Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 10/1 leq. 4
  • Na Motho eo ke mo Rapelang oa Nkutloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Motho eo ke mo Rapelang oa Nkutloa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Rona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 10/1 leq. 4
Jesu o rapela a leletse ’me barutuoa ba hae ba iname

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HO RAPELA HO KA U TSOELA MOLEMO?

Na Motho eo ke mo Rapelang oa Nkutloa?

Batho ba bang ba nka hore thapelo ke tšenyo ea nako feela, kaha ha ho na motho ea ba mametseng. Ba bang ba lekile ho rapela empa ba nahana hore lithapelo tsa bona ha li arajoe. Motho e mong ea latolang boteng ba Molimo o ile a inahanela feela hore na Molimo o joang eaba oa rapela o re: “Ak’u bue lentsoe leha le le leng feela.” Leha ho le joalo, o re Molimo o ile a “thōla tu!”

Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo o teng ’me o utloa lithapelo. Mehleng ea boholo-holo Bibele e ile ea re: “Ruri [Molimo] o tla u bontša mohau ha mohoo oa hao o utloahala; hang ha a o utloa o tla u araba.” (Esaia 30:19) Temana e ’ngoe ea Bibele e re: “Thapelo ea ba lokileng ea mo khahlisa.”—Liproverbia 15:8.

Jesu o ile a rapela Ntate oa hae, “’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang.”—Baheberu 5:7

Bibele e boetse e bua ka mehlala ea batho bao lithapelo tsa bona li ileng tsa utluoa. Temana e ’ngoe e re Jesu o ile a etsa “lithapeli. . . ho Ea neng a khona ho mo pholosa” ’me a “utluoa ka mokhoa o amohelehang.” (Baheberu 5:7) Mehlala e meng e hlaha ho Daniele 9:21 le 2 Likronike 7:1.

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba nahana hore Molimo ha a arabe lithapelo tsa bona? E le hore lithapelo tsa rōna li arajoe, re lokela ho rapela Jehova,a e leng Molimo eo Bibele e buang ka eena, eseng molimo leha e le ofe e mong kapa balimo. Molimo o boetse o batla hore re ‘kōpe ho ea ka thato ea hae’ ’me re kōpe lintho tse tumellanong le eona. Molimo oa re tiisetsa hore ‘o tla re utloa’ haeba re rapela ka tsela eo. (1 Johanne 5:14) Kahoo, e le hore Molimo a utloe lithapelo tsa rōna, re lokela ho mo tseba re be re ithute hore na thato ea hae ke efe.

Batho ba bangata ba lumela hore ha ba rapela ha ba phethe molao feela, empa ha e le hantle Molimo o mamela lithapelo ebile oa li araba. Isaac oa Kenya o re: “Ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse ho utloisisa Bibele. Nakoana ka mor’a moo, paki e ’ngoe e ile ea tla ho ’na ’me ea ithaopela ho nthusa ho utloisisa Bibele.” Hilda oa Philippines o ne a batla ho tlohela ho tsuba. Ka mor’a hore a hlōlehe ka makhetlo a mangata, monna oa hae o ile a re, “Ke hobane’ng ha u sa rapele Molimo hore a u thuse?” O ile a mamela keletso eo ’me a re: “Ke ile ka makatsoa ke tsela eo Molimo a ileng a nthusa ka eona. Ke ne ke se ke sa lakatse koae, ’me ka khaotsa ho tsuba.”

Na ho ka etsahala hore ebe Molimo o rata ho u thusa ka lintho tse lumellanang le thato ea hae tseo u amehileng ka tsona?

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela