Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 2/1 maq. 16-17
  • Molimo ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo ke Mang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Molimo ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Sebelisa Lebitso la Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 2/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

Molimo ke Mang?

Sehlooho sena se tšohla lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Molimo ke mang?

Molimo oa ’nete ke ’Mōpi oa lintho tsohle. Bibele e re ke “Morena oa bosafeleng,” ho bolelang hore ha a na qalo ebile a ke ke a ba le qetello. (Tšenolo 15:3) Kaha Mohloli oa bophelo o tsoa ho Molimo, re lokela ho rapela eena feela.—Bala Tšenolo 4:11.

2. Molimo o joang?

Ha ho motho ea kileng a bona Molimo hobane ke Moea, ho bolelang hore bophelo ba hae bo phahametse hōle ba libōpuoa tsa nama tse phelang lefatšeng. (Johanne 1:18; 4:24) Botho ba Molimo bo bonahatsoa ke lintho tseo a li entseng. Ka mohlala, haeba re nahanisisa ka mefuta e mengata ea litholoana le lipalesa, re lemoha lerato la Molimo le bohlale ba hae. Boholo ba bokahohle bo re bontša kamoo Molimo a leng matla kateng.—Bala Baroma 1:20.

Re ka ithuta ho eketsehileng ka botho ba Molimo ka Bibeleng. Ka mohlala, e re bolella seo Molimo a se ratang le seo a sa se rateng, kamoo a tšoarang batho kateng le kamoo a etsang lintho kateng maemong a fapaneng.—Bala Pesaleme ea 103:7-10.

3. Na Molimo o na le lebitso?

Jesu o ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Le hoja Molimo a e-na le litlotla tse ngata, o na le lebitso le le leng feela. Puo ka ’ngoe e le bitsa ka tsela ea eona. Ka Sesotho re tloaetse hore ke “Jehova.”—Bala Pesaleme ea 83:18.

Lebitso la Molimo le ntšitsoe Libibeleng tse ngata ’me bakeng sa lona ha kenngoa litlotla tse kang Morena kapa Molimo. Empa ha Bibele e ne e ngoloa, lebitso la Molimo le ne le hlaha ho eona ka makhetlo a ka bang 7 000. Jesu o ile a etsa hore batho ba tsebe lebitso la Molimo ka ho le sebelisa ha a ne a ba hlalosetsa Lentsoe la Molimo. O ile a thusa batho hore ba tsebe Molimo.—Bala Johanne 17:26.

4. Na Jehova oa re tsotella?

Jehova o bontša hore oa re tsotella ka hore e be eena ka ho toba ea mamelang lithapelo tsa rōna. (Pesaleme ea 65:2) Na mahlomola a tletseng hohle a bontša hore Molimo ha a re tsotelle? Batho ba bang ba re Molimo o etsa hore re utloe bohloko e le hore a bone tumelo ea rōna, empa taba ena hase ’nete. Bibele e re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo.”—Jobo 34:10; bala Jakobo 1:13.

Molimo o hlomphile batho ka ho ba fa bolokolohi ba ho ikhethela. Na ha re thabele hore ebe re na le bolokolohi ba ho ikhethela ho sebeletsa Molimo? (Joshua 24:15) Mahlomola a mangata haholo hobane batho ba bangata ba khetha ho etsa batho ba bang hampe. Jehova o utloa bohloko haholo ha a bona liketso tseo tse hlokang toka.—Bala Genese 6:5, 6.

Haufinyane Jehova o tla sebelisa Jesu hore a tlose mahlomola ’ohle le bohle ba a bakang. Empa Jehova o na le mabaka a utloahalang a ho tlohela mahlomola ka nakoana. Sehlooho sa bo sena se tla hatisoa hamorao se tla tšohla hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola.—Bala Esaia 11:4.

5. Molimo o batla hore re etse eng?

Jehova o re bōpelletse le bokhoni ba hore re mo tsebe re be re mo rate. O batla hore re ithute seo e leng ’nete ka eena. (1 Timothea 2:4) Haeba re ithuta Bibele, re ka tseba Molimo ra ba ra mo nka e le Motsoalle oa rōna.—Bala Liproverbia 2:4, 5.

Kaha Jehova ke eena ea re fileng bophelo, re lokela ho mo rata ho feta tsela eo ka eona re ratang motho leha e le ofe. Re ka bontša Molimo hore rea mo rata ka hore re bue le eena ka thapelo le ka ho phetha seo a se batlang. (Liproverbia 15:8) Jehova o batla hore re sebelisane le batho ba bang ka lerato.—Bala Mareka 12:29, 30; 1 Johanne 5:3.

E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 1 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na ekaba ho na le lebaka le utloahalang la ho lumella mahlomola ka nakoana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela