Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 1 leq. 15
  • Ho Tseba Molimo ho ka U Tsoela Molemo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tseba Molimo ho ka U Tsoela Molemo Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula U le Motsoalle oa Jehova
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Molimo ke Motsoalle ea Molemo ka ho Fetisisa eo U ka Bang le Eena
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ‘Ho Atamela ho Molimo ho re Tsoela Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 1 leq. 15
Batho ba Paradeiseng

Ho Tseba Molimo Ho Ka U Tsoela Molemo Joang?

Lihloohong tse fetileng makasineng ena, re thusitsoe ho fumana karabo ea potso e reng, Molimo ke mang? Re ithutile hore Bibele e re lebitso la hae ke Jehova le hore ke Molimo ea lerato. Re ile ra boela ra ithuta ka lintho tseo a li entseng le tseo a tla li etsa molemong oa batho bohle. Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ka Molimo empa u ka ’na oa ipotsa hore na ho etsa joalo ho ka u tsoela molemo joang.

Jehova o tšepisa hore “haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane.” (1 Likronike 28:⁠9) U tla ba le “kamano e haufi-ufi le Jehova” haeba u ithuta ka eena. (Pesaleme ea 25:​14) Ho ba motsoalle oa Jehova ho ka u tsoela molemo joang?

U tla thaba. Bibele e re Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:​11) Haeba u e-⁠na le kamano e haufi le Molimo ebile u etsa lintho joaloka eena, u tla thaba ’me u imolohe kelellong le maikutlong. (Pesaleme ea 33:​12) U tla thaba haeba feela u qoba lintho tse ka senyang bophelo ba hao ’me u etsa lintho tse nepahetseng ebile u rata le batho ba bang. U ka ’na oa lumellana le mopesaleme ea ileng a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”​—⁠Pesaleme ea 73:⁠28.

Molimo o tla u hlokomela. Jehova o re: “Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pesaleme ea 32:⁠8) Mantsoe ana a bontša hore Jehova o tsotella barapeli ba hae ebile o ba fa lintho tseo ba li hlokang. (Pesaleme ea 139:​1, 2) Jehova o tla u thusa haeba u e-⁠na le kamano e ntle le eena.

U tla ba le bokamoso bo chabileng. Jehova o tla u thusa hore u thabe bophelong ’me u be le bokamoso bo chabileng. (Esaia 48:​17, 18) Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:⁠3) Matsatsing ana a bofelo, Molimo o re fa tšepo ‘ea ’nete le e tiileng’ eo re ka e tšoantšang le ankora e le hore re ka mamella mathata.​—⁠Baheberu 6:⁠19.

Ena ke e meng ea melemo e seng mekae eo motho a ka e fumanang ka ho tseba Molimo le ho ba le kamano e ntle le eena. Haeba u batla ho ithuta haholoanyane ka litaba tsena, u ka bua le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kapa oa kena websaeteng ea jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela