Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho loketse hore morali’abo rōna a roale hloohong ha a toloka lipuo tsa Bibele ka puo ea matsoho libokeng tsa Bokreste, likopanong tse khōlō kapa tse nyenyane?
Ka tloaelo, mosali oa Mokreste o lokela ho roala ha a etsa mesebetsi eo ka tloaelo e leng boikarabelo ba monna oa hae kapa ba mor’abo rōna ka hare ho phutheho. Sena se lumellana le molao-motheo o boletsoeng ke moapostola Pauluse oa hore “mosali e mong le e mong ea rapelang kapa ea profetang hlooho ea hae e sa koaheloa o tlotlolla hlooho ea hae” hobane “hlooho ea mosali ke monna.” (1 Bakor. 11:3-10) Maemong a joalo, ha morali’abo rōna a roala ntho e hlomphehang le e loketseng, seo se bontša hore o ikokobelletsa tokisetso ea puso ea Molimo ka phuthehong ea Bokreste.—1 Tim. 2:11, 12.a
Leha ho le joalo, ke sefe se lokelang ho etsoa haeba morali’abo rōna a toloka ka puo ea matsoho ha mor’abo rōna a fana ka puo? ’Nete ke hore morali’abo rōna e mpa e le toloko feela. Ka mantsoe a mang, hase eena ea rutang, mor’abo rōna eo a mo tolokelang, ke eena ea rutang. Leha ho le joalo, ho toloka ka puo ea matsoho ho fapane le ho toloka ka puo e buuoang. Ha ho tolokoa ka puo e buuoang, bamameli ba ka tsepamisa mahlo ho sebui empa ba ’na ba mamela motho ea tolokang. Hape, baralib’abo rōna ba tolokang puo e buuoang ha ba be boemong bo hlaheletseng joaloka baralib’abo rōna ba tolokang ka puo ea matsoho. Ka linako tse ling, ba ka ba ba ikhethela ho lula fatše nakong eo ba tolokang kapa haeba ba eme, ba ka ikhethela ho sheba sebui ho e-na le ho sheba bamameli. Ka lebaka leo, ho ke ke ha hlokahala hore morali’abo rōna ea tolokang ka puo e buuoang a roale hloohong.
Ho phaella moo, ka lebaka la tsoelo-pele ea theknoloji e sebelisoang ha ho tolokoa lipuo ka puo ea matsoho, motho ea tolokang a ka ’na a hlahella haholo. Hangata screen se seholo se bontša setšoantšo sa motho ea tolokang, athe sebui sona ka linako tse ling bamameli ba ka ’na ba se ke ba se bona le ho se bona. Ka lebaka leo, ho bonahala e le ho loketseng hore morali’abo rōna ea tolokang ka puo ea matsoho a roale hloohong ho bontša hore o amohela karolo e tlaasana eo a e phethang ea ho toloka.
Tataiso ee e ntlafalitsoeng e ama joang ho tolokoa ha lipuo ka puo ea matsoho Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ho tolokoa ha lipontšo le likarabo tse fanoang Thutong ea Bibele ea Phutheho, Sebokeng sa Tšebeletso le Thutong ea Molula-Qhooa? Na morali’abo rōna ea tolokang ka puo ea matsoho maemong a joalo le eena o lokela ho roala hloohong? Ho bonahala eka maemong a mang ha ho hlokahale hore morali’abo rōna a roale hloohong, kaha batho bohle ba teng ba tla utloisisa hore hase eena ea hlileng a tsamaisang seboka. Ka mohlala, sena se ka etsahala ha a toloka likarabo tsa bamameli, lipuo tse fanoang ke baralib’abo rōna kapa lipontšo. Leha ho le joalo, ha a tolokela barab’abo rōna ba fanang ka lipuo libokeng tsena, le ha a tolokela mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa kapa oa Thuto ea Bibele ea Phutheho, kapa a toloka ka puo ea matsoho ha ho binoa, o lokela ho roala hloohong. Nakong ea seboka, morali’abo rōna a ka ’na a lokela ho tolokela barab’abo rōna, baralib’abo rōna, bana le baholo. Ka lebaka la sena, ho ka ’na ha e-ba molemo hore morali’abo rōna a roale nakong eohle ea seboka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u fumane tlhaloso e qaqileng mabapi le taba ea hore basali ba Bakreste ba roale hloohong, sheba leqephe la 209 ho ea ho 212 la buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”