Bakreste ba Pele Har’a Batho ba Buang Segerike
BOHOLO ba batho bao Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba ba bolella litaba tse molemo ba ne ba bua Segerike. Mangolo ao ba neng ba tšehetsa molaetsa oa Jesu ka ’ona a ne a ngotsoe ka Segerike. Ha bangoli ba ne ba bululeloa hore ba ngole seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Mangolo a Segerike a Bakreste, boholo ba bona bo ile ba a ngola ka Segerike, ba sebelisa lipolelo le lipapiso tse utloisisoang habonolo ke batho ba neng ba phela ka tsela ea Bagerike. Empa Jesu le baapostola ba hae e ne e se Bagerike, ebile ha ho mongoli leha e le ofe oa Mangolo a Segerike a Bakreste eo e neng e le Mogerike. Ha e le hantle, kaofela ha bona e ne e le Bajuda.—Baroma 3:1, 2
Ho tlile joang hore Segerike e be puo e atileng joalo ha Bokreste bo ntse bo hasana? Bangoli ba Bakreste ba lekholong la pele la Lilemo hammoho le baromuoa ba ile ba fetisa molaetsa oa bona joang ka tsela e ipiletsang ho batho ba buang Segerike? Hona ke hobane’ng ha re thahasella nako ee historing ea boholo-holo?
Setso sa Bagerike Sea Nama
Lekholong la bone la lilemo B.C.E., Alexandere e Moholo o ile a liha ’Muso oa Persia ’me a qala ho hapa linaha tse ngata tsa lefatše. E le hore a etse linaha tseo a li hapileng ntho e le ’ngoe, eena le marena a ileng a mo hlahlama ba ile ba khothalletsa batho hore ba bue Segerike le ho latela setso sa Bagerike.
Esita le ka mor’a hore Roma e hlōle Greece ’me e e amohe matla ’ohle a lipolotiki, setso sa Bagerike sona se ile sa ’na sa e-ba matla lichabeng tsa boahisani. Lekholong la bobeli le la pele la lilemo B.C.E., sehlopha se phahameng sa Baroma pusong se ne se rata ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bagerike haholo—mesebetsi ea bona ea bonono, tsebo ea bona ea meralo ea kaho, libuka hammoho le filosofi ea bona—hoo seroki se bitsoang Horace se ileng sa re: “Greece e neng e hapiloe e ile ea hapa mohapi oa eona ea sehlōhō ka ho etsa hore a rate ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Greece.”
Ha ho busa Baroma, metse ea bohlokoa ho pholletsa le Asia Minor, Syria le Egepeta e ile ea e-ba libaka tseo batho ba teng ba phelang ho latela mekhoa ea Segerike haholo. Mokhoa oa Bagerike oa ho etsa lintho o ile oa namela likarolong tsohle tsa bophelo, ebang ke tlhophisong ea puso le ea molao, khoebo, indasteri haesitana le feshene. Hoo e batlang e le hohle metseng ea Bagerike ho ne ho e-na le sebaka sa boikoetliso, moo bahlankana ba neng ba ikoetlisa teng, ho bile ho e-na le lebala la liketsahalo, moo litšoantšiso tsa Segerike li neng li bapalloa teng.
Rahistori Emil Schürer, o re: “Le hoja qalong Bajuda ba ne ba le leqe ho amohela mokhoa oa Bagerike oa bophelo, o ile oa ’na oa kekela butle bophelong ba bona.” Qalong, cheseho eo Bajuda ba neng ba e-na le eona ka borapeli ba bona e ile ea etsa hore ba khone ho hanela tšusumetso leha e le efe ea borapeli ba bohetene e neng e tsamaisana le tsela eo Bagerike ba etsang lintho ka eona, empa qetellong setso sa Bagerike se ile sa ama likarolo tse ngata tsa bophelo ba Bajuda. Ho phaella moo, Schürer o re, “metse e menyenyane ea Bajuda e ne e batla e pota-potiloe ke Bagerike ’me ba ne ba tlameha ho kopana le bona khafetsa ka lebaka la khoebo.”
Karolo e Phethiloeng ke Septuagint
Ha Bajuda ba bangata ba fallela libakeng tse haufi le Leoatle la Mediterranean, ba ile ba iphumana ba lula metseng ea batho ba phelang ka tsela ea Bagerike, moo ho neng ho buuoa Segerike. Bajuda bao ba neng ba faletse ba ne ba ntse ba tšoareletse bolumeling ba Sejuda ba bile ba nka maeto a eang Jerusalema ho ea keteka mekete ea selemo le selemo ea Bajuda. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ba bangata ba ile ba qetella ba se ba sa tsebe Seheberu hantle.a Kahoo ho ile ha hlokahala hore Mangolo a Seheberu a fetoleloe ka Segerike se neng se buuoa ke batho ba bangata. Litsebi tsa Bajuda tseo e ka ’nang eaba li ne li le Alexandria, Egepeta—moo e neng e le khubung ea setso sa Bagerike—li ile tsa qala mosebetsi oa phetolelo hoo e ka bang ka 280 B.C.E. Phetolelo eo e ile ea bitsoa Septuagint.
Septuagint e nkoa e le phetolelo ea bohlokoa haholo. E ile ea bulela batho ba Bophirimela matlotlo a ka Mangolong a Seheberu. Kantle ho phetolelo ena, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore batho ba tsebe tsela eo Molimo a ileng a sebelisana le Baiseraele ka eona hobane litšebelisano tseo li ne li tla be li ngotsoe ka puo eo batho ba bangata ba sa e tsebeng, e leng se neng se tla sitisa mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela evangeli. Septuagint e ile ea fana ka boitsebiso bo hlokahalang, ea hlalosa lintho le ho beha litaba ka puo e utloahalang, e leng se ileng sa etsa hore ho be bonolo ho fetisetsa tsebo ea Jehova Molimo ho batho ba merabe e sa tšoaneng. Kaha Segerike se ne se tsejoa ke batho ba bangata, e ile ea e-ba sona se tšoanelehang ka ho fetisisa nakong eo hore se sebelisetsoe ho fetisetsa ’nete ea Molimo bathong.
Basokolohi le Batho ba Tšabang Molimo
Lilemong tsa bo-200 B.C.E., Bajuda ba ne ba se ba fetoletse libuka tse ngata tsa bona ka Segerike ebile ba se ba ntse ba ngola tse ling tse ncha ka ho toba ka puo eo. Seo se ile sa phetha karolo e khōlō e le hore batho ba Balichaba ba ka tseba nalane ea Baiseraele hammoho le bolumeli ba bona. Bo-rahistori ba bolela hore nakong eo Balichaba ba bangata “ba ile ba ikopanya le Bajuda ka litsela tse itseng, ba kenella borapeling ba Sejuda ebile ka linako tse ling ba ne ba iphaphatha le melao ea Bajuda ka ho feletseng, ha ka linako tse ling ba ne ba phetha karolo e itseng ea eona.”—The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ.
Balichaba ba bang ba ile ba tsoela pele ho latela bolumeli ba Sejuda, ba lumela ho bolla ’me ba qetella e le basokolohi. Ba bang ba ne ba amohela likarolo tse itseng tsa bolumeli ba Sejuda empa ba sa batle ho sokoloha. Hangata libukeng tsa Segerike bana ba ne ba bitsoa “ba tšabang Molimo.” Korneliase o bitsoa “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo.” Moapostola Pauluse o ile a kopana le batho ba bangata ba tšabang Molimo ba neng ba ikopantse le Bajuda ho pholletsa le libaka tsa Asia Minor le Greece. Ka mohlala, ha a le Antioke e Pisidia ’me a bua le batho ba neng ba khobokane synagogeng o ile a re ho bona, “banna, Baiseraele le lōna ba bang ba tšabang Molimo.”—Liketso 10:2; 13:16, 26; 17:4; 18:4.
Kahoo, ha barutuoa ba Jesu ba qala ho bolela litaba tse molemo metseng ea Bajuda linaheng tse ka thōko ho Judea, ba bangata ba ileng ba li mamela e ne e le ba batlang ba tloaelane le setso sa Bagerike. Ho ne ho le bonolo hore Bokreste bo ate libakeng tseo. Ha ho hlaka hore Molimo o ne a fa le Balichaba tšepo ea poloko, barutuoa ba ile ba lemoha hore mahlong a Molimo, “ha ho Mojuda kapa Mogerike.”—Bagalata 3:28.
Ho Bolella Bagerike Litaba Tse Molemo
Ka lebaka la mekhoa ea bolumeli le boitšoaro ba batho ba lichaba, qalong Bakreste ba bang ba pele ba Bajuda ba ne ba le leqe ho amohela Balichaba ba sokolohileng ka phuthehong ea Bokreste. Kahoo eitse ha ho hlaka hore Molimo o ikemiselitse ho amohela Balichaba, baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba bontša ka ho hlakileng hore basokolohi ba mofuta oo ba ne ba lokela ho ila mali, bohlola le borapeli ba litšoantšo. (Liketso 15:29) E ne e le habohlokoa hore mang kapa mang ea neng a ile a latela tsela ea bophelo ea Bagerike a etse seo hobane ho ne ho tloaelehile hore metseng ea Bagerike le Baroma batho ba inehelle “litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang” le bosodoma. Lintho tsa mofuta oo li ne li sa lumelloa har’a Bakreste.—Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:9, 10.
Har’a baromuoa ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba bolella batho ba buang Segerike litaba tse molemo, ha ho le ea mong ea neng a hlaheletse ho feta moapostola Pauluse. Ho tla fihlela ho lena le holimo, baeti ba eang Athene, Greece, ba ka bona letlapa la boronse mosikong oa Areopago, leo e leng sehopotso sa puo e tummeng eo Pauluse a ileng a fana ka eona ha a le motseng oo. Tlaleho eo e ngotsoe khaolong ea 17 ea buka ea Bibele ea Liketso. Mantsoe a hae a pele a reng, “Banna ba Athene,” e ne e le tsela eo libui tse buang le sechaba sa Bagerike li neng li atisa ho bua ka eona ’me ha ho potang hore mantsoe ao a ile a etsa hore bamameli ba hae ba neng ba akha bo-rafilosofi ba Baepikure hammoho le ba Bastoike ba ikutloe ba lokolohile. Ho e-na le hore Pauluse a tenehe kapa a nyatse tumelo ea bamameli ba hae, o ile a leka ho bōpa khotso ka ho lumela hore ba bonahala ba rata bolumeli haholo. O ile a bua ka aletare e ngotsoeng “Ho Molimo ea sa Tsejoeng” eaba o rala motheo oa seo ba lumellanang ka sona ka ho bolela hore o ne a rerile ho bua ka Molimo eo.—Liketso 17:16-23.
Pauluse o ile a kholisa bamameli ba hae ka ho bua ka lintho tseo ba ka li lumelang. Bastoike ba ne ba ka lumellana le eena hore Molimo ke Mohloli oa bophelo ba batho, hore batho bohle ba tsoa lelokong le le leng, hore Molimo ha a hōle le rōna le hore bophelo ba motho bo matsohong a Molimo. Pauluse o ile a hahella ntlheng eo ea ho qetela ka ho qotsa libuka tsa liroki tsa Bastoike, bo-Aratus (Phaenomena) le bo-Cleanthes (Sefela sa Zeuse). Baepikure le bona ba ne ba ka fumana lintho tse ngata tseo ba ka lumellanang le Pauluse ka tsona—ba ne ba lumela hore Molimo oa phela ’me batho ba ka mo tseba. O khotsofetse, ha a hloke letho le tsoang ho batho le hore ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.
Batho bao Pauluse a neng a bua le bona ba ne ba tloaelane le mantsoe ao a ileng a a sebelisa. Bonneteng, ho latela buka e ’ngoe, mantsoe a kang “lefatše (kosmos),” “bana” le “Boleng ba Molimo” a ne a atisa ho sebelisoa ke bo-rafilosofi ba Bagerike. (Liketso 17:24-29) Hase hore Pauluse o ne a batla ho fetola ’nete e le hore bamameli ba hae ba mo latele. Ho fapana le hoo, mantsoe a hae a phethang a neng a bua ka tsoho ea bafu le ka kahlolo a ne a sa lumellane le lintho tseo ba li lumelang. Leha ho le joalo, o ile a beha litaba ka bohlale e le hore a ka ipiletsa ho bamameli ba hae ba ratang filosofi.
Mangolo a mangata ao Pauluse a ileng a a ngola a ne a ea liphuthehong tse metseng ea Bagerike kapa likoloneng tsa Baroma tseo batho ba teng ba neng ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Segerike. Mangolo ana a neng a ngotsoe ka Segerike se paqameng le se matla, a ne a e-na le mehopolo le mehlala e neng e tloaelehile bophelong ba Bagerike. Pauluse o bua ka lipapali tsa baatlelete, moputso oa motho ea hlōtseng, motataisi ea neng a felehetsa moshanyana ha a ea sekolong hammoho le lipapiso tse ling tse thehiloeng bophelong bo tloaelehileng ba Bagerike. (1 Bakorinthe 9:24-27; Bagalata 3:24, 25) Le hoja Pauluse a ne a ikemiselitse ho bua ka tsela eo Bagerike ba neng ba bua ka eona, o ile a nyatsa mekhoa ea Bagerike le bolumeli ba bona ka matla.
Ho Fetoha Lintho Tsohle ho Batho ba Mefuta Eohle
Moapostola Pauluse o ile a lemoha hore ho hlokahala hore a ‘fetohe lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle’ e le hore a ka bolella batho ba bang litaba tse molemo. O ile a re, “ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda, e le hore nka rua Bajuda” ’me ho Bagerike o ile a fetoha Mogerike e le hore a ba thuse hore ba utloisise merero ea Molimo. Ke ’nete hore Pauluse o ne a tšoaneleha haholo hore a ka etsa seo, hobane e ne e le moahi oa Mojuda motseng oa batho ba phelang ka setso sa Bagerike. Kajeno Bakreste bohle ba lokela ho mo etsisa.—1 Bakorinthe 9:20-23.
Kajeno batho ba limilione ba fallela linaheng tse sa tšoaneng, ba bang ba tloha litsong tse ling ho ea ho tse ling. Bona ke bothata boo Bakreste ba tobanang le bona ha ba leka ho bolella batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho phetha mosebetsi oo Jesu a ba fileng oona oa ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Matheu 24:14; 28:19) Ba hlokometse hore nako le nako ha batho ba utloa litaba tse molemo ka puo ea habo bona, li kena pelong ebe ba nka bohato bo loketseng.
Ka lebaka leo, khoeli le khoeli makasine ena ea Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova, e hatisoa ka lipuo tse 169 ’me makasine eabo eona ea Tsoha!, e hatisoa ka lipuo tse 81. Ho phaella moo, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li etsa boiteko ba ho ithuta puo e ’ngoe—ho akarelletsa le tse thata joaloka Searabia, Sechaena le Serussia—e le hore li ka bolella batho ba falletseng metseng ea habo tsona litaba tse molemo. Li na le sepheo se tšoanang le sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Moapostola Pauluse o ile a beha taba ena hantle ha a ne a re: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.”—1 Bakorinthe 9:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bajuda ba bangata ba neng ba lula Jerusalema ba ne ba bua Segerike. Ka mohlala, ho ne ho e-na le banna ba itseng “ba tsoang ho seo ho thoeng ke Synagoge ea Banna ba Lokolotsoeng, le . . . Bacyrene le Baalexandria le . . . ba tsoang Silisia le Asia” bao e ka ’nang eaba puo ea bona e ne e le Segerike.—Liketso 6:1, 9.
[’Mapa o leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Roma
GREECE
Athene
ASIA
Antioke (ea Pisidia)
CILICIA
SYRIA
JUDEA
Jerusalema
EGEPETA
Alexandria
Cyrene
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lekholong la pele la lilemo “Septuagint” e ile ea thusa batho hore ba fumane tsebo ea Jehova
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Israel Antiquities Authority
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Letlapa le Areopago, leo e leng sehopotso sa puo eo Pauluse a ileng a fana ka eona