Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete
1 Tokollo ea January 1, 1994, ea Molula-Qhooa, leqephe 22, e ile ea re hopotsa hore limakasine tsa rōna li hatisa “lihlooho tse nakong tse sebetsanang le litlhoko tsa sebele tsa batho.” Re batla ho aba likoranta tsena ka bongata. Likhoeling tsa April le May, Molula-Qhooa le Tsoha! li tla buelloa tšebeletsong ea rōna ha re nehelana ka tsona e le peeletso. Le hoja peeletso ea Molula-Qhooa e le eona mpho ea sehlooho, makhetlong a mangata re tla nehelana ka peeletso ea limakasine tsena ka bobeli.
2 Mosebetsi oa ntlo le ntlo o re fa monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho tsamaisa limakasine tsena le ho nehelana ka lipeeletso. Hape ho li tsamaisa ka mehla ho fella ka bopaki bo atlehang bo sa reroang le maeto a ho boela. Ho etsa mosebetsi oa seterateng le ho ea mehahong ea khoebo tšimong ea rōna ka ho tšoanang ke litsela tse atlehang tsa ho fumana lipeeletso le ho eketsa kabo ea limakasine.
3 Lihlooho Tseo ho ka Buisanoang ka Tsona: Tokollo ea April 1 ea Molula-Qhooa e tšohla lihlooho “Lefatše le Molemo—Na ke Toro Feela?” le “Lefatše le Molemo—Le Haufi!” Ka sebele sena se lumellana le morero oa makasine oa ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo. Sehlooho sa bobeli se qetella ka ho bontša kamoo paradeise ea ka ho sa feleng e tla fetoha ntho ea sebele tlas’a bobusi ba Kreste Jesu.—Luka 23:43.
4 “U ka Fumana Tataiso e Tšepahalang Hokae?” ke potso e tšohliloeng tokollong ea April 15. Litokollo tsa May li tla hlahloba sehlooho sena ka ho eketsehileng lihloohong “Na Bolumeli bo Khotsofatsa Litlhoko tsa Hao?” le “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?” Re lokela ho khona ho qalisa moqoqo ka mokhoa o bonolo le batho ba ikutloang hore bophelo ba bona bo haelloa ke moelelo le morero.
5 Ho Eketsa Kabo: Molula-Qhooa oa January 1 o fane ka litlhahiso tse ’nè tsa ho eketsa kabo. Re ile ra khothaletsoa hore (1) re khothalle limakasine. Ha re li bala, re lokela ho nahana ka lihlooho tse ka ’nang tsa ipiletsa ho batho ba leng tšimong ea rōna. Hape, haeba ka mehla re tsamaea re nkile likopi, re ka khona ho li tsamaisetsa bao re sebetsang le bona, baahelani, matichere, bao re kenang sekolo le bona, kapa ba ileng mabenkeleng.
6 Re ile ra hopotsoa hore (2) re etse hore linehelano tsa rōna li be bonolo. Khetha ntlha e le ’ngoe e thahasellisang, ’me u e bue ka mantsoe a seng makae. Haeba u ka khona ho kholisa mong’a ntlo hore a amohele makasine, oona o ka “ipuella” ho motho eo u kopaneng le eena kapa ba bang lapeng leo.
7 Tlhokahalo e ’ngoe ke (3) ho tenyetseha. Ho hotle ho ba le lihlooho tse fapaneng tseo u nahanneng ho buisana le batho ka tsona—se seng e be sa bacha, se seng e be sa banna, ’me ho be le se seng sa basali.
8 Qetellong, re hloka (4) ho ipehela pakane ea botho bakeng sa lenane leo re tla le tsamaisa. Le hoja phutheho e ke ke ea beha palo e tobileng, ka bomong re ka ipehela pakane. Sena se ka re susumeletsa ho ba mafolo-folo haholoanyane ha re nehelana ka limakasine. Haeba re odora palo e tobileng ea limakasine, re ka ’na ra susumeletseha ho etsa ho eketsehileng.
9 Re batla hore ba bang ba tsebe ka ’Muso oa Molimo. Ha re sebeliseng ka ho feletseng monyetla oa thuso e ntle eo limakasine li fanang ka eona ho haseng molaetsa oa ’Muso.—Matt. 10:7.