Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/90 leq. 8
  • Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”
    Atamela ho Jehova
  • “’Na Jehova Molimo oa Lōna Kea Halalela”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Le Halalele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • “Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 8/90 leq. 8

Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna

1 Joaloka mehleng e fetileng, khalalelo ke tlhokahalo ea bomolimo bakeng sa bahlanka ba Molimo kajeno. Ka hona ho hlokahala ka potlako hore ka mong oa rōna a utloisise ka ho hlaka eseng feela se boleloang ke khalalelo empa hape hore na ke joang hona ke hobane’ng ha e lokela ho khetholla borapeli ba rōna ho Jehova. Ho finyella sena, sehlooho seo ho tla buisanoa ka sona lenaneong la letsatsi le khethehileng la kopano bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1991 ke “Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna.”—1 Pet. 1:15, NW.

2 Kaha melao-motheo e lokileng ea Jehova le melao e tsoa ho eena joaloka Molimo o Halalelang, boemo bo lokileng boo re bo thabelang ke phello e tobileng ea kamano ea rōna e haufi le ea botho le eena. Ka baka leo, lenaneo le tla hōlisa litsela tse ’maloa tse bontšang kamoo re ka ntlafatsang kamano ea rōna le Molimo ka teng. Litsela tsena li akarelletsa ho utloa litekanyetso tsa oona tse halalelang, esita le linthong tseo ho ka nahanoang hore li nyenyane. (Luka 16:10) Re tla thusoa ho hlaolela kananelo e tebileng haholoanyane bakeng sa litlhokahalo tsa Jehova tse halalelang le ho hopotsoa hore ke hobane’ng ha litlhokahalo tsena li lokela ho susumetsa monahano oa rōna, boikutlo ba rōna, le litsela tsa rōna.

3 Lipuo tse peli tsa sehlooho tse tla hōlisoa e tla ba tse reng “Ho Ikokobeletsa ho Hloekisoa ho Tsoelang Pele” le “Ho Atolosa Mesebetsi ea Batho ba Jehova ba Halalelang.” Joalokaha liketsahalo tsa lefatše tse thabisang tsa letsatsi le letsatsi li ntse li hatella likelellong tsa rōna ho potlaka ha mehla ea rōna, lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso le tla re susumelletsa ho tsoela pele re talimme ho Jehova bakeng sa tataiso le ho batla ho mo khahlisa ka ho itšoara ka khalalelo.—1 Pet. 1:14, 16, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela