Tsa Bacha
Molimo ha a Khetholle Batho
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Korneliase le Petrose
Kakaretso: Petrose o etsisa ho se khetholle batho ha Molimo ka hore a bolelle Korneliase, eo e neng e le Molichaba, litaba tse molemo.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA LIKETSO 10:1-35, 44-48.
Hlalosa kamoo u nahanang hore Korneliase o ne a shebahala kateng.
․․․․․
U utloa eka Korneliase o ne a ikutloa joang ha a buisana le lengeloi, joalokaha ho tlalehiloe temaneng ea 3 ho ea ho ea 6?
․․․․․
U nahana hore Korneliase le bahlanka ba hae ba ile ba buisana ka eng, joalokaha ho hlalositsoe ka tsela e sa tobang temaneng ea 7 le ea 8?
․․․․․
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Ke hobane’ng ha seo Petrose a ileng a se bontšoa temaneng ea 10 ho ea ho 16 se ile sa mo thusa? (Ntlha e thusang: Nahana ka semelo sa Petrose sa ho ba Mojuda, joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 14.)
․․․․․
Ke tšobotsi efe eo u bonang hore Korneliase o ne a e-na le eona ho latela temana ea 25? Ke hobane’ng ha tšobotsi eo e fumaneha seoelo ho batho ba boemong ba hae? (Ntlha e thusang: Sheba temana ea 1.)
․․․․․
U sebelisa boitsebiso leha e le bofe boo u ka etsang lipatlisiso ho bona, fumana hore na ke banna ba bakae bao Korneliase a neng a ba okametse, ba neng ba etsa sehlopha sa lebotho la Mataliana.
․․․․․
Ke hobane’ng ha tšokoloho ea Korneliase ka ho khetheha e ile ea e-ba e thahasellisang?
․․․․․
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Matla ao lipapiso li nang le ’ona.
․․․․․
Ho se khetholle batho ha Molimo.
․․․․․
Tsela eo le uena u ka bontšang ka eona hore ha u khetholle batho.
․․․․․
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
․․․․․
HAEBA U SE NA BIBELE, E KŌPE HO LIPAKI TSA JEHOVA KAPA U BALE LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org