Chesehela ho Hasa Molaetsa oa ’Muso
1 Jehova ke Molimo oa mesebetsi e metle, ’me o chesehela hore e phethahatsoe. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang o e etsa molemong oa ba mo sebeletsang. Jesu o ile a beha mohlala o motle oa ho etsisa cheseho ea Ntat’ae. Ka lekhetlo le leng, ho chesehela ntlo ea Jehova ho ile ha mo susumelletsa ho leleka ba neng ba fetotse tempele ntlo ea khoebo. (Joh. 2:14-17) Le rōna re lokela ho bonahatsa cheseho tšebeletsong ea rōna ho Jehova Molimo haeba re batla ho tsejoa re le batho ba “chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14.
2 Mesebetsi e metle ea Bakreste e tsoela ba bang molemo. Ntho e molemo ka ho fetisisa eo re ka e etsetsang motho e mong ke ho mo thusa ho tseba le ho sebeletsa Jehova. (Joh. 17:3) Re fana ka thuso e joalo ka mosebetsi oa rōna o chesehang oa ho paka ka ’Muso le ho etsa barutuoa.
3 Cheseho ke eng? Cheseho ke matla a fetisisang. Cheseho ea Mokreste e tlisoa ke takatso e tiileng ea ho etsa se lokileng le se nepahetseng. Lentsoe la Segerike bakeng sa “cheseho” le bolela “ho bela.” Joaloka basebeletsi ba Molimo, re lokela ho bontša tšoaneleho ena ha re ntse re hasa molaetsa oa ’Muso. Na rea cheseha tšebeletsong? Na re etsa sohle se matleng a rōna ho thusa ba bang ho ithuta ka merero ea Jehova?
BONTŠA CHESEHO HA U NEHELANA KA LIBUKANA
4 Khoeling ea August, re tla boela re e-ba le monyetla oa ho nehelana ka libukana leha e le life tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ntle ho bukana ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova. Re ka ’na ra nehelana ka Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, kapa ’Muso O Tla Tlisa Paradeise. Itokisetse ho nehelana ka bukana leha e le efe e lekanang le makasine e bonahalang e loketse ka ho fetisisa bakeng sa tšimo hammoho le motho eo u teanang le eena monyako.
5 Hore re chesehele ho hasa molaetsa oa ’Muso, ho hlokahala hore re lokisetse hantle. Na re tloaelane hamolemo le Sehlooho sa Puisano sa morao-rao? Re ka hokahanya Sehlooho sa Puisano joang le bukana e lekanang le makasine eo re nehelanang ka eona? Ke lintlha life tse tobileng tse leng libukaneng tseo re ka li bolelang? Haeba re ipha nako ea ho itloaetsa libukana tse hlano tse lekanang le makasine le ho haha cheseho bakeng sa tsona ka har’a likelello tsa rōna, re tla ba ba hlometseng ho nehelana ka tsona ka cheseho ho ba leng tšimong ea rōna.
LITLHAHISO TSA HO NEHELANA KA LIBUKANA
6 Ka mor’a ho itsebisa, u ka ’na ua re: “Na u kile ua ipotsa hore na ebe Molimo o amehile ka bokhopo bo teng lefatšeng kajeno? [Emela karabo.] Bibele e hlalosa hore haufinyane ba khopo ba tla timetsoa. [Bala Pesaleme ea 92:7.] Kaha ho joalo, re ka retelehela ho mang bakeng sa tataiso ea ’nete le tšireletso? [Bala Pesaleme ea 145:20.] Kahoo mokhoa feela oa hore re bolokehe ke ka ho ba le kamano le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ho hlokahala hore re nahanisise ka litlhohonolofatso tseo a li tšepisang batho bohle ba utloang.” Joale u ka phetla setšoantšo sa 49 bukaneng ea Thabela Bophelo ’me u bale tlhaloso ea setšoantšo, u totobatse litlhohonolofatso tse bontšitsoeng. Kapa u phetle leqephe 29 bukaneng ea ’Muso, ’me u hlalose litlhohonolofatso tse hlalositsoeng moo. Ba bang ba ka lakatsa ho sebelisa lirapa 49 le 50 bukaneng ea “Bonang,” ho hlalosa seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa batho.
7 Kaha tsena ke linako tse bohloko, molaetsa oo re o bolelang o potlakile. Ho hlokahala hore re chesehele ho hasa molaetsa oa ’Muso, re khothalletse ba bang ho tloaelana le Molimo le Lentsoe la oona. Ka ho hasa tsebo e fanang ka bophelo ka cheseho, re fana ka bopaki ba boinehelo ba rōna ba bomolimo le lerato la rōna ho Jehova. Ipotse: ‘Na ke chesehela mesebetsi e metle? Na ho tšehetsa ha ka mosebetsi oa ho bolela ho ka hlalosoa e le ho matla ka ho fetisisa le ho etsoang ka moea ’ohle?’ Likarabo tsa rōna li tla re bolella ho hongata ka boleng ba cheseho ea rōna. Ha re kopanela haholoanyane ho haseng molaetsa oa ’Muso, cheseho ea rōna le eona e tla ba khōlō. Ba bang ba tla bona hore ka ’nete re batho ba chesehelang mesebetsi e metle.