Lebaka leo ka Lona Lipampitšana li Leng Bohlokoa Haholo Tšebeletsong ea Rōna Kajeno
1 Tokollong ea Molula-Qhooa oa January 1, 1991, leqepheng la 30, ho na le phihlelo eo sehlooho sa eona se reng “O Ile a Fumana Pampitšana Seporong.” E ne e bua ka molaoli oa sehlopha se lokisang seporo ea ileng a fumana e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna e neng e tšoasehile ka tlas’a seporo. O ile a bala pampitšana ena hang-hang eaba o bolella mokhoenyana oa hae: “Kajeno ke fumane ’nete!” Banna bana ka bobeli ba ile ba odora lingoliloeng tse eketsehileng ’me ba ithuta tsona. Hona joale litloholo tsa bona tse fetang lekholo li mafolo-folo ’neteng. Sena se bontša hore phello ea ho bala pampitšana e le ’ngoe feela e ka ba efe.
2 Ho Sebelisa Menyetla: Hohle baena ba sebelisa menyetla bakeng sa ho tsamaisa lipampitšana. Mocha e mong oa Paki o ile a hlokomela hore tichere ea hae e saretsoe ka baka la lefu la ’mè matsale oa eona. Khaitseli enoa e mocha o ile a ngolla tichere ea hae lengolo le tšelisang a ba a kenya pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Tichere ena e ile ea ngola lengolo la teboho eaba e bua le khaitseli enoa e mocha. Hona joale tichere ena e amohela limakasine ka mehla ho eena.
3 Bahoeletsi ba bang ba neng ba paka seterateng sa mabitla ba ile ba bona batho ba koetlisa mabitla. Bahoeletsi bana ba ile ba sebelisa monyetla ona bakeng sa ho ba fa lipampitšana. Letsatsing le latelang e ne e le letsatsi la phomolo leo ka lona batho ba bangata ba etelang sebaka sa mabitla, kahoo bahoeletsi bana ba ile ba etsa qeto ea ho ema hekeng ea sebaka sena ’me ba fana ka lipampitšana. Ba ile ba tsamaisa lipampitšana tse fetang 500, ’me ke batho ba bararo feela ba ileng ba li hana. Selemong se latelang, bahoeletsi ba ile ba khutlela ’me ba aba lipampitšana tse fetang sekete, ’me tsa hanoa ke ba tšeletseng feela. Batho ba bangata ba ile ba bontša kananelo e tebileng. Monna e mong o ile a bala pampitšana ena ha a tsamaea, ’me ka mor’a nakoana a khutlela ho bo-khaitseli ba neng ba mo file eona e le hore a ka buisana le bona. O ile a re: “Ho na le motho eo ke ratang hore a bale molaetsa ona. Na nka fumana e ’ngoe?”
4 Lipampitšana li boholo bo lekaneng ’me li nkeha habonolo ha re ea hohle moo re eang teng. Ha re buisana le ba bang ka tsela e sa reroang, ho sa tsotellehe hore ke batho bao re sa ba tsebeng kapa bao re ba tsebang, re lokela ho loanela ho etsa lipolelo tse khutšoanyane tse ka ’nang tsa lebisa ho buisaneng ka e ’ngoe ea lipampitšana tse robeli tseo re nang le tsona hona joale. Sena se ka etsoa ha re bua le baahelani, ha re reka mabenkeleng kapa re emetse taetsano e itseng, ha re etetse beng ka rōna, kapa maemong a mang a mangata.
5 Lebaka Leo ka Lona li Sebetsang: Lipampitšana li na le mebala e ipiletsang. Li beha taba ka bokhutšoanyane. Beng ba matlo le bao re kopanang le bona maemong a sa reroang ha ba tšoenyehe ka hore ba tlamehile ho bala boitsebiso bo bongata. Leha ho le joalo, molaetsa oa hapa o bile o na le boitsebiso bo lekaneng. ’Mali o ba le pono e tsitsitseng ea taba eo pampitšana e buang ka eona. Ka mor’a ho fumana pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso le hore e hlahlojoe le eena, mohlankana e mong o ile a khotsa: “Ha ke e-s’o utloe boitsebiso bo khothatsang hakana mabapi le boemo ba lefatše!”
6 Re batla ho sebelisa lipampitšana tsena boemong bo bong le bo bong bo loketseng. Bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore lia thusa tabeng ea ho qalisa moqoqo mosebetsing oa ntlo le ntlo. Lithuto tse ngata tseo hona joale li khannoang li ile tsa qalisoa ka pampitšana. Leqepheng la bone la tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ho na le litlhahiso tse sebetsang tabeng ea tsela ea ho sebelisa lipampitšana hamolemo. E, lipampitšana ke lisebelisoa tse nyenyane empa ke tsa bohlokoa tšebeletsong ea rōna.