Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 11/1 leq. 4
  • Rata Batho, Eseng Chelete le Matlotlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rata Batho, Eseng Chelete le Matlotlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Khotsofala U be U Fane
    Tsoha!—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 11/1 leq. 4

Tsela ea 1

Rata Batho, Eseng Chelete le Matlotlo

BIBELE E RUTA ENG? “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”—1 Timothea 6:10.

KE’NG E ETSANG HORE HO BE THATA? Ba bapatsang ba etsa hore re se ke ra khotsofalla seo re nang le sona. Ba batla hore re phelele ho etsa chelete e le hore re khone ho reka lintho tse ncha ho feta tseo re nang le tsona, tse berete le tse khōloanyane. Chelete ea hohela ’me habonolo feela re ka iphumana re e rata. Leha ho le joalo, Bibele e re lemosa hore motho ea ratang leruo a ke ke a khotsofala le ka mohla. Morena Solomone o itse: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.

U KA ETSA’NG? Etsisa Jesu ’me u ithute ho rata batho ho feta lintho. Jesu o ne a ikemiselitse ho tela tsohle tseo a nang le tsona—esita le bophelo ba hae—hobane o ne a rata batho. (Johanne 15:13) O ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Haeba re itloaetsa ho fa ba bang nako ea rōna le lintho tseo re nang le tsona, le bona ba tla etsa se tšoanang. Jesu o ile a re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.” (Luka 6:38) Ba lelekisang chelete kapa matlotlo ba ipakela mathata a maholo le mahlomola. (1 Timothea 6:9, 10) Ka lehlakoreng le leng, motho o khotsofala e le kannete ha a rata ba bang a bile a ratoa.

Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maemo a hao u bone hore na ho na le lintho tseo u ka khonang ho li fokotsa hore u se ke ua ikimetsa bophelong? Na u ka fokotsa lintho tseo u nang le tsona kapa tseo u batlang ho ba le tsona? U ka ’na ua fumana hore ha u etsa joalo, u tla ba le nako e eketsehileng le matla a ho etsa lintho tsa bohlokoahali bophelong—e leng ho thusa batho le ho sebeletsa Molimo ea u fileng sohle seo u nang le sona.—Matheu 6:24; Liketso 17:28.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

“Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela