Na U Beheletse Nako ka Thōko Bakeng sa ho Ithuta Bibele?
SELEMONG se fetileng, Sehlopha se Busang se ile sa re tsebisa ka phetoho kemisong ea liboka tsa phutheho, e le ho re fa nako e eketsehileng ea ho ithuta Bibele haholoanyane le ho buisana ka eona re le lelapa. Haeba u hlooho ea lelapa, etsa bonnete ba hore kamehla u khannela mosali oa hao le bana ba hao thuto ea lelapa ea Bibele eo e mong le e mong a tla rua molemo ho eona. Banyalani ba se nang bana ba lokela ho sebelisa nako ena hore ba ithute Bibele hammoho. Bara le barali babo rōna ba masoha ba se nang boikarabelo ba lelapa, ba tla khona ho sebelisa nako ena hamolemo bakeng sa ho ithuta Bibele.
Batho ba bangata ba boletse kamoo ba ananelang tokisetso ena kateng ea ho ba le mantsiboea a Borapeli ba Lelapa. Ka mohlala, Kevin, eo e leng moholo, o ile a ngola a re: “Phuthehong ea habo rōna re haelloa ke mantsoe a hore na re lebohe re re’ng. Re le baholo, re ’nile ra buisana ka hore na re sebelisa bosiu boo re se nang liboka ka bona joang e le hore re etse seo Sehlopha se Busang se kōpileng hore re se etse—e leng hore re ithute le ba malapa a rōna.”
Jodi, eo monna oa hae e leng moholo o ile a ngola a re: “Re na le barali ba bararo, ea lilemo li 15, ea lilemo li 11 le ea lilemo li 2. Re sa tsoa ea phuthehong ea puo ea matsoho. Ho hlokahala nako e ngata haholo le boikitlaetso ho lokisetsa liboka kaofela. Hona joale, ka lebaka la tokisetso ena e ncha re na le mantsiboea a mang ao ka oona re shebanang le borapeli ba lelapa feela!”
John le JoAnn, ke banyalani ba bo-pula-maliboho ba kamehla, ’me ba ile ba ngola ba re: “Hangata re ne re tšoara thuto ea rōna ea Bibele seoelo kaha re ne re e petetsa mona le mane ha re etsa mesebetsi e sa tšoaneng ea phutheho. Tokisetso ena e ncha ke mpho e tsoang ho Jehova e re khathollang moeeng—haeba re sebelisa nako ena ka tsela eo re lokelang ho e sebelisa ka eona.”
Tony, e leng mor’abo rōna oa lesoha ea ka bang lilemo li 25, o behella ka thōko mantsiboea a Labobeli e le nako eo a ithutang ka eona. O sebelisa matsatsi a mang a beke ho lokisetsa liboka tsa phutheho. Leha ho le joalo, Tony o re, “Ka ho khetheha ke tatela hore letsatsi la Labobeli le fihle.” Hobane’ng? “Mantsiboea ao, ke nako ea ka le Jehova e khethehileng.” Tony o re: “Ka lihora tse ka bang peli, ke ithuta lintho tse matlafatsang kamano ea ka le Jehova. Ho ba le nako e ngata ea ho ithuta ho mpha nako e ngata ea hore ke nahanisise ka litemana tsa Bibele tseo ke li balang.” Litholoana tsa seo ke life? “Keletso ea Jehova e ama pelo ea ka ho feta pele.” Na ho na le mohlala oo a ka fanang ka oona? “Bukeng ea Insight, ke ile ka bala ka setsoalle sa Davida le Jonathane. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ka tsela eo Jonathane a ileng a itela ka eona. Mohlala oa hae o ile oa nthusa hore ke bone ka ho hlaka hore na ho ba motsoalle oa ’nete ho bolela’ng. Ruri ke tatela ho fumana mashoetla a mang a mangata a moea a joalo mantsiboeeng a Labobeli!”
Ha ho pelaelo hore bahlanka bohle ba Jehova ba tla rua molemo o moholo ha ba sebelisa nako ena e ekelitsoeng hore ba ithute Bibele ka tsela e batsi ba be ba tšoare borapeli ba lelapa.