Na ke “Lebitso le sa Lokelang ho Bitsoa”?
GATEWAY ARCH e lebōpong la nōka, St. Louis, Missouri, e limithara tse 192 ’me ke seemahale se phahameng ka ho fetisisa United States. Haufi le lehlakore le leng la eona ho na le kereke e sa phahamang hakaalo e tsejoang e le Old Cathedral.
Ha bukana ea The Story of the Old Cathedral, e hatisitsoeng ke kereke, e hlalosa kamoo monyako oa kereke ena o hahiloeng kateng, e re: “Holimo mathuleng a eona ho na le mokhabiso oo bohareng ba oona ho ngotsoeng lebitso la Molimo ka litlhaku tsa Seheberu, e leng lebitso le sa lokelang ho bitsoa.” Joalokaha re bona setšoantšong, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu יהוה (YHWH), tse emelang lebitso la Molimo, li bonahala ka ho hlaka.
Ha kereke ena e ne e hahoa ka 1834, e tlameha ebe babishopo ba St. Louis ba ile ba nahana hore lebitso lena le emeloang ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu le lokela ho behoa moo le bonahalang. Empa joale ke hobane’ng ha ho nkoa hore lebitso la Molimo “ha lea lokela ho bitsoa”?
New Catholic Encyclopedia e hlalosa se ileng sa etsahala nakoana ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona lilemong tsa bo-500 B.C.E. E re: “Lebitso la Yahweh [e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu ha li kentsoe liluma-nosi] le ile la qala ho nkoa le halalela hoo le sa lokelang ho bitsoa, eaba ho qaleha mokhoa oa hore sebakeng sa lona ho sebelisoe ADONAI [e leng Morena] kapa ELOHIM [e leng Molimo]. . . . Mokhoa ona o ile oa etsa hore ho lebaloe hore na lebitso la Yahweh le bitsoa joang.” Kahoo, batho ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo. Qetellong, ba lebala mokhoa o nepahetseng oo le neng le bitsoa ka oona khale eaba ha ba sa khona ho le bitsa.
Le hoja re ke ke ra tseba hantle hore na lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang, ntho ea bohlokoa ke hore ho sebelisa lebitso la hae ho re atametsa ho eena. Na u ka thabela ha metsoalle ea hao e re u “monghali” kapa “mofumahali,” kapa u ka thabela ha e u bitsa ka lebitso la hao? Esita le haeba e bua puo e ’ngoe ’me e sa tsebe ho bitsa lebitso la hao hantle, u tla ’ne u thabele hore e u bitse ka lona, na ha ho joalo? Le Molimo o joalo. O batla hore re mo bitse ka lebitso la hae, e leng Jehova.
Tsela e tloaelehileng ea ho le bitsa ka Sesotho ke “Jehova.” Na e ke ke ea e-ba ho loketseng hore bohle ba ratang Molimo ba mo bitse ka lebitso leo ’me ba atamele ho eena? Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.