Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/94 leq. 1
  • Ka Ntlo le Ntlo Re sa Khaotse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Ntlo le Ntlo Re sa Khaotse
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Paka ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na U Ananela Tšebeletso ea Phatlalatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 7/94 leq. 1

Ka Ntlo le Ntlo Re sa Khaotse

1 Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho etsoa mahlabelo letsatsi le leng le le leng. (Ex. 29:38-42) Mollo oa aletare o ne o lula o tuka; mosi o nyolohang teng e ne e le “monko o monate” o thabisang Jehova. (Ex. 29:18) Kajeno, re khothalletsoa hore re “hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” (Ba-Heb. 13:15) Ho e-na le ho sebelisa mahlabelo a neng a batloa ke Molao, re rapela Jehova ka ho bolela lithoriso tsa hae re sa khaotse.—Esa. 43:21; Lik. 5:42.

2 Jesu Kreste, Paki e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea phela lefatšeng lena, o re rutile kamoo re ka ntšetsang pele borapeli bo hloekileng ka ho nehelana ka mahlabelo a thoriso. O ile a ruta barutuoa ba hae hore molaetsa oo ba neng ba o bolela o ne o potlakile. O ne a tseba hore tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho finyella batho ka litaba tse molemo ke ho bua le bona ka ho toba malapeng a bona. (Matt. 10:7, 12) Kahoo re fumana hore baapostola ba ile ba latela tataiso ea hae e bululetsoeng ke Molimo ea ho bolela ka ntlo le ntlo.—Lik. 20:20.

3 Hoa tšoana le kajeno. E le barutuoa ba Jesu, Bakreste ba ’nete ba latela mohlala oa hae ka ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Le hoja re ka ’na ra nyatsetsoa seo le ho se hlorisetsoa, ba limilione ba ithutile ’nete ’me barutuoa ba bacha ba makholo a likete ba ikopanya le bongata bo boholo selemo ka seng, ba fana ka bopaki ba hore ena ke tsela ea Jehova ea ho phetha thato ea hae. Ke ka lona lebaka lena re tiisetsang tšebeletsong ea rōna.

4 Melemo ea ho Bolela ka Ntlo le Ntlo: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho . . . Ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Lik. 10:34, 35) Ho ea ka ho toba ntlong e ’ngoe le e ’ngoe tšimong ea rōna ka ho hlakileng ho bontša ho se ee ka tšobotsi, ho fa e mong le e mong monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso kamehla. Hamorao batho ba arabelang hantle ba fumana thuso ea botho ho latela litlhoko tsa bona ka bomong.

5 Hoo e ka bang bahoeletsi bohle, ho kopanyelletsa ba bacha, ba hōlileng, esita le ba bacha ’neteng, ba ka kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ka tsela ena e mong le e mong a ka “bolela ka molomo, hore a bolokehe.” (Ba-Roma 10:10) Ho kopanela le ba bang tšebeletsong ea ntlo le ntlo ho re kopanya tlamong ea lerato le bonngoe. Ka nako e tšoanang, re fuoa monyetla oa ho bontša mamello ea rōna ha re tobana le ho iphapanya kapa khanyetso. Pontšo ena ea phatlalatsa ea tumelo e re etsa “sebonoang-sebonoa-ke-bohle,” e leng ho thusang batho ba nang le thahasello ea sebele hore ba hlokomele hore re na le tokisetso e hlophisitsoeng ea ho ruta Bibele le hore ba ka rua molemo ho eona. (1 Ba-Kor. 4:9, BPN) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bontša ka ho hlakileng hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa ntlo le ntlo ’me o o sebelisa bakeng sa ho bokellela bongata bo boholo “ka tlung” ea hae ea borapeli bo hloekileng.—Esa. 2:2-4.

6 Hona joale ho feta leha e le neng historing, ho hlokahala hore batho ba utloe molaetsa oa ’Muso. A re tsoeleng pele ho bolela ka ntlo le ntlo re sa khaotse ho fihlela Jehova a re ho lekane. (Esa. 6:11) Ka ho etsa joalo, re tla putsoa ka thabo e hlahisoang ke ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo ea bohlokoa le e molemo nakong ena ea bofelo.—1 Ba-Kor. 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela