Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 10/1 maq. 8-9
  • ’Muso oa Molimo o Tla U Etsetsa’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo o Tla U Etsetsa’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke oa Bohlokoa Hakae ho Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2013
  • Tšehetsa Bobusi ba Molimo Hona Joale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 10/1 maq. 8-9
Banyalani ba bang ba khanneloa thuto ea Bibele e tla ba thusa ho tseba ka ’Muso oa Molimo

SEHLOOHO SE KA NTLE | ’MUSO OA MOLIMO—O KA U ETSETSA’NG?

’Muso oa Molimo o Tla U Etsetsa’ng?

Mohlomong u ithutile lihloohong tse fetileng hore Lipaki Tsa Jehova li nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa. E ka ’na eaba u khahliloe ke tse ling tsa lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsetsa batho tseo ho builoeng ka tsona. Ho sa le joalo, e ka ’na eaba u oa ipotsa hore na litšepiso tseo li tla hle li phethahale.

E ka ba bohlale hore u se ke ua lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang. (Liproverbia 14:15) Re ka ’na ra re u tla be u tšoana le Baberea ba boholo-holo.a Ha ba qala ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso, ba ile ba li amohela eseng feela hobane ba nahana hore ke ’nete. Ho e-na le hoo, ba ile ba hlahlobisisa Mangolo ka hloko hore ba bone “hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) Ka mantsoe a mang, Baberea ba ile ba bapisa seo ba ithutileng sona le seo Mangolo a se rutang. Ha e le hantle, ba ile ba kholiseha hore litaba tse molemo li thehiloe Lentsoeng la Molimo.

Ka mofuthu Lipaki Tsa Jehova li u kōpa hore u etse se tšoanang. Re u fa monyetla oa hore u bapise seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang le seo Bibele e se rutang mabapi le ’Muso oa Molimo ka hore re ithute Bibele le uena re sa u lefise.

Ntle le hore u ithute ka ’Muso oa Molimo, ho ithuta Bibele ho tla u thusa ho fumana likarabo tsa tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.

  • Batho ba bile teng joang?

  • Re phelela’ng?

  • Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?

  • Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?

  • Na lefatše le tla felisoa?

  • Ke’ng se ka tlisang thabo ka lapeng?

Habohlokoa le ho feta, ho ithuta Bibele ho tla u thusa ho ‘atamela ho Molimo.’ (Jakobo 4:8) Ha u ntse u atamela ho Molimo u tla bona hore na ’Muso oa Molimo ke oa bohlokoa hakae ho uena, eseng hona joale feela empa le ka ho sa feleng. Ha Jesu a rapela Ntate oa hae o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

E le hore u ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova u sa lefe, kōpa e mong oa tsona hore a u rute kapa u tlatse foromo e ho www.jw.org/st. (E-ea karolong e reng, KŌPA THUTO EA BIBELE leqepheng le qalang la Websaete)

a Berea ke motse oa Macedonia ea boholo-holo.

Ke Hobane’ng ha a Nka ’Muso oa Molimo e le oa Bohlokoa?

Folake

Haufinyane tjena, tichere e ile ea re ngoanana ea lilemo li 10 ea bitsoang Folake a ngole moqoqo ka sehlooho se reng, “Ntho eo ke e Ratang ka ho Fetisisa.” O ile a khetha ho ngola ka hore na ke hobane’ng ha a rata ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo.

Folake o ile a re “’Muso oa Molimo ke puso ea sebele. Empa ha o bonahale, kahoo, motho a ke ke a o bona esita leha a ka roala likhalase!”

O ile a tsoela pele ho ngola ka lintho tseo a labalabelang hore ’Muso oa Molimo o mo etsetse tsona. Ha a bua ka a mang a mathata ao ’Muso oa Molimo o tla a felisa o ile a re: “Ke utloa bohloko ha ke bona batho ba lula seterateng ’me bana ba bolaoa ke tlala.” O ile a phaella ka ho re: “Empa ke thabisoa ke tšepiso e ho Esaia 65:21.” Lengolo lena le tšepisa batho ba tla phela ’Musong oa Molimo hore “ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.”

Folake o ile a boela a re o labalabela nako eo ka eona ’Muso oa Molimo o tla felisa ho kula. A qotsa lengolo la Tšenolo 21:4 le reng, “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ha a phethela moqoqo oa hae o ile a re ho bua ka Jehova le ka ’Muso oa hae ke eona ntho eo a e ratang ka ho fetisisa. Ha ho potang hore ngoanana enoa o nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela