Lerato la Kreste le re Susumelletsa ho Rata
“Jesu, kaha a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng, o ile a ba rata ho isa bofelong.”—JOH. 13:1.
1, 2. (a) Ke eng e ikhethang ka lerato la Jesu? (b) Sehloohong see re tla tšohla lintlha life tse amanang le lerato?
JESU o behile mohlala o phethahetseng oa lerato. O ile a bontša lerato ka tsela eo a neng a bua ka eona, a itšoara ka eona, a ruta ka eona le ka lefu la hae la sehlabelo. Ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ile a rata batho bao a neng a kopana le bona, haholo-holo barutuoa ba hae.
2 Mohlala oa Jesu oa lerato o hlaheletseng, o behela balateli ba hae molao-motheo o phahameng oo ba lokelang ho o phetha. O boetse o re susumelletsa ho bontša lerato le tšoanang ho bara le barali babo rōna ba Bakreste, esita le ho batho ba bang kaofela. Sehloohong sena, re tla tšohla seo baholo ba phutheho ba ka ithutang sona ho Jesu mabapi le ho bontša lerato ho batho ba etsang liphoso, esita le liphoso tse khōlō. Hape re tla tšohla kamoo lerato la Jesu le susumetsang Bakreste kateng hore ba thuse barab’abo bona linakong tsa mathata, tsa likoluoa le ha ba kula.
3. Ho sa tsotellehe liphoso tse khōlō tseo Petrose a ileng a li etsa, Jesu o ile a mo tšoara joang?
3 Bosiung ba pele Jesu a e-shoa, moapostola oa hae Petrose o ile a mo latola ka makhetlo a mararo. (Mar. 14:66-72) Leha ho le joalo, hang ha Petrose a se a khutlile, joalokaha Jesu a ne a boletse hore o tla khutla, Jesu o ile a mo tšoarela. Jesu o ile a fa Petrose boikarabelo bo boima. (Luka 22:32; Lik. 2:14; 8:14-17; 10:44, 45) Re ithuta eng ka boikutlo ba Jesu ka batho ba entseng liphoso tse khōlō?
Bontšang Boikutlo ba Kelello ba Kreste ho Bafosi
4. Ke boemo bofe ka ho khetheha bo hlokang hore ho bontšoe boikutlo ba kelello ba Kreste?
4 Maemong a mangata ao ho ’ona ho hlokahalang hore ho bontšoe boikutlo ba kelello ba Kreste, boemo bo ka bang boima ka ho fetisisa ke ba ho sebetsana le liphoso tse khōlō tse entsoeng ke ba bang, ebang ke ka lapeng kapa ka phuthehong. Ka masoabi, ha matsatsi a ho qetela a tsamaiso ea Satane a fihla sehlohlolong, moea oa lefatše o senya boitšoaro le ho feta. Boikutlo ba lefatše ba boitšoaro bo bobe kapa ba ho se tsotelle bo ka susumetsa bacha le batho ba baholo ka tsela e tšoanang, ’me ba fokolisa qeto ea bona ea ho etsa se nepahetseng. Lekholong la pele la lilemo, batho ba bang ba ile ba tlameha ho khaoloa phuthehong ea Bokreste, ’me ba bang ba ile ba khalemeloa. Hoa tšoana le kajeno. (1 Bakor. 5:11-13; 1 Tim. 5:20) Leha ho le joalo, ha baholo ba sebetsang litaba tsena ba bontša lerato le kang la Kreste, sena se ka ama mofosi haholo.
5. Baholo ba lokela ho etsisa boikutlo ba Kreste joang mabapi le bafosi?
5 Joaloka Jesu, ka linako tsohle baholo ba tlameha ho boloka melao e lokileng ea Jehova. Ha ba etsa joalo, ba bontša bonolo ba Jehova, mosa oa hae, hammoho le lerato la hae. Ha motho a bakile e le kannete, a le ‘pelo e robehileng’ a bile a ‘sithabetse moeeng’ ka lebaka la phoso ea hae, baholo ba ka ’na ba nolofalloa “ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.” (Pes. 34:18; Bagal. 6:1) Empa ho etsahala joang ha ba sebetsana le motho ea tellang a bile a sa soaba hakaalo kapa a sa soaba ho hang?
6. Ke eng eo baholo ba lokelang ho e qoba ha ba sebetsana le bafosi, hona hobane’ng?
6 Ha mofosi a hana keletso ea Mangolo kapa a leka ho jarisa batho ba bang molato oa phoso ea hae, baholo le ba bang ba ka ’na ba halefa. Ka ho tseba tšenyo eo motho eo a seng a ntse a e entse, ba ka ’na ba lekeha hore ba bue maikutlo a bona mabapi le liketso kapa boitšoaro ba motho eo. Leha ho le joalo, bohale boa senya ebile ha bo bontše “kelello ea Kreste.” (1 Bakor. 2:16; bala Jakobo 1:19, 20.) Jesu o ne a sa hlathe koana le koana ha a ne a lemosa batho ba mehleng ea hae, empa ha ho mohla a kileng a bua se neng se bontša lehloeo kapa seo morero oa sona e neng e le ho ba utloisa bohloko. (1 Pet. 2:23) Ho e-na le hoo, o ne a bulela bafosi monyetla oa ho baka le ho khutlela ho Jehova. Ka sebele, le leng la mabaka a maholo ao Jesu a ileng a tla lefatšeng ka ’ona e ne e le “ho pholosa baetsalibe.”—1 Tim. 1:15.
7, 8. Baholo ba lokela ho tataisoa ke eng litabeng tsa boahloli?
7 Mohlala oa Jesu ntlheng ee o lokela ho ama boikutlo ba rōna joang mabapi le ba lokelang ho khalemeloa ke phutheho? Hopola hore tokisetso ea Mangolo ea hore phutheho e nke khato ea boahloli, e sireletsa mohlape ’me e ka ’na ea susumelletsa mofosi ea khalemetsoeng hore a bake. (2 Bakor. 2:6-8) Hoa soabisa hore ba bang ha ba bake ’me ba lokela ho khaoloa, leha ho le joalo hoa khothatsa ho tseba hore palo e khōlō ea bona hamorao e khutlela ho Jehova le phuthehong ea hae. Ha baholo ba bontša boikutlo bo kang ba Kreste, ba thusa motho eo hore a bake le hore a qetelle a khutlile. Nakong e tlang, ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bafosi bao ba ke ke ba hopola keletso eohle ea Mangolo eo baholo ba ileng ba ba fa eona, empa ka sebele ba tla hopola hore baholo ba ile ba ba hlompha ba ba ba ba tšoara ka lerato.
8 Kahoo, baholo ba lokela ho bontša “litholoana tsa moea,” haholo-holo lerato le kang la Kreste, esita le ha mofosi a sa amohele keletso ea Mangolo. (Bagal. 5:22, 23) Le ka mohla ha baa lokela ho potlakela ho khaola mofosi. Ba lokela ho bontša hore ba batla ha bafosi ba khutlela ho Jehova. Kahoo, ha moetsalibe a baka qetellong, joalokaha ba bangata ba baka, a ka leboha Jehova haholo le “limpho tseo e leng banna,” ba mo thusitseng hore a khutlele phuthehong.—Baef. 4:8, 11, 12.
Ho Bontša Lerato le Kang la Kreste Nakong ea Bofelo
9. Bolela mohlala oo Jesu a bontšitseng ka oona hore o rata barutuoa ba hae.
9 Luka o tlaleha ketsahalo e hlaheletseng eo ho eona Jesu a ileng a bontša lerato ka liketso. Kaha Jesu o ne a tseba hore ka mor’a nako e itseng masole a Roma a ne a tla lika-liketsa motse oa Jerusalema o neng o ahloletsoe timetso, a sitise batho ho baleha, ka lerato o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.” Ba ne ba lokela ho etsa’ng? Jesu o ile a hla a fa barutuoa ba hae litaelo tse hlakileng le tse tobileng. “Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona; hobane ana ke matsatsi a ho phethahatsa toka, e le hore lintho tsohle tse ngotsoeng li ka phethahala.” (Luka 21:20-22) Ka mor’a hore mabotho a Roma a lika-liketse Jerusalema ka 66 C.E., batho ba mamelang ba ile ba latela litaelo tsena.
10, 11. Ho nahana ka paleho ea Bakreste ba pele Jerusalema ho ka re thusa ho itokisetsa “matšoenyeho a maholo” joang?
10 Ha Bakreste ba ne ba baleha Jerusalema, ho ne ho hlokahala hore ba bontšane lerato le kang la Kreste, feela joalokaha Kreste a ne a ba bontšitse lerato. Ka sebele, ba ne ba lokela ho arolelana eng kapa eng eo ba neng ba e-na le eona. Empa boprofeta ba Jesu ha boa ka ba phethahala feela ha ho ne ho timetsoa motse oo oa boholo-holo. O ile a profeta a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Mat. 24:17, 18, 21) Pele ho ‘matšoenyeho ao a maholo’ a sa ntseng a e-tla le nakong ea ’ona, le rōna re ka ’na ra thulana le mathata ra ba ra haelloa ke lintho tseo re li hlokang. Ha re e-na le boikutlo ba kelello ba Kreste, re tla tseba ho mamella.
11 Ka nako eo, re tla lokela ho latela mohlala oa Jesu ’me re bontše lerato le se nang boithati. Tabeng ena, Pauluse o ile a eletsa a re: “E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa . . . Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”—Bar. 15:2, 3, 5.
12. Hona joale ho hlokahala hore re be le lerato la mofuta ofe, hona hobane’ng?
12 Petrose, eo Jesu a neng a mo rata, le eena ka tsela e tšoanang o ile a khothalletsa Bakreste hore ba be le “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi” le hore ba bontše ‘hore ba mamela ’nete.’ Ba lokela hore ba “ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:22) Kajeno, ho hlokahala hore re be le makhabane ana a kang a Kreste, ho feta neng kapa neng. Hona joale, mathata a hlahelang batho bohle ba Molimo a ntse a tota. Ha ho motho ea lokelang ho beha tšepo karolong efe kapa efe ea lefatše lena, joalokaha molubalube o teng hona joale tsamaisong ea lichelete ea lefatše o se o ntse o bontša ka ho hlaka. (Bala 1 Johanne 2:15-17.) Ho e-na le hoo, ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela, re lokela ho ba le kamano e haufi le Jehova hammoho le ba bang, re sebeletse hore re be le setsoalle sa ’nete ka phuthehong. Pauluse o ile a eletsa a re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Bar. 12:10) Ho feta moo, Petrose o ile a hatisa ntlha ena ho ea pele, a re: “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Pet. 4:8.
13-15. Bara ba bang babo rōna ba bontšitse lerato le kang la Kreste joang ka mor’a likoluoa?
13 Lefatšeng lohle, Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho bontša lerato la ’nete le kang la Kreste. Nahana ka Lipaki tse ileng tsa ithaopa ka mor’a lifefo le maholiotsoana a ileng a senya libaka tse khōlō tse karolong e ka boroa ea United States ka 2005. Ka lebaka la ho susumetsoa ke mohlala oa Jesu, tse fetang 20 000 li ile tsa ithaopa, ’me boholo ba tsona bo ile ba siea matlo a nang le lintho tse khotsofatsang le mesebetsi e tsitsitseng e le hore li ka ea thusa barab’abo tsona ba mahlomoleng.
14 Sebakeng se seng, metsi a sefefo a ile a kenella hare ho naha ka lik’hilomithara tse 80, ’me a le bophahamo ba limithara tse 10. Ha metsi a kokobela, karolo ea boraro ea matlo le mehaho e meng e neng e le tseleng ea sona e ile ea senyeha ka ho feletseng. Baithaopi ba Lipaki ba tsoang linaheng tse ngata, ba ile ba fihla sebakeng seo ba e-na le tsebo, lisebelisoa le thepa ea ho haha ’me ba ne ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o hlokahalang. Barali ba motho ba babeli ba bahlolohali, ba ile ba phutha thepa ea bona ba e kenya ka veneng e khōlō eaba ba khanna sebaka se fetang lik’hilomithara tse 3 000 ho ea thusa. E mong oa bona o setse sebakeng seo, o ntse a thusa komiti ea moo ea liphallelo ebile o sebetsa e le pula-maliboho oa kamehla.
15 Sebakeng seo, ho hahiloe bocha kapa ho tsositsoe matlo a Lipaki le a batho ba bang a ka holimo ho 5 600. Lipaki tsa sebakeng seo li ile tsa ikutloa joang ha li bontšoa lerato leo le tsotehang? Morali e mong oabo rōna eo ntlo ea hae e neng e senyehile o ne a falletse ka k’haraveneng e nang le marulelo a nelang le setofo se senyehileng. Barab’abo rōna ba ile ba mo hahela ntlo ea boemo bo lekaneng empa e le e nang le lintho tse hlokahalang. Ha a ntse a eme ka pel’a ntlo ea hae e ncha e ntle, o ile a lla ha a leboha Jehova le barab’abo. Maemong a mang a mangata, Lipaki tsa sebakeng seo tse neng li tlohile mahaeng a tsona, li ile tsa lula selemo kapa ho feta libakeng tsa bolulo tsa nakoana ka mor’a hore matlo a tsona a tsosoe. Hobane’ng? E le hore matlo a tsona a macha a ka sebelisoa ke basebetsi ba li phalletseng. Ke mohlala o motle hakaakang oa ho bontša boikutlo ba kelello ba Kreste!
Ho Bontša Boikutlo ba Kreste ho ba Kulang
16, 17. Re ka bontša boikutlo ba kelello ba Kreste ka litsela life ho ba kulang?
16 Ke ba fokolang haholo har’a rōna ba kileng ba hlaheloa ke koluoa e khōlō ea tlhaho. Empa hoo e ka bang e mong le e mong oa rōna o tla tobana le mathata a ho kula, ebang ho tla kula eena kapa e mong oa lelapa. Boikutlo ba kelello boo Jesu a ileng a bo bontša ho batho ba kulang ke mohlala ho rōna. Lerato la hae le ne le mo susumelletsa ho ba qenehela. Ha matšoele a ne a tlisa bakuli ba ’ona ho eena, o ne a “phekola bohle ba neng ba ea hampe.”—Mat. 8:16; 14:14.
17 Kajeno, Bakreste ha ba na matla ao Jesu a neng a e-na le ’ona a ho folisa ka mohlolo, empa joaloka eena, ba utloela batho ba kulang bohloko. See ba se bontša joang? Bopaki bo bong ke ba hore baholo ba bontša hore ba na le boikutlo ba kelello ba Kreste ka ho etsa le ka ho laola litokisetso tsa ho thusa ba kulang ka phuthehong, ba latela mokhoa o boletsoeng ho Matheu 25:39, 40.a (E bale.)
18. Barali babo rōna ba babeli ba ile ba bontša e mong lerato la sebele joang, hona e le ka liphello life?
18 Ha e le hantle, ha ho hlokahale hore motho e be moholo e le hore a etsetse ba bang lintho tse molemo. Nahana ka taba ea Charlene ea neng a le lilemo li 44, ’me a tšoeroe ke kankere, a bile a boleletsoe hore o saletsoe ke matsatsi a leshome a phela. Ha Sharon le Nicolette ba bona hore ho hlokahala thuso, ’me ba bona le kamoo monna oa hae ea mo ratang a neng a sokola kateng ha a mo hlokomela, ba ile ba ithaopela ho mo thusa ka linako tsohle matsatsing a hae a ho qetela. Matsatsi ao a ile a fetoha libeke tse tšeletseng, empa barali bana babo rōna ba babeli ba ile ba bontša lerato ho fihlela qetellong. Sharon o re, “Ho thata ha u tseba hore motho a ke ke a fola. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re matlafatsa. Ketsahalo ena e ile ea etsa hore re be le kamano e mofuthu haholo le eena ’me e ile ea etsa hore le rōna ka borōna re be le kamano e mofuthu le ho feta.” Monna oa Charlene o re: “Kamehla ke tla hopola tsela e mosa eo barali bana babo rōna ba babeli ba ratehang ba ileng ba re thusa ka eona. Sepheo sa bona se setle le maikutlo a bona a matle a ile a etsa hore mosali oa ka ea tšepahalang, Charlene, a khone ho mamella teko ena ea hae ea ho qetela ’me sena se ile sa nkimolla ’meleng le kelellong. Ke tla ba leboha ke sa phetse. Boitelo ba bona bo matlafalitse tumelo ea ka ho Jehova le lerato la ka mokhatlong oohle oa bara ba motho.”
19, 20. (a) Re tšohlile lintlha life tse hlano tse amanang le boikutlo ba kelello ba Kreste? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?
19 Lihloohong tsena tse tharo, re tšohlile lintlha tse hlano tse amanang le boikutlo ba kelello ba Jesu le kamoo re ka etsisang mokhoa oa hae oa ho nahana le tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. E se eka re ka ba ‘le maikutlo a bonolo ’me ra ikokobetsa pelong,’ joaloka Jesu. (Mat. 11:29) E se eka le rōna re ka loanela ho tšoara batho ba bang ka mosa, esita le ha ho se phethahale ha bona le bofokoli ba bona bo totobetse. Ka sebete a re mameleng litaelo tsohle tsa Jehova, esita le har’a liteko.
20 Qetellong, a re bontšeng bara bohle babo rōna lerato le kang la Kreste, joalokaha Kreste ka boeena a ile a le bontša, “ho isa bofelong.” Lerato le joalo le bontša hore re balateli ba ’nete ba Jesu. (Joh. 13:1, 34, 35) Ka sebele, “lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.” (Baheb. 13:1) U se ke ua ba leqe! Sebelisa bophelo ba hao hore u rorise Jehova le hore u thuse batho ba bang! Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao bo etsoang ka tieo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Etsa Ho Fetang Ho Re: ‘Le Futhumale, le Khore’” Molula-Qhooeng oa October 15, 1986.
Na U ka Hlalosa?
• Baholo ba ka bontša boikutlo ba kelello ba Kreste joang ho bafosi?
• Ke hobane’ng ha ho etsisa lerato la Kreste e le habohlokoa haholo nakong ee ea bofelo?
• Re ka bontša boikutlo ba kelello ba Kreste joang ho ba kulang?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Baholo ba batla hore bafosi ba khutlele ho Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bakreste ba neng ba tloha Jerusalema ba ile ba bontša boikutlo ba kelello ba Kreste joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho bontša lerato le kang la Kreste