Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/94 leq. 2
  • Bohloeki bo Tlotlisa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohloeki bo Tlotlisa Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Rata Batho ba Hloekileng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bohloeki ha e le Hantle bo Bolela’ng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bohloeki ke ba Bohlokoa Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bohloeki—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 4/94 leq. 2

Bohloeki bo Tlotlisa Molimo

1 Molao oa Moshe o ne o e-na le litlhokahalo tse tiileng tse tiisang hore bohloeki bo ba teng. Li ne li khetholla Iseraele e le sechaba se neng se tlameha ho ipoloka se hloekile nameng le moeeng. (Lev. 11:35, 36; 15:1-11; Esa. 52:11) Boemo bona ba bohloeki bo ne bo tlisetsa Molimo tlotliso ’me bo tlatsetsa bophelong bo botle ba sechaba.

2 Le kajeno, bohloeki e ntse e le letšoao le khethollang batho ba Jehova. Empa le hoja bo khetholla batho ba Jehova e le sehlopha, na ke ’nete ka e mong le e mong oa rōna re le motho ka mong? Tekanyo eo re amehileng ka makhethe le bohloeki ba botho ka eona e bontša kamoo re ananelang litlhokahalo tsa Jehova.

3 Ho thoe’ng ka ponahalo ea lehae la rōna? Na e nyenyefatsa molaetsa oa ’Muso oo re o bolelang? Na ho ka etsahala hore ba bang ba belaelle ho tiea ha rōna ha re bua ka ho fetoloa ha lefatše paradeise empa mahae a rōna a le bohlasoa ’me lijarete li metse joang bo sa kutoeng le lehola? Haeba mahae a rōna a hlekemane kapa ho e-na le menkho e mebe ka lebaka la ho haella ha mekhoa ea bohloeki, na ho ka boleloa hore re hōlisitse “mekhoa le mehlala ea bohloeki e tla lumellana le Taolo e Ncha e tlas’a ’Muso oa Molimo”?—om-SU maq. 130-1.

4 Ho thoe’ng ka koloi eo re e sebelisang bakeng sa tšebeletso ea tšimo? Na e hloekile ka ho lekaneng, ka hare le ka ntle, e le hore ponahalo ea eona e se ke ea nyenyefatsa mosebetsi oa rōna? Ho thoe’ng ka liaparo tsa rōna, mokotla oa libuka, le boitlhopho ba botho? Na li makhethe ebile lia boheha, ha li khopise? Hoa utloahala hore re ipoloke re hloekile ka ho itlhatsoa ka mehla ’me re boloke liaparo tsa rōna li hloekile ka ho li hlatsoa ka mehla.—wSU89 6/1 maq. 16-19.

5 Ho thoe’ng haeba moena a fetohile ea bohlasoa hoo le bohloeki ba hae ba botho kapa tikoloho eo a leng ho eona li se li fetohile tse tlisetsang phutheho thohako? Mohlomong o mpa feela a hloka thuso e lerato ka lebaka la lilemo kapa bokuli. Haeba ho joalo, e ka ba mosa ho mo thusa. E mong a ka ba le bothata ’me le ho bo hlokomela a se bo hlokomele; keletso e mosa e ka mo susumeletsa hore a lokise boemo. Batho bao ka phehello ba behang mohlala o mobe tabeng ena ba ke ke ba tšoaneleha bakeng sa litokelo tse hlaheletseng ka phuthehong. Ha e le hantle, baholo ba lokela ho itebela khahlanong le ho ipehela litekanyetso tsa bona tsa botho kapa seo bona ba se ratang.

6 Batho ba sa tsoa thahasella ba mengoa hore ba thabele mekete ea moea Holong ea rōna ea ’Muso. Hangata, re laba-labela ho ba mema hobane holo e khahlisa ’me e le makhethe. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho sebetsoe hore e lule e le boemong bo joalo. Qamaka holong ea lōna. Na litulo, fatše le mabota li hloekile? Na matloana a hlatsuoa ka mehla? Ha re tloaela ho sheba tapeiti e litšila kapa mabota a thebohang pente, kapele re tla nka sena se amoheleha. Leha ho le joalo, batho ba qalang ho tla ba ka sala le boikutlo bo seng botle. Re lokela ho leka ka hohle ho boloka holo e le e ipiletsang le e khahlehang, re phethe karolo ea rōna ha ho fihla nako ea ho hloekisa kapa ho nchafatsa. Haeba Holo ea lōna ea ’Muso e na le jarete, le eona e lokela ho hlokomeloa ka mehla. Na e bonahala e le makhethe ’me e khahlisa? Na mohloa o kutoa nako le nako?

7 Ntle le ho bua letho, re ka tlotlisa Molimo ka ponahalo ea rōna ea botho le ka makhethe a mahae a rōna, likoloi le Liholo tsa ’Muso. Mohlala oa rōna o motle o ke ke oa khopisa empa o tla fana ka bopaki ba hore borapeli ba rōna bo hloekile ’me bo lokile.—1 Ba-Kor. 10:31, 32; Jak. 1:27.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela