Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 7/1 leq. 30
  • Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Na ho Bitsa Lebitso la Molimo ho Fosahetse?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 7/1 leq. 30

Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?

KA Mangolong a Seheberu, ao hangata ho thoeng ke “Testamente ea Khale,” lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 e le יהוה (e baloang ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le letšehali). Ka mantsoe a mang, lebitso la Molimo le emeloa ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu, e leng Yohdh, He, Waw, le He, tseo ho tloaelehileng hore li fetoleloe e le YHWH.

Khale-khale, Bajuda ba ne ba latela tumela-khoela ea hore ke phoso ho sebelisa lebitso la Molimo. Ka lebaka leo, ba ile ba hana ho le bitsa, ’me ba ngola mantsoe a mang bakeng sa lona. Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ba Bibele ba fetoletse lebitso leo e le “Yahweh,” kapa “Jehova.” E ’ngoe ea Libibele tseo ke Jerusalem Bible ea K’hatholike. Bibele ena e re ha Moshe a botsa Molimo hore na a reng haeba Baiseraele ba ka mo botsa hore na o romiloe ke mang, Molimo o ile a re: “U tla re ho bara ba Iseraele: ‘Yahweh, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka, le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.’ Lena ke lebitso la ka, la ka ho sa feleng; ke tla rapeloa ka lebitso lena melokong eohle e tlang.”​—Exoda 3:15.

Ha Jesu a rapela o ile a bua mantsoe ana a bontšang hore o ne a sebelisa lebitso la Molimo, a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.” Ho seo batho ba bangata ba reng ke Thapelo ea Morena, Jesu o ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”​—Johanne 17:26; Matheu 6:9.

Kahoo, u ka ’na ua makala ha u utloa hore bukeng ea morao-rao ea Mopapa Benedict XVI, e bitsoang Jesus of Nazareth, Mopapa o ile a re mabapi le ho sebelisa lebitso la Molimo: “Baiseraele ba ne ba . . . nepile ka ho feletseng ha ba hana ho bitsa lebitso lena leo Molimo a ipitsang ka lona la YHWH, e le hore ba qobe ho le theolela boemong bo tlaase ba mabitso a melimo ea bohetene. Ka lebaka leo Libibele tsa morao tjena li fositse ka hore ebe li ile tsa ngola lebitso lena joalokaha eka ke lebitso feela le tloaelehileng​—e leng lebitso leo Baiseraele ba neng ba le nka e le sephiri le bile le sa lokela ho bitsoa.”

Uena u re’ng? Na ho nepahetse kapa ho fosahetse ho sebelisa lebitso la Molimo? Haeba Jehova a re: “Lena ke lebitso la ka, la ka ho sa feleng; ke tla rapeloa ka lebitso lena melokong eohle e tlang,” na ho na le motho ea ka itetang sefuba ho mo hanyetsa?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo ha a rapela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela