Tsa Bacha
Molepera oa Phekoloa!
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Naamane, Elisha le ngoanana oa Moiseraele ea sa boleloang lebitso
Kakaretso: Molaoli oa lebotho la Syria ea bitsoang Naamane o phekoloa lefu le nyonyehang ka mor’a hore ngoanana oa Moiseraele a mo khothalletse hore a ee ho Elisha.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 2 MARENA 5:1-19.
U nahana hore ngoanana oa Moiseraele o ne a ikutloa joang ka lebaka la hore o ne a nkiloe bathong ba habo ba tšabang Molimo?
․․․․․
U nahana hore Naamane o ne a tsielehile hakae—haholo ha u nahana hore e ne e le monna ea matla empa a e-na le lefu le mo fokolisang?
․․․․․
Ha u bala temana ea 11 ho ea ho ea 13, u utloa eka maikutlo a ne a le joang ha Naamane a buisana le bahlanka ba hae?
․․․․․
U lemoha phetoho efe maikutlong a Naamane ho qala temaneng ea 15?
․․․․․
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Ke lintho life tseo e ka ’nang eaba li ne li etsa hore Naamane a ikhohomose? (Bala temana ea 1 hape.)
․․․․․
U sebelisa mokhoa leha e le ofe oo u nang le oona oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka lepera la mehleng ea Bibele.a (Ka mohlala, le ne le le kotsi hakae? Na le ne le tšoaetsanoa? Le ne le folisoa joang?)
․․․․․
U nahana hore e ka ’na eaba ho folisoa ha Naamane ho ile ha ama ngoanana oa Moiseraele joang?
․․․․․
E ka ’na eaba seo Elisha a ileng a se bua e ile ea e-ba teko joang ho Naamane? (Sheba temana ea 10.)
․․․․․
3➌ SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Likotsi tsa ho ikhohomosa.
․․․․․
Sebete sa ho bua ka tumelo ea hao.
․․․․․
Matla a Jehova a ho folisa boloetse.
․․․․․
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
․․․․․
HAEBA U SE NA BIBELE, E KŌPE HO LIPAKI TSA JEHOVA KAPA U BALE LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lefu la letlalo leo mehleng ea Bibele le neng le bitsoa lepera le akarelletsa lefu leo mehleng ena le tsejoang e le Hansen’s disease.