Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 11/1 maq. 30-31
  • Ba Pholosoa Sebōping sa Mollo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Pholosoa Sebōping sa Mollo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bohlale bo Ja Beng ba Bona!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Hobane’ng ha Lefatše e se e se Paradeise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 11/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Ba Pholosoa Sebōping sa Mollo!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Shadrake, Meshake, Abednego le Nebukadnezare

Kakaretso: Tumelo ea bacha ba bararo ba Baheberu ea lekoa.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA DANIELE 3:1-30.

Hlalosa melumo eo u e “utloileng” ha u ne u bala temana ea 3-7?

․․․․․

U nahana hore sebōpi sa mollo se ne se le joang?

․․․․․

U nahana hore Nebukadnezare o ne a ikutloa joang ha a fana ka taelo ea hore sebōpi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ho neng ho tloaelehile? (Bala temana ea 19 le ea 20 hape.)

․․․․․

Hlalosa kamoo u nahanang hore monna oa bone ea neng a le ka mollong o ne a shebahala kateng. (Bala temana ea 24 le ea 25 hape.)

․․․․․

Ke litšobotsi life tseo u li hlokomelang ho Shadrake, Meshake le Abednego ha ba araba Nebukadnezare temaneng ea 16-18?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana hore na setsoe se sekae, ebe u sebetsa lipalo ho fumana hore na setšoantšo se neng se entsoe ke Nebukadnezare se ne se le bophahamo le bophara bo bokae. (Bala temana ea 1 hape.)

․․․․․

Ha u bapisa temana ea 19 le 20 le ea 28 le 29, ho bonahala eka Nebukadnezare e ne e le motho oa mofuta ofe?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Ho hlompha ba etellang pele.

․․․․․

Bohlokoa ba ho ema u tiile ho seo u se lumelang.

․․․․․

Kamoo Jehova a re thusang kateng linakong tsa ha re lekoa.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Ke maemong afe ao ho ’ona tumelo ea hao e ka ’nang ea lekoa?

․․․․․

Tlaleho ee ea Shadrake, Meshake le Abednego e tla u thusa joang hore u lule u tšepahala?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa U bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela