Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w19 April leq. 31
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ho ba “Likotsing Leoatleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Tsamaea ho Isa Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lerato le Tlamahanyang
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
w19 April leq. 31
Moapostola Pauluse o bua le motho ea rekisang boema-kepe

Re U Lome Tsebe?

Mehleng ea boholo-holo, motho ea neng a nka leeto ka sekepe o ne a lokela ho etsa’ng?

MEHLENG ea moapostola Pauluse, ho ne ho se na likepe tseo ka ho khetheha li etselitsoeng ho nka baeti. Kahoo, e le hore moeti a khone ho fumana sekepe se eang mong a eang teng, o ne a lokela ho bua le basesisi ba likepe tsa thepa hore na ba ka se tsamaee le eena. (Lik. 21:​2, 3) Esita le haeba sekepe se ne se sa ee hantle moo a eang, ha ba fihla boema-kepe bo bong, moeti o ne a ka sheba hore na ke sekepe sefe se ka mo isang moo a eang teng.​—Lik. 27:​1-6.

Likepe li ne li sa tsamaee nako eohle ea selemo ebile li ne li se na nako e tsitsitseng eo li tsamaeang ka eona. Ka linako tse ling, likepe li ne li sa tsamaee ka lebaka la boemo bo bobe ba leholimo kapa ha ho e-na le lintho tse ling tseo basesisi ba li bonang tseo ba neng ba lumela hore li ka ba bakela bomali-mabe. Mohlala, haeba ba bona lekhoaba le fofa le ntse le lla kapa ba bona sekepe se seng se soahlamane lebopong ba ne ba sa tsamaee. Basesisi ba ne ba nka monyetla oa ho tsamaea haeba moea o fokela moo ba neng ba e-ea teng. Ha moeti a se a fumane sekepe seo a tl’o tsamaea ka sona, o ne a nka thoto ea hae ebe o ema haufi le boema-kepe e le hore a tle a utloe ha ho etsoa tsebiso ea hore sekepe se haufi le ho tsamaea.

Rahistori e mong e leng Lionel Casson o re: “Toropong ea Roma, ho ne ho entsoe hore ho be le mekhoa e bonolo ea hore batho ba fumane likepe tsa moo ba eang ntle le hore bona ba ipatlele tsona ha ba fihla leoatleng. Boema-kepe ba teng bo ne bo le haufi le moo Noka ea Tiber e qalang teng. Haufi le moo ho ne ho e-na le toropo ea Ostia e nang le lepatlelo le pota-potiloeng ke liofisi tse ngata. Tse ling tsa tsona e ne e le tsa basesisi ba likou tse fapaneng, e leng: ba Narbonne [eo hona joale e bitsoang France], ba Carthage [eo hona joale e bitsoang Tunisia] . . . joalo-joalo. Mang kapa mang ea neng a batla ho tsamaea ka sekepe, o ne a e-ea liofising tsa basesisi bao e le hore a fumane hore na ke sefe se eang moo a eang teng.”

Ho tsamaea ka sekepe ho ne ho bolokela baeti nako empa ho ne ho e-ba kotsi ka linako tse ling. Ka makhetlo a ’maloa ha Pauluse a le maetong a hae a boromuoa, o ile a robeheloa ke sekepe.​—2 Bakor. 11:25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela