Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 leq. 11
  • Ho Haha Likamano Tse Haufi Tsa Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Likamano Tse Haufi Tsa Lelapa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HAHA LITŠOANELEHO TSA MOEA
  • HO THABELA MOSEBETSI OA TŠEBELETSO EA TŠIMO
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Malapa a Maholo a Kopane Tšebeletsong ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Le le Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 leq. 11

Ho Haha Likamano Tse Haufi Tsa Lelapa

1 Kaha batsoali ba na le lintho tse ngata tse lokelang ho etsoa ka nako ea bona, ba talimane le phephetso ea ho haha lelapa le tiileng borapeling ba ’nete. Malapa a Bakreste a hloka tlamo e haufi e fanang ka tšehetso mehleng ea hona joale e thata. (Moek. 4:9-12; 2 Tim. 3:1-5) Ha bomoea bo ntse bo hōla, lelapa le kopana haholoanyane ’me le tla matlafalla ho thibela litlhaselo tsa Satane le tsamaiso ea hae.

HO HAHA LITŠOANELEHO TSA MOEA

2 Liboka tsa phutheho le thuto ea Bibele ea lelapa ke lintho tse hlokahalang kemisong ea lelapa ea beke le beke. (Deut. 6:6, 7; Ba-Heb. 10:23-25; wSU86 11/1 maq. 23-5) Leha ho le joalo, ho hlokahala ho hongata. Ho sa ntse ho na le lekhalo haeba ena ke eona feela koetliso ea moea eo bana ba e fumanang.

3 Ho ba le kamano e hahang ha batsoali ba ba le thahasello ea sebele boiketlong ba moea ba bana. Iseraeleng, batsoali ba ne ba ikarabella ka thuto le koetliso ea bana ba bona, ba ba ruta ka molomo le ka mohlala. Lenaneo la thuto la Iseraele le ne le akarelletsa koetliso e sebetsang bakeng sa bophelo ba motho e moholo, thuto ea tsebo ea motheo ea ho bala le ho ngola, le thuto ea ho haha litšoaneleho tsa moea. Ha ho rutoa bana, ho ne ho hatisoa ho ba ruta tšabo ea Jehova, Molao, ho hlompha batsoali le batho ba baholo, le bohlokoa ba kutlo.

4 Loanela ho sebelisa nako ea bohlokoahali u e-na le lelapa la hao letsatsi le leng le le leng. Ho ka buisanoa ka litaba tsa moea boemong bo sa reroang, joaloka nakong ea lijo. Motsoali e mong o kile a hlokomela tjena ka bohlale: “Batsoali ba tla sebelisa nako ba na le bana ba bona—ebang ke ho hlahisa litšoaneleho tsa moea kapa ho ba thusa ho tsoa bothateng bo bong ka mor’a bo bong.” Ho molemo haholo hakaakang ho haha litšoaneleho tsa moea tse hlokahalang ho bana e le hore ba ka qoba likotsi tsa lefatše!—1 Ba-Kor. 3:10-15.

HO THABELA MOSEBETSI OA TŠEBELETSO EA TŠIMO

5 Thabo ke boikutlo bo tsosoang ke ho finyella se molemo kapa tebello ea sona. Ha motho a itokiselitse tšebeletso ea tšimo, ka nepo a ka lebella liphello tse molemo. Ka hona, tokisetso ke senotlolo se lebisang tšebeletsong e thabisang ea tšimo. Ho ikoetlisa ka mehla bakeng sa seo le tla se bua le le lelapa pele le ea tšebeletsong ea tšimo ho haha kholiseho. (Bapisa le Tite 3:1b.) E mong le e mong a ka ba le pakane ka kelellong. Ho ka pheta-phetoa nehelano e bonolo le bana kapa bao e leng hona ba qalisang tšebeletsong ea tšimo.

6 Ka ho sebetsa le bana ba bona tšebeletsong ea Bokreste, batsoali ba ka ba thusa ho hlaolela thahasello ea botho ho batho eo Jehova le Jesu ba behileng mohlala oa eona. Tšebeletso e boetse e re thusa ho ba le kamano e haufi le Jehova. (wSU82 6/15 maq. 15-22) Malapa a mang a lokisetsa matsatsi a felletseng a hore a be ’moho, a lokisetsa boikhathollo bo hahang ka mor’a tšebeletso ea tšimo. Sena se fana ka nako ea puisano tikolohong e khathollang ’me se atametsa batsoali le bana haufi.

7 Ikemisetse ho haha tsebo e hlokahalang ea ho buisana le ba bang e le hore u ka boloka kamano e haufi le bana ba hao. U se ke ua lumella letho ho u thibela ho ba le nako e hlokahalang ea ho matlafatsa lelapa la hao moeeng. Rapella bana ba hao ’me u rapele u e-na le bona, u tseba hore Jehova a ka atlehisa boiteko ba hao ba ho haha.—Pes. 127:1; Liprov. 24:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela