Jehova o Fana ka Matla
1 Joaloka batho ba Jehova, re filoe kabelo ea ho bolela litaba tse molemo ha ka nako e tšoanang re bolokile boitšoaro bo “botle har’a lichaba.” (1 Pet. 2:12, NW; Matt. 24:14) Ka lebaka la linako tse bohloko hammoho le bofokoli le litšito tsa rōna, re ne re ke ke ra phetha mosebetsi ona ka borōna. (2 Tim. 3:1-5) Re thaba hakaakang hore ebe re ka talima ho Jehova bakeng sa thuso!
2 Moapostola Pauluse o ile a mamella liteko tse ngata. (2 Ba-Kor. 11:23-27) O ile a khona joang ho sebetsana le tsona ka katleho le ho phetha mosebetsi oo a o abetsoeng? Jehova o ile a mo fa ‘matla a tlōlisang.’ (2 Ba-Kor. 4:7) Pauluse o ile a amohela thuso e joalo ea bomolimo ha a tla ngola hore: ‘Nka etsa tsohle ka ea mphang matla.’ (Ba-Fil. 4:13) Jehova o tla re thusa ka tsela e tšoanang. Re ka fumana thuso ee joang?
3 Ka ho Rapela re sa Phetse: Jesu o ile a re khothalletsa hore re ‘’ne re kōpe, re batle, ’me re kokote,’ re sa tele. (Luka 11:5-10) Ho phehella ha rōna thapelong ho bontša Jehova hore kameho ea rōna e tebile hakae, takatso ea rōna e matla hakae, le hore na sepheo sa rōna ke sa ’nete hakae. (Pes. 55:17; 88:1, 13; Ba-Roma 1:9-11) Pauluse o ile a hlokomela bohlokoa ba ho phehella thapelong ha a re khothalletsa hore re ‘se phetse ho rapela.’ (1 Ba-Thess. 5:17) Thapelo ke e ’ngoe ea litsela tsa bohlokoa tseo ka tsona re fumanang thuso ea Jehova.
4 Ka ho Latela Tataiso ea Puso ea Bomolimo: “Puso ea Bomolimo” e bolela “puso ka Molimo,” eo e leng lerato. Re rua molemo pusong ea hae ka ho amohela matla a hae a bolaoli le ho latela litaelo tsa hae liqetong tse nyenyane le tse khōlō. “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” o emela puso ea bomolimo lefatšeng lena. (Matt. 24:45-47) Ho sebelisana le mokhatlo o hlophisitsoeng oo “mohlanka” a o sebelisang ho bohlokoa haholo bakeng sa hore re fumane tlhohonolofatso ea Jehova. (Bapisa le Ba-Heberu 13:17.) Jehova o tla putsa botšepehi ba rōna ho eena le boikemisetso ba rōna ba ho utloa melao ea hae ka ho re fa matla ao re a hlokang ka nako e loketseng.—Ba-Heb. 4:16.
5 Ka ho ba Haufi le Baena ba Rōna: Lerato ke letšoao le khethollang barutuoa ba Jesu. (Joh. 13:34, 35) Kaha re le batho ba bangata ba nang le botho bo sa tšoaneng, likhohlano li ka hlaha pakeng tsa rōna ka lebaka la liphapang tsa botho. Ho hlokahala hore re bontše kutloelo-bohloko ka mokhoa o bonolo, re tšoarelane ka bolokolohi. (Ba-Ef. 4:32) Sena se re nolofalletsa ho ba haufi le baena ba rōna tumelong le ho khothatsoa ke mamello ea bona e tiileng tlas’a teko. Ka lebaka la ho “tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo [rōna],” re na le matla a tsoang ho Molimo a ho sebetsana le likhatello tse tšoanang.—1 Pet. 5:9.
6 Ka ho ba le Kemiso e Ntle ea Thuto ea Botho: Ho matlafatsa likelello le lipelo tsa rōna moeeng ho re nolofalletsa ho loantša tlhaselo ea Satane. (1 Pet. 5:8) Kemiso e ntle ea thuto ea botho e tla eketsa banka ea rōna ea tsebo ea bomolimo. Re ka hula ho eona ha re tobana le mathata a letsatsi le letsatsi. Pauluse o ile a hatisa hore “tsebo e nepahetseng” e phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho fumana poloko. (1 Tim. 2:3, 4, NW) Hoa hlokahala hore re je lijo tsa moea kamehla.
7 Litokisetso tsohle tse hlokahalang bakeng sa ho re thusa hore re be matla li fumaneha habonolo ka phutheho ea Bokreste. Ho tšehetsa mesebetsi ea eona ka pelo eohle ho tla re tiisetsa hore re tla ‘tsamaea, ’me re ke ke ra felloa ke matla.’—Esa. 40:29-31, Bibele Phetolelo e Ncha.