Seboka sa Tšebeletso Sea re Hlomella Bakeng sa Mosebetsi o Mong le o Mong o Motle
1 Morero oa Seboka sa Tšebeletso ke ho re susumetsa le ho re hlomella hore re kopanele ka botlalo haholoanyane mosebetsing oa boboleli le ho etsa barutuoa. (2 Tim. 3:17) Leha ho le joalo, haeba re sa lokisetse seboka sena hantle kapa re hlōleha ho sebelisa seo re ithutang sona, re tla rua melemo e fokolang.
2 Ho lokisetsa esale pele ho tla u thusa hore u amohele taeo ka ho botlalo haholoanyane. Hlahloba likhatiso tse tla sebelisoa, ’me u tle le tsona e le hore u ’ne u shebe ho tsona ’me u khone ho nka karolo. E-ba momameli ea hloaeang tsebe, ’me u ngole lintlha bakeng sa hore u tle u li sebelise hamorao.
3 Molebeli ea okamelang o hlahloba likarolo tse lokiselitsoeng tsa seboka ka hloko. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba nang le bokhoni, le ba tšoanelehang ba abeloa hore ba li lokisetse. (om-SU leq. 70) Liphutheho tse nang le baholo le bahlanka ba sebeletsang ba seng bakae li ka abela baena ba bang ba tšoanelehang hore ba thuse. (km-SU 12/76, Lebokose la Lipotso) Sebui ka seng se lokela ho lokisetsa ka botlalo, se khomarele tataiso e fanoeng, ’me se etse bonnete ba hore ha se je nako.
4 Hangata seboka se qala ka litsebiso. Moena ea abetsoeng ho fana ka tsona o lokela ho teana le molebeli ea okamelang esale pele ho fumana hore na ho hlokahala hore ho boleloe lintlha life. Tsena li ka kopanyelletsa mangolo a tsoang ho Mokhatlo kapa likhopotso ka litokisetso tsa tšebeletso kapa litlaleho tsa khoeli le khoeli. Re ka tsebisoa hore ho na le ba kulang ba hlokang hore ba eteloe kapa ra fumana boitsebiso mabapi le mesebetsi ea phutheho eo ho reriloeng hore e phethoe nakong e tlang. Mamelisisa ka hloko e le hore u tle u rue tsebo ’me u lokele ho phetha karolo ea hao.
5 Ha karolo ea seboka e hloka hore bamameli ba kopanele, lokisetsa ka ho bala boitsebiso le ho sheba mangolo ao. Nahana kamoo u rerang ho sebelisa litlhahiso le mofuta oa litlhaloso tseo u tla li etsa ho khothatsa ba bang. U ka ’na ua bontša bohlokoa bo sebetsang ba taeo ka ho pheta phihlelo e khutšoaane.
6 Ha ho e-na le pontšo, leka ho ipeha boemong bo tšoanang, ’me u nahane ka seo u neng u tla se bua. Hlokomela mokhoa oa ho beha mabaka o sebelisitsoeng le lintlha tse tšohliloeng tse ka lebisang qetong. Leka ho ikhopotsa seo u neng u se bue lekhetlong le fetileng ha u ne u le boemong ba mofuta ona, ’me u hlokomele kamoo lintlha tse fanoeng li ka u thusang kateng hore u be le liphello tse molemo haholoanyane nakong e tlang.
7 Ba etsang lipontšo le ba nkang karolo lipuisanong ba lokela ho lokisetsa hantle esale pele. E mong le e mong o lokela ho tseba seo a tla se bua le hore na o lebeletsoe ho etsa eng sethaleng. Hangata likarolo tse sa lokisetsoang ha li susumetse kapa hona ho khothatsa bamameli. Ba bang ba tla ba loketse ho tla lokisetsa karolo ea bona ha Thuto ea Molula-Qhooa e fela e le hore ba ka itlhakisa sethaleng ’me ba tsebise baena ba tsamaisang libuela-hōle hore na ho tla hlokahala eng.
8 Ka linako tse ling lenaneo le tla kopanyelletsa puo e amang tlhoko e tobileng ea phutheho kapa sehlooho se nakong sa Molula-Qhooa. Mamelisisa, tebisetsa keletso eo pelong, ’me u leke ho e sebelisa.
9 Re batla ho lokela ho ba ba ‘loketseng mosebetsi o mong le o mong o motle.’ (2 Tim. 2:21) Seboka sa Tšebeletso ke e ’ngoe ea litokisetso tseo Jehova a li etsang bakeng sa ho re thusa ho etsa seo. Ho ba teng ka botšepehi le boiteko bo tiileng ba ho sebelisa seo re ithutang sona ka sebele li tla re thusa hore re “phethisise tšebetso ea [rōna].”—2 Tim. 4:5.