Babali ba Batla ho Tseba
Haeba Adama o ne a se na Sekoli, ho Tlile Joang Hore a Etse Sebe?
Adama o ne a ka etsa sebe hobane Molimo o mo bōpile a e-na le matla a ho ikhethela seo a batlang ho se etsa. Hore ebe Adama o ne a filoe mpho ena ea ho ikhethela ha ho bolele hore o ne a e-na le sekoli. ’Nete ke hore ke Molimo feela ea se nang sekoli ka ho feletseng. (Deuteronoma 32:3, 4; Pesaleme ea 18:30; Mareka 10:18) Ha ho motho kapa ntho eo ho ka thoeng ha e na sekoli ka ho feletseng.[1] Ka mohlala, thipa e ka seha nama hantle, empa na u ka ja sopho ka eona? Ho ka thoe ntho e itseng e hloka sekoli hafeela e phetha mosebetsi oo e o etselitsoeng.
Molimo o ile a bōpa Adama ka morero ofe? Morero oa Molimo e ne e le hore moloko oa batho ba bohlale ba nang le matla a ho ikhethela seo ba batlang ho se etsa o hlahe ho Adama. Ba batlang ho rata Molimo le litsela tsa hae ba ne ba tla bontša seo ka hore ba khethe ho mamela melao ea hae. Kahoo, batho ba ne ba sa bōpelloa le hore ba mamele empa ke ntho eo ba neng ba tla ikhethela ho e etsa.[2] (Deuteronoma 10:12, 13; 30:19, 20) Kahoo, haeba Adama a ne a se na matla a ho ikhethela ho se mamele, e ne e ke ke eaba o feletse—o ne a tla be a e-na le sekoli. Tabeng ea hore na Adama o ile a ikhethela ho etsa eng, Bibele e bontša hore o ile a etsisa mosali oa hae eaba ha a mamele molao oa Molimo mabapi le “sefate sa tsebo ea botle le bobe.”—Genese 2:17; 3:1-6.
Na Molimo o ile a bōpa Adama a se na matla a ho khetha se lokileng le se sebe, hoo a neng a sitoa ho etsa liqeto tse bohlale kapa ho ema a tiile ha a lekoa? Pele Adama a tlōla molao, Jehova Molimo o ile a hlahloba lintho tsohle tseo a li bōpileng lefatšeng, ho akarelletsa le batho ba babeli ba pele, eaba o fumana hore li “molemo haholo.” (Genese 1:31) Kahoo, ha Adama a etsa sebe, sena se ne se sa bolele hore ho na le phoso tseleng eo a bōpiloeng ka eona empa molato e ne e le oa hae ka ho feletseng. (Genese 3:17-19)[4] Adama o ne a hlōlehile ho etsa hore ho rata Molimo le se nepahetseng ho mo susumelletse ho mamela Molimo feela.
Hape hlokomela hore ha Jesu a le lefatšeng, o ne a hloka sekoli joaloka Adama. Leha ho le joalo, Jesu ha a tšoane le litloholo tse ling tsa Adama hobane eena o emotsoe ka thuso ea moea o halalelang, ’me ha aa ka a futsa bofokoli bo neng bo ka etsa hore a sitoe ho ema a tiile ha a lekoa. (Luka 1:30, 31; 2:21; 3:23, 38)[5] Jesu o ile a ikhethela ho lula a tšepahala ho Ntate oa hae le har’a mathata a boima ka ho fetisisa. Kaha Adama o ile a sebelisa matla a ho ikhethela seo a batlang ho se etsa, ke molato oa hae hore ebe o ile a hlōleha ho mamela molao oa Jehova.
Empa ke hobane’ng ha Adama a ile a ikhethela hore a se ke a mamela Molimo? Na o ne a nahana hore ka tsela e itseng o tla etsa hore lintho li mo tsamaele hantle? Che, hobane moapostola Pauluse o itse “Adama ha aa ka a thetsoa.” (1 Timothea 2:14) Leha ho le joalo, Adama o ile a lumellana le mosali oa hae, ea neng a se a ntse a ikhethetse ho ja litholoana tsa sefate seo ho itsoeng ba se ke ba se ja. O ne a batla ho thabisa mosali oa hae ho feta ho mamela ’Mōpi oa hae. Ka sebele ha Adama a fuoa tholoana eo ho itsoeng a se ke a e ja, a ka be a ile a nahana kamoo ho se mamele Molimo ho neng ho tla ama kamano ea hae le eena kateng. Haeba Adama o ne a sa rate Molimo ka lerato le tebileng le le tiileng, o ne a ka inehela khatellong efe kapa efe, esita le ea mosali oa hae.
Adama o ile a etsa sebe pele a e-ba le bana, kahoo, bana bohle ba hae ba tsoetsoe ba e-na le sekoli. Leha ho le joalo, le rōna joaloka Adama re fuoe mpho ea ho ikhethela seo re batlang ho se etsa. E se eka kananelo ea rōna e ka re susumelletsa hore re ikhethele ho nahana ka molemo oa Jehova ’me re mo rate ka lerato le tebileng, kaha ke eena eo re lokelang ho mo mamela le ho mo rapela.—Pesaleme ea 63:6; Matheu 22:36, 37.