Leha U Soetseha
KE MANG ea e-s’o ka a soetseha? Ka sebele le Ntate ea leholimong, Jehova Molimo o kile a utloa bohloko ba ho soetseha. Ka mohlala, o ile a lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta ’me a ba hlohonolofatsa haholo. Empa Bibele e re: “Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo, ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pesaleme ea 78:41) Leha ho le joalo, kamehla Jehova e ’nile ea e-ba “Molimo ea thabileng.”—1 Timothea 1:11.
Ka sebele ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore motho a soetsehe. Re ka etsa joang hore li se ke tsa senya thabo ea rōna? Re ka ithuta’ng ho seo Jehova Molimo a ileng a se etsa maemong a entseng hore a ikutloe a soetsehile?
Lintho Tse Bakang ho Soetseha
Lentsoe la Molimo le re bohle ba hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ka tšohanyetso feela re ka sithabetsoa ke tlōlo ea molao, kotsi, kapa boloetse—’me ra soetseha. Bibele e boetse e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Re thaba haholo ha re lebeletse ntho e molemo, empa ha e sa phethahale kapele, re ka ’na ra soetseha. Ka mohlala, Duncan,a eo ka pelo eohle a neng a rata ho tsoela pele e le ’moleli oa evangeli linaheng tse ling, o ile a iphumana a tlameha ho khutlela hae ka mor’a hore eena le mosali oa hae e be baboleli ba evangeli ka lilemo tse ngata linaheng tse ling. O ile a re: “Lena ke lekhetlo la pele bophelong ba ka leo nkileng ka ikutloa ke eme hlooho. Merero ea ka e ne e se e ile le metsi. Ke ne ke se ke sa khahloe ke letho.” Bohloko ba ho soetseha bo ka nka nako e telele, joalokaha ho etsahalletse Claire. O re: “Ke ile ka senyeheloa ke mpa ea ngoana ea likhoeli li supileng. Ke khale sena se etsahetse, empa le hona joale, ha ke bona moshanyana a fana ka puo sethaleng, ke re ka pelong, ‘Mor’a ka a ka be a le mokana.’”
Ho ka boela ha e-ba bohloko ha motho e mong a u soetsa, joalokaha kharebe kapa mohlankana a u hlala, ha lenyalo le qhalana, ngoana e e-ba setlokotsebe, motsoalle a sa tšepahale kapa a se na kananelo. Kaha re phela har’a batho ba baetsalibe le linakong tse thata, ho na le lintho tse ngata haholo tse etsang hore re soetsehe.
Re ka boela ra soetseha ha re sitoa ho finyella lintho tse itseng. Ka mohlala, ha re feila tlhahlobo, re sa fumane mosebetsi, re hanoa ke motho eo re mo ratang, re ka ’na ra ikutloa re se na thuso. Re ka boela ra ikutloa re le molato haeba motho eo re mo ratang a khaotsa ho ba Mokreste. Mary o re: “Ho ne ho bonahala eka morali oa ka ke Mokreste ea khothetseng. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore ke mo behetse mohlala o motle. Empa eitse ha a furalla Jehova Molimo le melao ea boitšoaro ea lelapa la rōna, ke ile ka ba le maikutlo a hore ke hlōlehile ka ho feletseng. Katleho eo ke e finyeletseng bophelong e ne e sa ntšelise boemong bona. Ke ne ke nyahame haholo.”
Re ka etsa’ng maemong ao a nyahamisang? Re ka fumana karabo mohlaleng oo Jehova a o behileng ho seo a ileng a se etsa ha a soetsitsoe.
Tsepamisa Maikutlo Tharollong
Jehova Molimo ka lerato o ile a hlokomela banyalani ba pele, empa ba ile ba rabela ’me ba bontša ho hloka kananelo. (Genese khaolo ea 2 le ea 3) Hamorao, mora oa bona Kaine o ile a qala ho ba le pelo e mpe. Kaine o ile a iphapanyetsa temoso ea Jehova, eaba o bolaea moen’ae. (Genese 4:1-8) U ka inahanela hore na Jehova o ile a ikutloa a soetsehile hakae!
Ke hobane’ng ha ho soetseha hoo ho sa ka ha senya thabo ea Molimo? Hobane o ne a rerile ho tlatsa lefatše ka batho ba se nang sekoli ’me o ile a tsoela pele ho nka mehato ea ho phethahatsa morero oo. (Johanne 5:17) E le hore a o phethahatse, o ile a lokisetsa sehlabelo sa thekollo le ’Muso oa hae. (Matheu 6:9, 10; Baroma 5:18, 19) Jehova Molimo o ile a tsepamisa maikutlo tharollong eseng bothateng.
Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho tsepamisa maikutlo linthong tseo re ka khonang ho li etsa eseng tseo re hlōlehileng ho li etsa. Le re: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.
Pono e Nepahetseng ka ho Soetseha
Ho ka etsahala lintho tse ka fetolang bophelo ba rōna haholo. Ka mohlala, ka tšohanyetso re ka lahleheloa ke mosebetsi, molekane oa lenyalo, kapa boikarabelo ka phuthehong. Re ka ’na ra kula, ra felloa ke bolulo, kapa ra lahleheloa ke metsoalle. Re ka etsa’ng ha maemo a rōna a fetoha ka tsela eo?
Ba bang ba hlokometse hore ho beha lintho ka mahlofo hoa thusa. Duncan eo ho buuoeng ka eena pejana, o re: “Ha ’na le mosali oa ka re hlokomela hore re ke ke ra hlola re bolela evangeli linaheng tse ling, re ile ra khathala matla. Qetellong re ile ra rera ho etsa lintho tse peli tsa bohlokoa, e leng: ho hlokomela ’Mè, ’me ha ho khoneha, re tsoele pele ka tšebeletso ea nako e tletseng. Ha re lokela ho etsa liqeto, re nahana hore na li tla ama lintho tsena tsa bohlokoa joang. Sena se nolofatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Boholo ba rōna re feteletsa boemo bo bohloko ha re soetseha. Ka mohlala, boiteko boo re bo etsang ba ho hōlisa bana, ho tšoaneleha bakeng sa mosebetsi o itseng, kapa ho bolela evangeli linaheng tse ling bo ka ’na ba se ke ba atleha. Re ka ’na ra re ka pelong, ‘Ke hlōlehile.’ Empa, joalokaha se etsahetseng tšimolohong ea moloko oa batho se sa ka sa bontša hore Molimo o hlōlehile, le rōna hase hore re hlōlehile ha seo re se etsang se sa atlehe qalong.—Deuteronoma 32:4, 5.
Ho bonolo hore re halefe ha batho ba re soetsa. Jehova ha a etse joalo. Morena Davida o ile a soetsa Jehova ha a ne a feba ’me ka mor’a moo a etsa hore monna oa mosali eo a bolaoe. Empa Jehova o ile a bona hore mohlanka oa hae Davida o bakile e le kannete ’me A tsoela pele ho mo sebelisa. Hape, Morena Josafate ea tšepahalang o ile a etsa phoso ha a ne a etsa selekane le lira tsa Molimo. Moprofeta oa Jehova o ile a re: “Ka lebaka lena Jehova o u halefetse. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena.” (2 Likronike 19:2, 3) Jehova o ile a lemoha hore ha Josafate a entse phoso e le ’ngoe ha ho bolele hore ke mokoenehi. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra senya setsoalle sa rōna le ba bang haeba re khoba matšoafo ha ba entse phoso. E ka ’na eaba metsoalle e re soetsang e ntse e e-na le litšobotsi tse ntle.—Bakolose 3:13.
Leha re ka ra soetseha, re lokela ho hopola hore mohale o tsoa marōleng. Re ka ’na ra ikutloa re le molato haeba re etsa sebe. Empa, re ka hlaphoheloa haeba re itšoara hantle re bile re ikemisetsa ho qala leqephe le lecha. Ha Morena Davida a ne a ikutloa a le molato haholo, o ile a re: “Masapo a ka a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle. . . . Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena [Jehova] . . . , ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.” (Pesaleme ea 32:3-5) Ha re hlokomela hore re sitiloe ho etsa seo Molimo a lebeletseng hore re se etse, re lokela ho kōpa tšoarelo ho Molimo ’me re fetohe ebe re ikemisetsa ho latela keletso ea Molimo haholoanyane nakong e tlang.—1 Johanne 2:1, 2.
Qala Hona Joale ho Itokisetsa ho Soetseha
Ntle ho pelaelo, kaofela ha rōna re tla soetseha ka tsela e itseng. Re ka itokisetsa hona joang? Bruno, e leng monna oa Mokreste ea hōlileng ea ileng a soetseha ka tsela e ileng ea fetola bophelo ba hae, o ile a bua ntho ea bohlokoa ha a re: “Ho tsoela pele ke etsa seo ke ’nileng ka se etsa e leng ho matlafatsa kamano ea ka le Molimo ke bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa bo ileng ba ’nolofalletsa ho jara bothata ba ho soetseha. Ke ne ke ithutile hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore bokhopo bo ’ne bo tsoele pele lefatšeng. Ke ne ke qetile lilemo tse ngata ke matlafatsa kamano ea ka le Jehova. Ke ile ka leboha haholo hore ebe ke ile ka etsa joalo. Ho ikhothatsa ka ho tseba hore o na le ’na ho ile ha nthusa ho mamella ho tetebela maikutlo.”
Ha re ntse re nahana ka bokamoso, re ka tiiseha ka ntho e le ’ngoe: Le hoja re ka ikutloa re le molato kapa re ka soetsoa ke ba bang, le ka mohla Molimo a ke ke a re soetsa. Ha e le hantle, Molimo o ile a re lebitso la hae, e leng Jehova le bolela “ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Seo se re kholisa hore e tla ba eng kapa eng e hlokahalang hore a phethe litšepiso tsa hae. O tšepisitse hore ka ’Muso oa hae, thato ea hae e tla etsoa “lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong.” Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a re: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso . . . kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu.”—Matheu 6:10; Baroma 8:38, 39.
Re ka lebella re kholisehile hore Molimo o tla etsa seo a se tšepisitseng lengolong la moprofeta Esaia le reng: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Ke ntho e ntle hakaakang hore re lebelle nako e tlang ha re sa tl’o hlola re hopola lintho tse ileng tsa etsa hore re soetsehe!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Hase hore re hlōlehile ha seo re se etsang se sa atlehe qalong
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho tsepamisa maikutlo linthong tseo re ka khonang ho li etsa eseng tseo re hlōlehileng ho li etsa
[Litšoantšo leqepheng la 15]
Molimo o thabile, ho sa tsotellehe ho hlōleha ha batho, hobane o kholisehile hore morero oa hae o tla phethahala
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho tsepamisa maikutlo linthong tse ka matlafatsang kamano ea rōna le Molimo ho tla re thusa ha re soetseha