Atamela ho Molimo
“Lichaba li Tla Lokela ho Tseba Hore ke ’na Jehova”
U NE u tla ikutloa joang ha u ka qosetsoa tlōlo ea molao eo u sa e etsang? Hona u ne u tla ikutloa joang haeba e ne e baketse batho ba bang mahlomola, ho akarelletsa le ba se nang molato? Ha ho pelaelo hore u ne u tla batla ho bontša hore ha u na molato! Na ua tseba hore Jehova o tobane le bothata bo tšoanang? Kajeno batho ba bangata ba beha Molimo molato ka ho hloka toka le mahlomola a teng lefatšeng lena. Na Jehova o amehile ka ho tlosa nyeliso lebitsong la hae? E, ho joalo! Nahana ka se boletsoeng bukeng ea Ezekiele.—Bala Ezekiele 39:7.
Jehova o re: “Ha ke sa tla hlola ke tlohela hore lebitso la ka le halalelang le hlompholloe.” Ha batho ba mo beha molato ka ho re ha a na toka, ba hlompholla lebitso la hae. Joang? Ka Bibeleng, hangata “lebitso” le emela botumo ba motho. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re, se emeloang ke lebitso la Molimo “ke seo a tsejoang ka sona—kamoo a itšenotseng kateng; le boetse le emela botumo le ho hlompheha ha hae.” Lebitso la Jehova le akarelletsa botumo ba hae. Ke’ng eo re e tsebang ka Jehova mabapi le ho hloka toka? Ke hore o hloile ho hloka toka! O boetse o qenehela bohle ba sebetsoang ka ho hloka toka.a (Exoda 22:22-24) Ha batho ba beha Molimo molato ka ho re ke eena ea ikarabellang ka lintho tseo a li hloileng, ba senya botumo ba hae. Kahoo, ba ‘hlompholla lebitso la hae.’—Pesaleme ea 74:10.
Hlokomela hore ka makhetlo a mabeli Jehova o sebelisa poleloana ena, “lebitso la ka le halalelang.” (Temana ea 7) Ka Bibeleng, hangata lebitso la Jehova le amahanngoa le “ho halalela” le “khalalelo.” Lentsoe “halalela” le bolela ho aroha; bohloeki le ho hloka sekoli. Lebitso la Jehova lea halalela hobane oa halalela—ha ho moo a kopanang teng le eng kapa eng e mpe kapa e sa hloekang. Joale na ua hlokomela hore na ke hobane’ng ha batho ba behang Jehova molato oa hore o khopo ba rohaka “lebitso [la hae] le halalelang” ka tsela e feteletseng?
Morero oa Jehova oa ho tlosa nyeliso lebitsong la hae, a sebelisa ’Muso oa hae, ke oona moko-taba oa seo Bibele e buang ka sona. Moko-taba oo o hatisoa bukeng ea Ezekiele, eo khafetsa e reng “lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezekiele 36:23; 37:28; 38:23; 39:7) Hlokomela hore lichaba li ke ke tsa khetha hore li batla ho tseba kapa che hore na Jehova ke mang. Ho e-na le hoo, “li tla lokela ho tseba.” Ka mantsoe a mang, Jehova o rerile ho nka khato e tla qobella lichaba tsa lefatše ho hlokomela hore o seo a ipolelang hore o sona—hore Jehova ke ’Musi Morena, eo lebitso la hae le emelang sohle se halalelang, se hlokang sekoli le se hloekileng.
Tšepiso ena e phetoang hangata ea hore “lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova” ke litaba tse monate ho bohle ba labalabelang ho bona ha ho felisoa ho hloka toka le mahlomola. Haufinyane Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo a be a tlose thohako eohle lebitsong la hae. O tla felisa bokhopo le batho ba bo khothalletsang, empa a pholose ba ananelang le ho hlompha lebitso la hae le seo le se emelang. (Liproverbia 18:10) Na u ikutloa u susumelletseha hore u ithute kamoo u ka atamelang ho Jehova, Molimo ea halalelang ea bileng a ‘ratang toka’?—Pesaleme ea 37:9-11, 28.
Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka September:
a Sheba sehlooho se reng, “Atamela ho Molimo—Ea Ratang Toka” Molula-Qhooeng oa November 1, 2008.