Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/90 maq. 7-8
  • Pontšo e Ntle ea Lerato la Boena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pontšo e Ntle ea Lerato la Boena
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keketseho e Tsotehang e Susumetsa Katoloso e Potlakileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tsoelang Pele ho Rata Barab’abo Lōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le Tsoela Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 8/90 maq. 7-8

Pontšo e Ntle ea Lerato la Boena

1 Joalokaha ho boletsoe ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea March 1990, ho ntse ho tsoela pele ho ba le tlhokahalo e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso. Baena ba etsa menehelo ea ka mehla ho tšehetsa Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso, ’me hona hoa thabisa ka sebele. Ho tumellanong le moea oa Bokreste hore ka linako tsohle motho a “abele ba bang.” Ho fana ha baena ka seatla se bulehileng ho bontša hore re behile tšepo ea rōna ho Molimo, “o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele.”—1 Tim. 6:17, 18.

2 Mathoasong a selemo sena, ho ile ha romelloa li-label tse peli tse ngotsoeng “Menehelo Letloleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso” ho kōpuoa hore ho be le lebokose le khethehileng la monehelo bakeng sa letlole lena. Leha ho le joalo, ho bonahala hore liphutheho tse ngata ha li e-s’o etse joalo. Ka mohlala, ka May 1990 ke liphutheho tse 249 feela tse ileng tsa etsa menehelo letloleng lena. Haeba lebokose le joalo la monehelo le e-s’o be teng phuthehong ea lōna, re mema molebeli ea okamelang hore a etse litokisetso tsa ho etsa joalo bekeng ena haeba ho ka khoneha. Hape, ha ho romeloa chelete bakeng sa Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso, mongoli o lokela ho hlahloba hore e bontšitsoe ka ho hlaka foromong ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20).

3 Ho phaella tšehetsong ea lichelete e tsoang ho liphutheho le ho batho ka bomong, ho ’nile ha ba le karabelo e lerato ka litsela tse ling. Basebetsi ba nang le tsebo ba nehelana ka nako ea bohlokoa le matla a bona ho thusa ka ho ahoa ha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang. Ba bang ba nehelane ka lisebelisoa le thepa. Ha litho tse ling tsa phutheho tse tsebang mesebetsi ea matsoho li le sieo ho ea thusa ka ho haha Holo ea ’Muso, bahoeletsi ba bang ba ekelitse ho tšehetsa ha bona mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo sebakeng sa habo bona. Hoa khothatsa ho hlokomela tšebelisano-’moho ea pelo eohle ea ba bangata. Kaha kaofela ha rōna re na le “lineo tse sa tšoaneng, kamoo re filoeng mohau kateng,” a re tsoeleng pele ho li sebelisa ka botlalo.—Ba-Roma 12:4, 6.

4 Na ho ba teng ha hao Sehopotsong ha ho u etse hore u hlokomele ka cheseho tlhokahalo e tsoelang pele ea Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng? Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bathessalonika ho bontša ‘lerato la bona la boena . . . ka tekanyo e felletseng haholoanyane.’ (1 Ba-Thess. 4:9, 10, NW) Ha u ntse u tsoela pele ho etsa sena ka litsela tse sebetsang tse boletsoeng mona, u tla be u bontša moea o kang oa Kreste oa ho abelana lintho le ba bang. (Matt. 10:8; Lik. 20:35) Ka litsela tsohle, “lerato la lōna la boena a le ’ne le tsoele pele.”—Ba-Heb. 13:1, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela