Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 1/1 maq. 12-15
  • Moo Meeli e sa Reng Letho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moo Meeli e sa Reng Letho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonngoe Phuleng e Arohantsoeng
  • Motheo oa Maqhama a Matla
  • Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 1/1 maq. 12-15

Moo Meeli e sa Reng Letho

Lipaki Tsa Jehova li leka ka hohle hore ho se be le meeli pakeng tsa batho. Li latela molao-motheo oo Jesu a o behetseng balateli ba hae, o reng: “Bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) Sena se bonahala hantle libakeng tse peli tseo Lipaki li bang le litšebeletso tsa borapeli ho tsona—se seng se Portugal ha se seng se le Spain.

MARAKO a potolohileng motse oa Valença do Minho, o ka leboea ho Portugal, a ile a hahuoa linakong tse kotsi. Litora tsa oona tsa ho lebela li okametse Nōka ea Minho, e leng moeli o arolang Spain le Portugal. Ka mose ho nōka ke motse oa Tui, o Spain, o nang le kereke e khōlō e kang qhobosheane. Marako a pele a sireletsang Tui le Valença ke a lekholong la bo17 la lilemo, ha Spain le Portugal li ne li loana.

Ka 1995, maliboho le ho laoloa ha thepa e kenang le e tsoang pakeng tsa linaha tsena tse peli tsa European Union, li ile tsa felisoa. Empa batho ba ke ke ba kopanngoa feela ka ho tlosa maliboho. Ho boetse ho ama likelello le lipelo. Valença ho na le mohaho o monyenyane o motle o bontšang hore na meeli e arolang batho e ka felisoa joang. Ke sebaka sa borapeli—Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova—e sebelisoang ke liphutheho tsa Lipaki tsa Masepanishe le tsa Mapotoketsi.

Taba ena e ile ea qala ka 2001, ha Lipaki tsa Tui li ne li hloka Holo ea ’Muso e ncha. Li ne li lokela ho tsoa sebakeng seo li neng li se hirile ’me li ne li se na chelete e lekaneng hore li hahe holo e ncha. Li ne li sa khone le ho hira sebaka se seng, kaha phutheho eo e ne e se khōlō. Kahoo Lipaki tsena tsa Masepanishe li ile tsa kōpa tsa habo tsona tsa Mapotoketsi tse Valença hore na li ka li lumella hore li kopanele holo le tsona, e lik’hilomithara tse seng kae feela ho tloha bohareng ba Tui.

Eduardo Vila, eo e leng setho sa Phutheho ea Tui e Spain, ha a hopola o re: “Re ile ra etsa qeto sebokeng se neng se tšoeroe ka December 2001. Ke ile ka hlokomela ha ke tsoa sebokeng seo hore Jehova o ne a amme lipelo tsa barab’abo rōna ba Mapotoketsi. Ba ne ba itetse ka ho feletseng hore ba hahe Holo ea ’Muso e ntle ’me ho ne ho matlafatsa tumelo ho bona kamoo ba neng ba ikemiselitse kateng ho arolela ba bang seo ba nang le sona.”

Américo Almeida, e leng Paki ea Lepotoketsi e neng e le teng sebokeng sona seo, o re: “Re ile ra amohela barab’abo rōna ba Masepanishe Holong ea rōna ea ’Muso. Re ne re tšepa hore Jehova o tla hlohonolofatsa tokisetso ena ’me kaofela re ile ra lumellana ka qeto eo.” Lipaki tse tsoang mahlakoreng a meeli eo ka bobeli li utloana haholo. Paolo ea lulang Valença o re: “Ho ka bonahala ho makatsa, empa ha re hlokomele le hore re tsoa linaheng tse peli tse fapaneng. Re mpa re le bara ba motho feela ba moea.”

Ntho e ’ngoe eo baeti ba potlakelang ho e hlokomela ka Holong ea ’Muso ke lioache tse peli tse tšoanang tse leboteng le morao, tse fapaneng ka linako. Spain e siea Portugal ka hora e le ’ngoe, empa ho fapana ha linako ke eona feela ntho e bontšang phapang pakeng tsa bona Holong ea ’Muso. Ha mohaho o ne o hloka ho lokisoa, Komiti ea Kaho ea Lebatooa e Spain, e ile ea tsamaisa mosebetsi o neng o etsoa ke basebetsi ba mafolofolo ba liphutheho tseo ka bobeli. Ha Paolo a hopola o re: “Batho ba bangata ba nang le tsebo ea mesebetsi e fapaneng ba ile ba tla ba tsoa Spain ho tla re thusa, ba bang ba tsoa bohōle ba limaele tse fetang 100 [lik’hilomithara tse fetang 160]. Mosebetsi oo o ile oa tiisa maqhama a lerato pakeng tsa liphutheho tsena.”

A re ke re hlahlobe mohlala oa bobeli oa ho hlōla bothata bo bakoang ke meeli.

Bonngoe Phuleng e Arohantsoeng

Puigcerdá ke motse oa Spain o arolelanang moeli le Fora. O khubung ea phula e tlokomang e potiloeng ke lithaba tse khōlō tsa Pyrenees. Phula eo kaofela e bitsoang Cerdaña, pele e ne e le karolo ea Spain. Empa ka 1659, selekaneng sa khotso se ileng sa bitsoa Selekane sa Pyrenees, Spain e ile ea fa naha ea Fora halofo ea phula eo.

Kajeno, batho ba Fora ba reka Puigcerdá, e leng motse-moholo oa phula eo. Ho tloha ka 1997, Lipaki Tsa Jehova tsa Puigcerdá le tsona li ile tsa lumella balumeli-’moho ba Fora hore ba sebelise Holo ea tsona ea ’Muso. Selemong sona seo, Lipaki tsa Fora li ne li lokela ho tloha sebakeng seo li neng li se hirile. Holo ea ’Muso ea Fora e neng e le haufi, e ne e le bohōle ba ho tsamaea hora ka koloi, ’me mariha lithaba tse khōlō tseo batho bao ba neng ba lokela ho feta ho tsona hangata li koaheloa ke lehloa.

Ha Lipaki tsa Mafora li hlalosa hore li hloka sebaka seo li ka kopanelang ho sona ka potlako, hang-hang Lipaki tsa Masepanishe li ile tsa re li ka kopanela Holong ea tsona ea ’Muso. Prem, e leng Paki ea moo, ha a hopola o re: “Barab’abo rōna kaofela ba Masepanishe ba ile ba thabela hore re arolelane holo le bona. Ke ’nete hore ba bile le boikutlo bona ka lebaka la koetliso ea Mangolo eo re ileng ra e fumana ka lilemo tse ngata. Libeke tse seng kae ka mor’a moo, re ile ra qala ho arolelana Holo ea ’Muso le bona, ’me e se e le lilemo tse 13 re kopanela ’moho.”

Eric, eo e leng molebeli phuthehong ea Sefora, o re: “Puigcerdá e ne e le sona sebaka se loketseng hantle hore re be le Holo ea ’Muso ho sona. Ke ntse ke hopola hantle kamohelo e mofuthu eo re ileng ra e fuoa ke phutheho ea Sepanishe. Ba ile ba khabisa holo ea bona ka lipalesa tse ngata le mongolo o moholo o reng, ‘Rea le amohela, bara le barali babo rōna.’”

Eric o phaella ka ho re: “Batho ba ne ba nahana hore ha Holo ea rōna ea ’Muso e koaloa Fora, seo se ne se bolela hore phutheho ha e sa tla ba teng. Empa boboleli boo re neng re bo etsa hangata motseng—bo neng bo akarelletsa ho aba limemo tse ba memelang libokeng Spain—ho e-s’o ee kae bo ile ba bontša batho hore re ntse re le teng. Batho ba thahasellang ba thabela ho tla holong e Spain. Ho feta moo, taba ea hore re arolelana holo le barab’abo rōna ba Masepanishe e entse hore re utloane le ho feta. Pele, re ne re tseba hore ho na le phutheho ea Sepanishe ka mose ho moeli, empa re ne re sa kopane le bona hangata. Hona joale kaha re kopana hangata, ha re ikutloe eka re hōle le ba bang phuleng ena e ka thōko e lithaba.”

Na taba ea hore ke batho ba litso tse fapaneng e etsa hore ho be le tsitsipano? Paki e ’ngoe ea Mofora e lilemong tsa bo-80, e re: “Ha ke utloa hore re il’o tšoarela liboka Spain ka nģ’ane ho moeli, ke ne ke batla ke tšoenyehile. Empa kamohelo e mofuthu le botsoalle ba barab’abo rōna ba Puigcerdá, li ile tsa etsa hore ho se ke ha e-ba le bothata ho hang. Ho e-na le hoo, sena se re file monyetla oa ho matlafatsa bonngoe ba batho ba Jehova.”

Motheo oa Maqhama a Matla

Bathehi ba linaha tse kopaneng tsa Europe ba ile ba re linaha tse tlas’a eona “li ikemiselitse ho theha maqhama a matla haholo pakeng tsa batho ba Europe.” Ho senngoa ha maliboho ka bo-1980 le bo-1990 ho ne ho reretsoe ho potlakisa sena. Empa meeli e boetse e lokela ho felisoa le ka likelellong.

Lipaki Tsa Jehova li leka ka hohle ho felisa khethollo le ho se tšepane. Li utloisisa hore ke habohlokoa hore ebe li tsoa litsong tse fapaneng le hore “Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:34) Likopanong tsa tsona tsa machaba le Liholong tsa tsona, li bone “kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” (Pesaleme ea 133:1) Bonngoe boo Lipaki tsa Valença le tsa Puigcerdá li nang le bona le barab’abo tsona ba linaheng tsa boahelani ke bopaki ba seo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Ho ka bonahala ho makatsa, empa ha re hlokomele le hore re tsoa linaheng tse peli tse fapaneng. Re mpa re le bara ba motho feela ba moea”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Mosebetsi oo o ile oa tiisa maqhama a lerato pakeng tsa liphutheho tsena”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

“Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” PESALEME EA 133:1

[Setšoantšo se maqepheng a 12, 13]

Kamoo Tui le Nōka ea Minho li shebahalang kateng ha u le motseng o likalikelitsoeng ka marako oa Valença do Minho

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ha ho lokisoa Holo ea ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lithaba Tsa Pyrenees le phula ea Cerdaña

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baholo ba babeli—e mong ke Mosepanishe e mong ke Mofora—ba liphutheho tse peli tse kopanelang Holong ea ’Muso e Puigcerdá

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela