Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 8/1 maq. 16-17
  • Mabapi le Kamoo re Lokelang ho Tšoara ba Bang Kateng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mabapi le Kamoo re Lokelang ho Tšoara ba Bang Kateng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha re lokela ho ba mosa?
  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela ba bang?
  • Malapa a ka lula a thabile joang?
  • Lebaka la ho sebelisa melao-motheo ena
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ka Bophelo ba Lelapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 8/1 maq. 16-17

Re Ithuta’ng ho Jesu

Mabapi le Kamoo re Lokelang ho Tšoara ba Bang Kateng?

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba mosa?

Na u ba mosa leha batho ba se mosa ho uena? Haeba re batla ho etsisa Jesu, re tlameha ho ba mosa esita le ho batho ba re hloileng. Jesu o itse: “Haeba le rata ba le ratang, ho na le molemo ofe ho lōna? Etsoe esita le baetsalibe ba rata ba ba ratang. . . . Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho rata lira tsa lōna . . . , ’me le tla ba bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa, hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo.”​—Luka 6:32-36; 10:25-37.

Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela ba bang?

Ha re etsa liphoso, re batla hore Molimo a re tšoarele. Jesu o re rutile hore ke ntho e loketseng ho rapella hore Molimo a re tšoarele. (Matheu 6:12) Leha ho le joalo, Jesu o ile a phaella ka ho re Molimo o tla re tšoarela hafeela re tšoarela ba bang. O itse: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.”—Matheu 6:14, 15.

Malapa a ka lula a thabile joang?

Le hoja ho se mohla Jesu a ileng a nyala, re ka ithuta ho hongata ho eena mabapi le ho etsa hore malapa a lule a thabile. O re behetse mohlala ka mantsoe le ka liketso. Nahana ka lintlha tsena tse tharo:

1. Monna o tlameha ho rata mosali oa hae joalokaha a rata ’mele oa hae. Jesu o behetse banna mohlala. O itse ho barutuoa ba hae: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane.” Ho ea bohōleng bofe? O ile a re: “Feela joalokaha ke le ratile.” (Johanne 13:34) Ha Bibele e bontša kamoo molao-motheo ona o sebetsang kateng ho banna, e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona . . . Ka tsela ena banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.”​—Baefese 5:25, 28, 29.

2. Banyalani ba tlameha ho tšepahallana. Ho kopanela liphate le motho eo u sa nyalanang le eena ke ho siteloa Molimo ’me ho thuha malapa. Jesu o itse: “Na ha lea ka la bala . . . ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang. . . . Ke re ho lōna mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.”​—Matheu 19:4-9.

3. Bana ba tlameha ho ikokobelletsa batsoali ba bona. Ha Jesu e sa le ngoana, o ne a mamela batsoali ba hae le hoja e le baetsalibe ’me eena a se na sebe. Bibele e bua tjena ka Jesu ha a le lilemo li 12: “Eaba o theoha le bona [batsoali ba hae] o tla Nazaretha, ’me a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.”​—Luka 2:51; Baefese 6:1-3.

Lebaka la ho sebelisa melao-motheo ena

Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae mabapi le lintho tseo a neng a ba ruta tsona: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Johanne 13:17) Hore re be Bakreste ba ’nete, re tlameha ho sebelisa keletso eo Jesu a re fileng eona mabapi le kamoo re lokelang ho tšoara ba bang kateng. O itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”​—Johanne 13:35.

Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 14 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Papiso ea Jesu ea mora ea lehlasoa e re ruta bohlokoa ba ho ba mosa le ho tšoarela ba bang.​—Luka 15:11-32

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Banyalani ba lokela ho tšepahallana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela