Mopapa—Na ke “Mohlahlami oa Mohalaleli Petrose”?
KA 2002, Mopapa John Paul II o ile a ngolla mobishopo oa Limburg, Jeremane, lengolo le neng le qhela qeto eo mobishopo a neng a e entse mabapi le ho ntša mpa. Ha Mopapa a qala ho fana ka litaelo tsa hae o ile a bontša hore ke eena ea ikarabellang “boiketlong le bonngoeng ba likereke tsohle ho latela thato ea Jesu Kreste.” O ile a re o na le matla a ho fetola qeto eo mobishopo eo a neng a e entse kaha eena, joaloka mopapa, ke “mohlahlami oa Mohalaleli Petrose.”
Ho latela tlhaloso ea Roma e K’hatholike, “Kreste o ile a khetha Mohalaleli Petrose hore a okamele baapostola bohle.” Kereke e K’hatholike e boetse e bolela hore “Kreste o ile a hlophisa hore ho be le batho ba tla hlahlama Petrose boemong bona bo phahameng; ’me babishopo ba Roma ke bona bahlahlami bao.”—New Catholic Encyclopedia (2003), Volume 11, leqepheng la 495-496.
Litaba tseo ke tsa bohlokoa haholo. Na u se u kile ua hlahloba hore na ke ’nete? Ak’u nahane ka likarabo tsa lipotso tsena tse tharo: (1) Na Bibele e tšehetsa taba ea hore Petrose e bile eena mopapa oa pele? (2) Histori e ruta eng ka tšimoloho ea bapapa le ho hlahlamana ha bona? (3) Na boitšoaro le lithuto tsa bapapa li lumellana le seo ba se bolelang ha ba re ke bahlahlami ba Petrose?
Na Petrose e ne e le Mopapa oa Pele?
E le ho tšehetsa taba ea hore kereke e thehiloe ho Petrose, Mak’hatholike a ’nile a sebelisa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 16:18: “U Petrose, ’me holim’a lefika lena ke tla haha phutheho ea ka.” Ha e le hantle, mantsoe ana a ngotsoe ka Selatine marulelong a chitja ka har’a mohaho oa St. Peter’s Basilica o Roma.
Augustine, eo e neng e le Mongoli oa Boholo-holo oa Kereke ea hlomphehang haholo, ka nako e ’ngoe o ne a nahana hore phutheho e thehiloe ho Petrose. Leha ho le joalo, ho elella qetellong ea bophelo ba hae o ile a fetola maikutlo a hae ka se neng se boleloa ke Jesu tabeng ena. Bukeng e bitsoang Retractations, Augustine o ile a bontša hore kereke, ke hore phutheho ea Bokreste, e ne e thehiloe ho Jesu, eseng ho Petrose.a
Ke ’nete hore moapostola Petrose o hlahella haholo tlalehong ea Likosepele. Jesu o ile a khetha baapostola ba bararo feela—Johanne, Jakobo le Petrose—hore ba be le eena liketsahalong tse ’maloa tse ikhethang. (Mareka 5:37, 38; 9:2; 14:33) Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso oa maholimo,” tseo Petrose a ileng a li sebelisa ho bula tsela ea ’Muso—a qala ka ho bulela Bajuda le basokolohi, ea ntan’o ba Basamaria ’me qetellong ea e-ba Balichaba. (Matheu 16:19; Liketso 2:5, 41; 8:14-17; 10:45) Kaha ka tlhaho e ne e le motho ea botsoalle, ka linako tse ling Petrose e ne e e-ba ’muelli oa baapostola kaofela. (Liketso 1:15; 2:14) Empa na lintlha tsee li tšehetsa taba ea hore Petrose e ne e le eena hlooho ea phutheho ea pele?
Ke ’nete hore moapostola Pauluse o ile a ngola hore Petrose o ne a fuoe “boapostola ho ba bolotseng.” (Bagalata 2:8) Leha ho le joalo, seo Pauluse a neng a bua ka sona ha a tla bua mantsoe ao se bontša hore o ne a sa bolele hore Petrose ke eena ea tsamaisang phutheho. Pauluse o ne a bua ka karolo eo Petrose a e phethang ea ho bolela litaba tse molemo ho Bajuda.
Le hoja Petrose a ne a filoe boikarabelo bo bongata, ha ho moo ka Bibeleng a ipolelang hore ke eena hlooho ea phutheho, kapa hona ho etsetsa barutuoa kaofela liqeto. Lengolong la hae, o ile a ipitsa “moapostola” kapa “monna e moholo”—eseng ho hong ho fetang hoo.—1 Petrose 1:1; 5:1.
Histori e Ruta Eng ka Tšimoloho ea Bapapa?
Joale khopolo ea ho etsa batho bapapa e qalile neng, hona joang? Khopolo ea hore ho loketse hore motho a le mong a batle ho phahamela balumeli-’moho le eena e ile ea qala ho ba teng le pele baapostola ba e-shoa. Baapostola ba ne ba nka maikutlo ao joang?
Moapostola Petrose ka boeena o ile a bolella banna ba neng ba eteletse phutheho pele hore ba se ke ba “rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo”; ba ne ba lokela ho itlama ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong. (1 Petrose 5:1-5) Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore hona ka phuthehong, ho ne ho tla hlaha batho ba neng ba tla ‘bua lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.’ (Liketso 20:30) Ho elella bofelong ba lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne o ile a ngola lengolo leo a ileng a nyatsa ka matla morutuoa e mong ea neng a bitsoa Diotrefe. O ne a mo khalemella eng? Lebaka le leng ke hore monna eo o ne a ‘rata ho ba le sebaka sa pele’ ka phuthehong. (3 Johanne 9) Khalemelo e joalo e tsoang ho baapostola, ka nakoana e ile ea thibela kapa ea nyopisa ba neng ba e-na le takatso ea ho hlahella.—2 Bathesalonika 2:3-8.
Nakoana ka mor’a hore moapostola oa ho qetela a shoe, batho ba ile ba qala ho ipatlela bophahamo. Buka ea The Cambridge History of Christianity e re: “Ho ka etsahala hore Roma ho ne ho se na mobishopo ea ‘laolang’ ba bang pele ho lilemo tse mahareng tsa lekholong la bobeli la lilemo.” Lekholong la boraro la lilemo, mobishopo oa Roma o ile a ipeha boemong bo phahameng ka ho fetisisa, bonyane likerekeng tse itseng.b E le ho tiisa taba ea hore mobishopo oa Roma o na le matla a phahameng, ba bang ba ile ba ngola lethathamo la bahlahlami ba Petrose.
Leha ho le joalo, lethathamo lena ha le na bopaki bo bokaalo ba hore ke ’nete. Hobane’ng? Ntlha ea pele ke hore a mang a mabitso a ngotsoeng moo ha a tsejoe. Ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore motheo oa lethathamo leo o ke ke oa tšeptjoa. Joang? Esita le haeba Petrose a ile a etsa mosebetsi oa boboleli Roma, joalokaha libuka tse ling tse ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo li fana ka maikutlo ao, ha ho na bopaki ba hore e ne e le hlooho ea phutheho moo.
Bopaki bo bong bo bontšang hore Petrose e ne e se hlooho ea phutheho Roma ke ba hore ha moapostola Pauluse a ngolla Baroma, o ile a kenyelletsa letoto la mabitso a Bakreste ba moo. Empa ho hang Petrose ha a hlahe letotong leo. (Baroma 16:1-23) Haeba Petrose e ne e le hlooho ea phutheho, na re ka re mohlomong Pauluse o ile a iphapanyetsa eena feela kapa o ne a mo khella fatše?
Hape hlokomela hore nakong eo Petrose a ngolang lengolo la hae la pele le bululetsoeng, Pauluse o ile a ngolla Timothea lengolo la bobeli. Lengolong leo, Pauluse o ile a bua ka Roma ka ho toba, empa ha aa ka a bua letho ka Petrose. Ha e le hantle, Pauluse o ile a ngola mangolo a tšeletseng a le Roma ’me ho ’ona kaofela ha ho moo a buileng ka Petrose.
Lilemong tse ka bang 30 ka mor’a hore Pauluse a ngole mangolo ao a hae, moapostola Johanne o ile a ngola a mararo le buka ea Tšenolo. Mangolong ana kaofela ha ho moo Johanne a ileng a re phutheho ea Roma ke eona e hlaheletseng, kapa hona ho bua ka moeta-pele oa kereke ea neng a le boemong bo phahameng eo ho neng ho thoe ke mohlahlami oa Petrose. Bibele ka boeona, esita le bopaki ba histori, ha li tšehetse taba ea hore Petrose o ile a ipeha ho ba mobishopo oa pele oa phutheho Roma.
Na Boitšoaro le Lithuto Tsa Bapapa li Lumellana le Seo ba se Bolelang?
Re tla be re sa fosa haeba re lebeletse hore motho ea ipitsang “mohlahlami oa Mohalaleli Petrose” kapa “Lenģosa la Kreste” a latele boitšoaro le lithuto tsa Petrose hammoho le Kreste. Ka mohlala, na Petrose o ne a amohela ho tšoaroa ka tsela e khethehileng ke balumeli ba bang? Che. O ile a hana ho tšoaroa ka tsela leha e le efe e khethehileng e bontšang ho hlomphuoa ka tsela ea borapeli. (Liketso 10:25, 26) Ho thoe’ng ka Jesu? O ile a re o tletse ho tla sebeletsa ba bang, eseng ho sebeletsoa. (Matheu 20:28) Empa bapapa bona tlaleho e re’ng ka bona? Na ba qoba ho hlahella, ho fuoa litlotla tse phahameng haesita le ho etsa mponeng ka maruo le matla ao ba nang le ’ona?
Petrose hammoho le Kreste e ne e le batho ba lokileng ba neng ba khothalletsa khotso. Bapisa tlaleho ea bona le seo encyclopedia ea K’hatholike e bitsoang Lexikon für Theologie und Kirche (Buka e hlalosang Tsa Bolumeli le Kereke) e se buang ka Mopapa Leo X: “Kaha o ne a kene lipolotiking, a lula a etsa lintho tse itseng ka leeme molemong oa ba habo kapa metsoalle ea hae, a bile a phelela menate ea lefatše lena, Leo X o ile a hlokomoloha mesebetsi ea bohlokoa eo a neng a lokela ho e phetha ea lintho tsa moea.” Karl Amon, moprista oa K’hatholike ebile e le moprofesa oa histori ea kereke, o re litlaleho tse netefalitsoeng mabapi le Mopapa Alexander VI li bontša hore “o ne a etsa lintho tse ngata tsa bolotsana, a sebelisa matla hampe, a rekisa maemo kerekeng a bile a sa itšoara hantle.”
Ho thoe’ng ka lintho tse rutoang ke bapapa? Li joang ha li bapisoa le se neng se rutoa ke Petrose le Kreste? Petrose o ne a sa lumele hore motho e mong le e mong ea lokileng o ea leholimong. Ha a bua ka Morena Davida ea lokileng, o ile a re ka ho hlakileng: “Davida ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Liketso 2:34) Hape Petrose ha aa ka a ruta hore masea a lokela ho kolobetsoa. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore kolobetso ke bohato boo molumeli a bang hlokolosi haholo ha a bo nka.—1 Petrose 3:21.
Jesu o ile a ruta hore ha ho na morutuoa oa hae ea lokelang ho leka ho phahamela ba bang. Jesu o itse: “Haeba leha e le mang a batla ho ba oa pele, e tla ba oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.” (Mareka 9:35) Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a fa balateli ba hae taelo ena e hlakileng: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.” (Matheu 23:1, 8-10) Na u nahana hore bapapa ba tšoareletse lithutong tsa Petrose le Kreste?
Ba bang ba re ho lokela ho lule ho e-na le mopapa esita le haeba a sa phele ka tsela e tšoanelang Mokreste. Na u nahana hore seo sea utloahala? Jesu o itse: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, kapa sefate se bolileng sa hlahisa litholoana tse ntle.” Ho latela bopaki bo fanoeng, na u nahana hore Petrose kapa Kreste ba ne ba ka batla ho amahanngoa le litholoana tse hlahisoang ke bapapa?—Matheu 7:17, 18, 21-23.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Puisano ea Jesu le Petrose e ne e le mabapi le ho khetholla Jesu le karolo eo a e phethang, eseng karolo e neng e tla phethoa ke Petrose. (Matheu 16:13-17) Hamorao Petrose ka boeena o ile a bontša hore Jesu e ne e le eena lefika leo phutheho e thehiloeng holim’a lona. (1 Petrose 2:4-8) Moapostola Pauluse o ile a tiisa hore Jesu ke eena “lejoe la sekhutlo la motheo” la phutheho ea Bokreste, eseng Petrose.—Baefese 2:20.
b Jesu hammoho le baapostola ba ile ba lemosa hore phuthehong ea Bokreste ho ne ho tla ba le batho ba rutang thuto ea bakoenehi. (Matheu 13:24-30, 36-43; 2 Timothea 4:3; 2 Petrose 2:1; 1 Johanne 2:18) Mantsoe ao a bona a ile a phethahala ha kereke, kapa phutheho ea lekholong la bobeli la lilemo, e qala ho amohela mekhoa ea bohetene le ho kopanya thuto ea Bibele le filosofi ea Bagerike.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Na bopaki bo bontša hore bapapa ba latetse mohlala oa Petrose?