Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/1 maq. 3-4
  • Ke Mang ea ka Tsebang Bokamoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea ka Tsebang Bokamoso?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—“Molimo ea Lokileng le Mopholosi”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Moprofeta oa Molimo o Tlisetsa Moloko oa Batho Leseli
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Na ho na le Motho ea Tsebang Bokamoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/1 maq. 3-4

Ke Mang ea ka Tsebang Bokamoso?

“Ke ’na Ea Nang le Bomolimo . . . , Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.”​—Esaia 46:9, 10.

LINAKONG tsena tse moferefere, litsebi tsa lipolotiki, tsa lichelete le tsa kahisano li hlahloba liketsahalo tsa nakong e fetileng le tsa morao-rao e le hore li nohe se tla etsahala nakong e tlang. Kaha batho ba bang ba labalabela ho tseba hore na bokamoso ba bona bo tla ba joang, ba ea ho linohe tsa linaleli kapa ba sebelisanang le meea hore ba ba behe leseling. Hangata batho ba joalo ha ba fumane seo ba se lebeletseng. Na ho hang ho ke ke ha khoneha hore re tsebe se tla re etsahalla hammoho le malapa a rōna le lefatše lee? Bonneteng, na ho na le motho ea ka tsebang bokamoso esale pele?

Mantsoeng a qotsitsoeng qalong, Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, o ile a hlalosetsa moprofeta Esaia hore a ka khona ho profeta bokamoso. Molimo o ile a sebelisa Esaia ho profeta hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba tla lokolloa botlamuoeng Babylona le hore ba tla khutlela naheng ea habo bona ho ea tsosolosa Jerusalema le tempele. Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang ka tsela e nepahetseng? Lilemong tse ka bang 200 esale pele, ka nepo Esaia o ile a bolela lebitso la motho ea neng a tla hlōla Babylona, e leng Cyruse. Ho feta moo, ka nepo Esaia o ile a hlalosa mokhoa oo Cyruse a neng a tla o sebelisa​—e leng oa ho khelosa metsi a Nōka ea Eufrate, e neng e sirelelitse motse oo. O ile a ba a bona esale pele hore Cyruse o ne a tla fumana menyako e meholo ea motse e mamati a mabeli e tlohetsoe feela e sa koaloa, e leng ho neng ho tla etsa hore Cyruse a hlōle habonolo.​—Esaia 44:24–45:7.

Ha ho bapisoa le Molimo, motho ha a na matla a ho tseba se tla etsahala nakong e tlang. Morena Solomone ea bohlale o itse: “U se ke ua ithorisa ka letsatsi le hlahlamang, etsoe ha u tsebe seo letsatsi le tla se hlahisa.” (Liproverbia 27:1) Mantsoe ao e sa ntse e le ’nete le kajeno. Ha ho motho ea ka tsebang esale pele hore na o tla etsahalloa ke eng. Molimo o fapane joang le motho? O tseba hantle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e bōpileng, ho akarelletsa le sebōpeho sa motho le maikutlo a hae. Ha Molimo a batla, a ka tseba esale pele lintho tse tla etsoa ke batho le lichaba. Ho phaella moo, o na le matla ’ohle a ho etsa hore liketsahalo li be le phello e itseng. Ha a sebelisa baprofeta ba hae hore ba profete se tla etsahala, ke eena “Ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa hae le phethahale, le Ea phethang ka ho feletseng morero oa manģosa a hae.” (Esaia 44:26) Ke Jehova Molimo feela ea etsang sena.

Esaia o phetse lilemo tse fetang 700 pele ho Jesu, Mesia. Empa, Esaia o ile a profeta ho tla ha Mesia. Leha ho le joalo, haholo-holo ho tloha lilemong tsa bo-1700, bahlahlobisisi ba Bibele ba ’nile ba belaela hore na buka ea Esaia ke ’nete kapa che. Ba ’nile ba re boprofeta ba Esaia bo ne bo sa bolele lintho tseo e leng hona li tla etsahala empa bo ngotsoe ka mor’a hore li etsahale, ho bolelang hore mongoli oa moraonyana o ile a mpa a ngola lintho tse neng li se li etsahetse.[2] Na ke ’nete? Ka 1947 ho ile ha fumanoa buka ea Esaia, hammoho le meqolo e meng ea boholo-holo, ka lehaheng haufi le Leoatle le Shoeleng.[3] Litsebi li ile tsa fumana hore buka ena e ne e ngotsoe lilemo tse fetang lekholo pele ho tsoaloa Mesia ea profetiloeng, kapa Kreste.[4] Ka sebele, Bibele e ile ea senola seo e neng e le hona se tla etsahala!

Esaia le bangoli ba bang ba Bibele ba ne ba ke ke ba profeta liketsahalo tsa nakong e tlang ka bohlale ba bona. Ho e-na le hoo, “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Lihloohong tse latelang, re tla tšohla likarolo tse itseng tsa bophelo ba Jesu tse ileng tsa profetoa ke Esaia. Ka mor’a moo re tla hlahloba liketsahalo tseo Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba li profeta bakeng sa mehla ea rōna ho ea pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela