Lebokose la Lipotso
◼ Mongoli o lokela ho etsa joang ha pula-maliboho ea kamehla a fallela phuthehong?
Mongoli o lokela ho tsebisa Mokhatlo, a sebelisa sebaka se lokiselitsoeng ka morao ho Tlaleho ea Phutheho (S-1). O boetse o lokela ho ikopanya le mongoli oa phutheho eo pula-maliboho enoa a neng a le ho eona hang-hang ’me a kōpe likarete tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21) tse leng faeleng hammoho le lengolo la puello le tsoang ho Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho.
Ha pula-maliboho a falla ’me ho ba le liphetoho tse khōlō, hangata o ba le mathata a ho tsitsa le ho ba le kemiso e ntle ea tšebeletso. Pula-maliboho o thaba haholo haeba baholo ba mo thusa ka lerato hore ho fallela ha hae phuthehong e ’ngoe ho se be le mathata kahohle kamoo ho khonehang.
Khopotso: Mongoli o fana ka likarete tse nkelang tse ling sebaka tsa Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) feela ho bo-pula-maliboho ba fallelang phuthehong e leng tšimong ea lekala la Afrika Boroa. Bo-pula-maliboho ba lahlang likarete tsa bona, ba fetolang mabitso a bona ka lebaka la lenyalo kapa tlhalo, kapa ba eang libakeng tse sebeletsoang ke lekala le leng ba lokela ho fumana likarete tsa bona ho Mokhatlo, eseng ho mongoli. Mongoli kapa pula-maliboho o lokela ho ngolla Mokhatlo, a hlalose boemo, ’me a kōpe karete e ncha.