Litaba Tsa Puso ea Molimo
◆ Barbados e bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1783 ka May, tlhōrō ea bona ea boraro selemong sena sa tšebeletso.
◆ Haiti e bile le keketseho ea 14 lekholong ka May ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 6427 ba tlalehang. Ba boetse ba bile le litlhōrō tse ncha lihoreng le maetong a ho boela.
◆ Lesotho le bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1270 ka May, keketseho ea 18 lekholong holim’a karolelano ea selemong se fetileng. Ba bile le tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 2223. Ka Sehopotso ho bile teng ba 4979.
◆ Mexico e fetile pakane ea bahoeletsi ba 300 000 ka May, ha tlaleha ba 300 316. Ena ke keketseho ea 14,5 lekholong holim’a karolelano ea selemong se fetileng. Ho ile ha boela ha fihleloa tlhōrō e ncha ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 464 378.