Re Ithuta’ng ho Jesu
Ka ’Muso oa Molimo?
’Muso oa Molimo ke Eng?
’Muso oa Molimo ke puso e tla busa lefatšeng lohle. Jesu o itse: “Joale, le rapele ka tsela ena: . . . ‘’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’”—Matheu 6:9, 10; Daniele 2:44.
Ho tla busa bo-mang ’Musong oa Molimo?
Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo ka tsoalo. Lengeloi le ile la re ho ’mè oa Jesu: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena.” (Luka 1:30-33) Ho phaella moo, Jesu o ile a khetha ba bang ba balateli ba hae hore ba buse le eena. O ile a re ho baapostola ba hae: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:28, 29; Daniele 7:27) Balateli ba Jesu ba 144 000 ba tla busa le eena.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1.
’Muso oo o tla ba hokae?
’Muso oa Molimo o tla busa o le leholimong. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba ke il’o le lokisetsa sebaka [leholimong], ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng. . . . Ke ea ho Ntate.”—Johanne 14:2, 3, 12; Daniele 7:13, 14.
’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka bokhopo?
Jesu o tla felisa batho ba khopo lefatšeng. Jesu o itse: “Ha Mor’a motho [Jesu] a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong . . . Bana [ba khopo] ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.”—Matheu 25:31-34, 46.
Ke bo-mang bao e tla ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oo?
Jesu o itse: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5; Pesaleme ea 37:29; 72:8) Lefatšeng ho tla tlala batho bao le hona joale ba ithutang ho ratana. Jesu o itse ho balateli ba hae: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35.
Ke’ng seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa batho ba phelang lefatšeng?
Jesu o tla folisa maloetse. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a bolella matšoele “ka ’muso oa Molimo, ’me a folisa ba hlokang phekolo.” (Luka 9:11) Ka mor’a hore moapostola Johanne a bone pono ea Jesu ea tsositsoeng bafung, o ile a re: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha . . . Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.’”—Tšenolo 21:1-4.
’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše e boele e be Paradeise. Sesenyi se ileng sa bolaoa hammoho le Jesu se ile sa re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Eaba Jesu o re ho sona: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43; Esaia 11:4-9.
Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.