Ho Nehelana ka Tšebeletso e Halalelang Motšehare le Bosiu
1 Re atoloselitsoe tokelo e fetang e tloaelehileng. Ke ea ho ba Lipaki tsa Jehova. Re karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše lohle ea baboleli ba sebelisoang ke Jehova ho phetha mosebetsi o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa oa ho bolela ka ’Muso! (Mar. 13:10) Ka lebaka la ho potlaka ha mehla ea rōna, na re kopanela mosebetsing oo ka botlalo kamoo ho ka khonehang?
2 Ha re tsebe hore ke ba bakae ba tla qetella ba arabetse boboleling ba rōna. Jehova o re tiisetsa hore e tla ba “bongata bo boholo,” boo kaofela ha bona bo khetholloang ka ho “mo etsetsa tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.” (Tšen. 7:9, 15) Lipaki tse fetang limilione tse hlano tse seng li phathahane tšebeletsong ea Molimo, hase bamameli feela ba thahasellang kapa batho ba itlelang libokeng feela. Ke basebetsi ba bolelang litaba tse molemo lefatšeng ka bophara!
3 Letsatsi le leng le le leng ho na le menyetla ea ho rorisa Jehova, ebang ke tšebeletsong ea tšimo kapa ka mokhoa o sa reroang. Nahana ka bopaki bo boholo bo neng bo ka fanoa haeba e mong le e mong oa rōna a nka bohato ba pele ho abelana ’nete le motho a le mong feela letsatsi ka leng. Kananelo ea rōna ka Jehova e lokela ho re susumelletsa ho bua ka eena ka cheseho.—Pes. 92:1, 2.
4 Thusa ba Bang ho Nehelana ka Tšebeletso e Halalelang: Jehova o tsoela pele ho re hlohonolofatsa ka keketseho. (Hag. 2:7) Selemong se fetileng sa tšebeletso ho ile ha khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele ka karolelano ea tse 65 170 khoeli ka ’ngoe linaheng tse sebetsang tlas’a lekala la Afrika Boroa. Pakane ea rōna ea ho ithuta le batho bana ke ho ba thusa ho ba barutuoa ba Jesu. (Mat. 28:19, 20) Ba bangata ba bona ba se ba hatetse pele hantle haholo ka ho ba teng kamehla libokeng. Ba se ba qalile ho bua le metsoalle ea bona ka “lintho tse hlollang tsa Molimo” tseo ba ithutileng tsona. (Lik. 2:11) Na joale ba ka mengoa ho kopanela boboleling ba phatlalatsa?
5 Ka April re lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho memela ba tšoanelehang ho kopanela le rōna tšebeletsong ea tšimo. Na seithuti sa hao se bontšitse takatso ea ho etsa see? Haeba ho joalo, na se finyella litlhokahalo tsa Mangolo? (Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 97-9.) Ha seithuti se lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, buisana le molebeli ea okamelang ka menyetla ea sona, ’me eena o tla lokisetsa baholo ba babeli ho hlahloba taba. Haeba seithuti se tšoaneleha ho amoheleha joaloka mohoeletsi ea sa kolobetsoang, se memele ho kopanela le uena tšebeletsong ea tšimo. Balebeli ba tšebeletso le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho falimehela ho thusa bao mohlomong ba tšoanelehang hore ba qalise ka April.
6 Batsoali ba lokela ho hlahloba ho bona haeba bana ba bona ba tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. (Pes. 148:12, 13) Haeba ngoana oa hao a bolela hore o rata ho ea tšebeletsong ea ’Muso ’me boitšoaro ba hae bo le botle, u ka atamela e mong oa baholo ea leng komiting ea tšebeletso ho buisana le eena ka boemo bona. Ka mor’a hore ba kopane le uena hammoho le ngoana, baholo ba babeli ba tla lekanyetsa hore na oa tšoaneleha ho baloa e le mohoeletsi kapa che. Ho na le lebaka le khethehileng la thabo ha bana ba kopanela le rōna ho rorisa Molimo!
7 Ke Jehova feela ea tšoaneloang ke tšebeletso ea rōna e halalelang. (Luka 4:8) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka sebelisa monyetla ona o babatsehang ho mo rorisa “haholo.”—Pes. 109:30, NW; 113:3.