“Le Falimehe”
1 Ha Jesu a ne a bua mantsoe a tlalehiloeng ho Mattheu 26:38-41, o ne a atamela nako e thata ka ho fetisisa e le motho. E ne e tla ipaka ho ba nako ea bohlokoa ka ho fetisisa historing eohle ea batho. Poloko ea moloko oohle oa batho e ne e le kotsing. Ho ne ho hlokahala hore barutuoa ba Jesu ba “falimehe.”
2 Kajeno re lintšing tsa hore Jesu a phethahatse likarolo tse peli tsa ho ba molopolli le mophethahatsi oa kahlolo. Joaloka Bakreste ba falimehileng ba hlokomelang ho potlaka ha linako, ha re phuthe matsoho ebe re letela poloko. Rea tseba hore re tlameha ho lula re le malala-a-laotsoe ka linako tsohle. Hoa hlokahala hore re “sebetse ka thata ’me re ikitlaetse” tšebeletsong ea rōna ho Jehova. (1 Tim. 4:10, NW) Ho thoe’ng ka rōna re le motho ka mong? Na re falimehile?
3 Ho Itlhahloba: Jesu o ile a boela a lemosa: “Itlhokomeleng.” (Luka 21:34, 35, BPN) Re tlameha ho itlhokomela, re tiise hore ‘re ba hlokang sekoli le letheba har’a moloko o senyehileng, o khopo.’ (Ba-Fil. 2:15) Na re phela letsatsi ka leng joaloka Bakreste, re etsisa Jesu ’me re tsamaea tumellanong le melao-motheo e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo? Re tlameha ho qoba boitšoaro boo e seng ba Bokreste bo khethollang lefatše le ‘rapaletseng ka tlase ho e mobe.’ (1 Joh. 5:19; Ba-Roma 13:11-14) Ha re itlhahloba ho ea ka Mangolo, na ka ’nete re falimehile joalokaha Jesu a laetse?
4 Baholo ba tlameha ho ela hloko hore ba be mafolo-folo ho phethahatsa likabelo tsa bona ka phuthehong, ba hlokomele hore ba tla ikarabella ka tsela eo ba tšoarang mohlape ka eona. (Ba-Heb. 13:17) Lihlooho tsa malapa li na le boikarabelo bo khethehileng ba ho tataisa malapa a tsona litseleng tsa Jehova. (Gen. 18:19; Josh. 24:15; bapisa le 1 Timothea 3:4, 5.) Hape, ke habohlokoa hakaakang hore kaofela ha rōna re phethahatse taelo ea Mangolo ea ho ratana! Ke letšoao la Bokreste ba ’nete.—Joh. 13:35.
5 Ela Hloko ho Lemosa ba Bang: Ho falimeha ho akarelletsa ho fetang feela ho itlhokomela. Re na le thōmo ea ho etsa barutuoa. (Matt. 28:19, 20) Ho rata moahisani ho lokela ho re susumelletsa ho lemosa ba bang e le hore ba ka pholoha timetso e tobileng lefatše lena. Bona ke boikarabelo ba Bakreste bohle. Ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. (Ba-Roma 10:9, 10; 1 Ba-Kor. 9:16) Hangata re tobana le ho se thahaselle kapa khanyetso e tobileng mosebetsing ona o bolokang bophelo. Re tlameha ho phehella, esita le haeba ba bangata ba iphapanyetsa temoso ea rōna. (Ezek. 33:8, 9) Lerato la ’nete ho Molimo le moahisani le tla re susumelletsa ho tiisetsa.
6 Ena hase nako ea ho ba monyebe. Re tlameha hore re se lumelle matšoenyeho a letsatsi le letsatsi a bophelo ho re sitisa kapa ho tšoareha menyakeng ea tsamaiso ena hoo e ipakang ho ba sefi. (Luka 21:34, 35) Hona joale ho feta leha e le neng pele, nako e setseng e lekane motinyane. Nako e tla ka potlako ea ha Jesu Kreste a tla liha kahlolo tsamaisong ena e khopo. Ho tla pholoha feela ba phaphameng, ba elang hloko, le ba falimehileng. Haeba re mamela litaelo tsa Jesu ’me re “phonyoha ho tseo tsohle,” re tla leboha hakaakang!—Luka 21:36.