Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 9/15 maq. 3-6
  • Bolumeli—Ke Ikhethetse Kapa Batsoali ba Nkhethetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli—Ke Ikhethetse Kapa Batsoali ba Nkhethetse?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikarabelo ba Bana
  • Boikarabelo ba Batsoali
  • Boikarabelo ba Phutheho
  • U Lokela ho Ikhethela
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 9/15 maq. 3-6

Bolumeli​—Ke Ikhethetse Kapa Batsoali ba Nkhethetse?

NAHENG ea Poland batho ba bangata ba re ho Lipaki Tsa Jehova, “Ke tsoaletsoe bolumeling ba ka, ’me ke tla shoella ho bona.” Sena se bolela hore ba nahana hore bolumeli ke lefa leo moloko o mong o le fetisetsang ho o mong. Na u ee u fumane hore batho ba na le maikutlo a joalo ka bolumeli sebakeng sa heno? Hangata ho etsahala’ng ka lebaka la maikutlo a joalo? Bolumeli bo qetella bo fetohile tloaelo kapa moetlo oa lelapa feela. Na see se ka etsahalla bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ileng ba fumana lefa la bohlokoa la moea ho batsoali ba bona kapa ho bo-nkhono kapa ho bo-ntat’a bona moholo?

Ha hoa ka ha e-ba joalo ho Timothea, eo ’mè oa hae le nkhono oa hae ba inehetseng ba ileng ba mo susumelletsa hore a be le tumelo ho Molimo oa ’nete ’me a mo rate. “Ho tloha boseeng” Timothea o ne a tseba lingoliloeng tse halalelang. Ha nako e ntse e e-ea, Timothea, hammoho le ’mè oa hae le nkhono oa hae, o ile a kholiseha hore Bokreste e ne e le ’nete. O ile a ‘susumelletsoa hore a lumele’ seo a se utloileng Mangolong mabapi le Jesu Kreste. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Kahoo, le hoja batsoali ba Bakreste kajeno ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa bana ba bona hore e be bahlanka ba Jehova, bana ka bobona ba tlameha ho lakatsa ho mo sebeletsa.—Mar. 8:34.

Ngoana e mong le e mong o lokela ho susumetsoa ka mabaka a utloahalang hore a lumele, e le hore a tle a sebeletse Jehova hobane a mo rata ’me a lule a tšepahala ho sa tsotellehe se ka etsahalang. Ka tsela eo, tumelo ea hae e tla tiea ’me e mele ka metso.—Baef. 3:17; Bakol. 2:6, 7.

Boikarabelo ba Bana

Albert,a ea hōletseng lelapeng la Lipaki, o re ha a hlalosa: “Haesale ke lumela hore bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova ke ba ’nete, empa ke ne ke thatafalloa ke ho lumela seo li neng li se bua mabapi le tsela eo ke neng ke lokela ho phela ka eona.” Haeba u mocha, e ka ’na eaba u na le maikutlo a tšoanang le a hae. Etsa boiteko ba ho hlahloba hore na tsela eo Molimo a batlang hore re phele ka eona e akarelletsa eng, ebe u thabela ho etsa thato ea hae. (Pes. 40:8) Albert o re: “Seo ke ileng ka se etsa feela ke ho qala ho rapela. Qalong ho ne ho le thata. Ke ile ka tlameha ho iqobella hore ke etse joalo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e seng kae, ke ile ka hlokomela hore nka ba oa bohlokoa mahlong a Molimo haeba ke ne ke leka ho etsa se nepahetseng. Sena se ile sa ntsosa molota hore ke etse liphetoho tse hlokahalang.” Ha u sebeletsa ho ba le kamano e haufi le Jehova, u ka ba le takatso ea hore u etse seo a batlang hore re se etse.—Pes. 25:14; Jak. 4:8.

Nahana ka papali eo u kileng ua e bapala, joaloka morabaraba kapa papali leha e le efe. Haeba u sa tsebe melao kapa u sa tsebe ho e bapala hantle, mohlomong e tla u tena. Empa, haeba u ithutile melao ea eona ebile u ipabola ho eona, na u ne u ke ke ua chesehela ho e bapala, u be u iphe nako ea ho e bapala? Ho joalo le ka mesebetsi ea Bokreste. Kahoo, etsa boikhathatso ba ho lokisetsa liboka tsa Bokreste. Ikakhele ka setotsoana ho tsona. Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, mohlala oa hao o ka ba oa khothatsa batho ba bang!—Baheb. 10:24, 25.

Ho joalo le tabeng ea ho bolella ba bang ka seo u se lumelang. U lokela ho etsa sena hobane u rata, eseng hobane u qobelloa. Ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho bolella ba bang ka Jehova? Ke hobane’ng ha ke mo rata?’ U lokela ho tseba hore Jehova ke Ntate ea lerato. O ile a bua tjena a sebelisa Jeremia: “Le tla mpatla ’me le mphumane, etsoe le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lōna.” (Jer. 29:13, 14) See se ka ’na sa hloka hore u etse’ng? Jakub o re: “Ke ile ka lokela ho fetola tsela eo ke neng ke nahana ka eona. Ho tloha ha ke sa le ngoana, ke ne ke e-ea libokeng le tšimong, empa ke ne ke etsa lintho tsena ho phetha molao feela. Ha ke se ke tseba Jehova hantle ’me ke e-na le kamano e haufi le eena, e ile ea e-ba hona ke ikakhelang ka setotsoana ’neteng.”

Hore u be le metsoalle e molemo le e khothatsang ho itšetlehile haholo ka hore na u thabela tšebeletso ea hao hakae. Maele a bululetsoeng a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liprov. 13:20) Kahoo, etsa setsoalle le batho ba hahamallang lipakane tsa moea ’me ba thabela ho sebeletsa Jehova. Jola o re: “Ke ile ka khothatsoa ke ho ba le setsoalle le bacha ba bangata ba nkang lintho tsa moea ka ho teba. Ke ile ka qala ho kopanela kamehla tšebeletsong ke thabile haholo.”

Boikarabelo ba Batsoali

Jola o re: “Ke leboha batsoali ba ka haholo hore ebe ba ile ba nthuta ka Jehova.” Ka sebele, batsoali ba ka susumetsa bana ba bona haholo mabapi le hore na ba khetha ho etsa’ng bophelong. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: ‘Lōna, bo-ntate, le tsoele pele ho hōlisa bana ba lōna ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’ (Baef. 6:4) Keletso ena e bululetsoeng e bontša ka ho hlaka hore boikarabelo ba batsoali ke ho ruta bana ba bona litsela tsa Jehova, eseng tsa bona. Ho e-na le ho susumetsa bana ba hao hore ba etse seo e ka ’nang eaba u ne u batla ho se finyella, e ne e ka ba hantle hakaakang hore u ba thuse hore sepheo sa bona bophelong e be ho phela ka tsela e lumellanang le merero ea Jehova!

U ka ruta bana ba hao mantsoe a Jehova ka ho pheta-pheta ’me “u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” (Deut. 6:6, 7) Ewa le Ryszard, ba nang le bara ba bararo, ba re: “Re ne re atisa ho bua ka mefuta e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng.” See se ile sa hlahisa litholoana life? Ba re: “Bashanyana ba ile ba batla ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba sa ntse ba le banyenyane, ea e-ba bahoeletsi ’me qetellong ba iketsetsa qeto ea hore ba kolobetsoe. Hamorao, ba ile ba etsa tšebeletso ea nako e tletseng.”

Ke habohlokoa haholo hore batsoali ba behe mohlala o motle. Ryszard o re, “Re ne re ikemiselitse hore re se ke ra phela bophelo ba boikaketsi, ka hore re itšoare ka tsela e itseng ha re le lapeng empa re itšoare ka e fapaneng ha re le phuthehong.” Kahoo, ipotse: ‘Bana ba ka ba bona eng tseleng eo ke phelang ka eona? Na baa bona hore ke rata Jehova e le kannete? Na ba hlokomela lerato lee lithapelong tsa ka le lenaneong la ka la thuto ea botho? Na ba le bona tseleng eo ke ikutloang ka eona ka tšebeletso ea tšimo, boithabiso le lintho tse bonahalang le ho seo ke se buang ka litho tse ling tsa phutheho?’ (Luka 6:40) Bana ba tla hlokomela tsela eo u phelang ka eona letsatsi le leng le le leng ’me ba tla bona haeba u etsa se fapaneng le seo u se buang.

Taeo ke ea bohlokoa tabeng ea ho hōlisa bana. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re bolella hore re ‘koetlise moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng.’ (Liprov. 22:6) Ewa le Ryszard ba re, “Re ne re ipha nako ea ho khannela ngoana ka mong thuto ea Bibele.” Ho hlakile hore batsoali ke bona ba tla etsa qeto ea hore na hoa hlokahala ho khannela ngoana ka mong thuto ea hae a le mong kapa che. Ho sa tsotellehe hore na ba etsa qeto efe, ngoana e mong le e mong o lokela ho tšoaroa ka tsela e fapaneng le ea ba bang. Sena se hloka hore batsoali ba fetohe le maemo ba be ba nahanele ngoana. Ka mohlala, ho e-na le ho bolella ngoan’a hao feela hore ’mino o itseng ha oa loka, ho ka ba joang ha u ka mo bontša hore na a etse liqeto tse bohlale joang le hore na melao-motheo ea Bibele e re’ng?

Bana ba hao ba ka ’na ba tseba hantle hore na u lebeletse hore ba etse’ng ’me ho ka ’na ha bonahala eka ba etsa seo u se batlang. Leha ho le joalo, u lokela ho ba finyella lipelo. Hopola hore “morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.” (Liprov. 20:5) E-ba seli, hlokomela matšoao a bothata leha e le bofe boo e ka ’nang eaba bo ipatile pelong ea ngoana oa hao, ’me u nke khato hang-hang. Ho e-na le ho ba tšoaea liphoso, ba bontše hore u amehile ka bona ’me u ba botse lipotso tse loketseng. Empa u be hlokolosi hore u se ke ua ba fata lipotso ho tlōla tekano. Ha u ba tsotella e le kannete, u tla ba finyella lipelo ’me u tla khona ho ba thusa.

Boikarabelo ba Phutheho

Kaha u mohlanka oa Molimo, na u ka thusa bacha ba ka phuthehong hore ba ananele lefa la moea leo ba le fumaneng? Le hoja ho koetlisa bana e le boikarabelo ba batsoali, litho tse ling tsa phutheho, haholo-holo baholo, li ka ba tšehetsa. Ke habohlokoa le ho feta ho thusa bana bao batsoali ba bang ba bona ba sa lumelang.

Baholo ba ka etsa’ng ho thusa bacha hore ba rate Jehova ’me ba ikutloe hore ke ba bohlokoa ebile baa ratoa? Mariusz, eo e leng moholo phuthehong e ’ngoe ea Poland, o re: “Baholo ba lokela ho lula ba buisana le bacha. Ha baa lokela ho buisana le bona ha ho hlahile mathata feela empa le maemong a mang—a kang ha ba le tšimong, ka mor’a liboka, kapa ha ba qhanolotse feela.” E ka ba hantle hore u botse bacha hore na maikutlo a bona ke afe ka phutheho. Haeba u buisana le bacha ka tsela e joalo e phutholohileng, seo se tla etsa hore ba rate phutheho ’me ba ikutloe hore ke litho tsa eona.

Haeba u moholo, na u etsa boiteko ba hore u tsebe bacha ba phuthehong ea heno? Le hoja Albert, eo ho builoeng ka eena pejana, e se e le moholo, o ile a thulana le mathata a fapa-fapaneng ha a sa ntse a le mocha. O re, “Ha ke sa ntse ke le mocha, ke ne ke utloa hore ke hloka ho etsetsoa leeto la bolisa.” Baholo ba ka boela ba bontša hore ba tsotella bacha ka hore ba ba rapelle hore ba atlehe moeeng.—2 Tim. 1:3.

Ke ntho e ntle hore bacha ba ikakhele ka setotsoana mesebetsing ea phutheho. Ho seng joalo, ba ka ’na ba hahamalla lipakane tsa lefatše. Lōna ba hōlileng, ho ka ba joang hore le sebetse le bona tšimong ’me le be metsoalle ea bona? Ipheng nako ea ho qhanolla le bacha, le etse hore ba le tšepe ’me e be metsoalle ea lōna. Jola o re: “Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho o ile a bontša hore oa ntsotella. Ke eena motho eo ke ileng ka qala ho ea tšimong le eena hobane ke ne ke hlile ke batla ho ea.”

U Lokela ho Ikhethela

Bacha, ipotseng: ‘Lipakane tsa ka ke life? Haeba ha ke e-s’o kolobetsoe, na pakane ea ka ke ho kolobetsoa?’ Ha u etsa qeto ea ho kolobetsoa, u lokela ho etsa joalo hobane u rata Jehova ka pelo ea hao eohle, eseng hobane u tlangoa ke moetlo oa lelapa.

Ka sebele, e se eka Jehova e ka ba Motsoalle oa hao oa ’nete, ’me ’nete e be letlotlo la hao. Jehova o ile a phatlalatsa sena a sebelisa moprofeta Esaia: “U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.” Jehova o tla ba le uena hafeela u lula u le motsoalle oa hae. Ruri o tla u matlafatsa ’me o tla “u tšoara ka tieo ka letsoho la [hae] le letona la ho loka.”—Esa. 41:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Leka ho hlokomela se ka pelong ea ngoana oa hao

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ha u etsa qeto ea ho kolobetsoa, u lokela ho etsa joalo hobane u rata Jehova ka pelo ea hao eohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela