Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
1 Lenaneo le lecha la kopano ea potoloho ho qala ka September le tla atolosa sehlooho se reng “Latsoa Thabo e Khōloanyane ea ho Fana.” (Lik. 20:35) Thabo e hlalosoa e le “boemo ba boiketlo le khotsofalo.” Batho ba bangata kajeno ba hlotha monyaka ofe kapa ofe oo ba ka o fumanang bophelong, ’me ha ba etsa joalo, hangata e ba oa nakoana. Eo hase thabo ea ’nete. Empa, Jehova o re ruta mokhoa oa ho ithuela molemo ka ho sa feleng. (Esa. 48:17; 1 Joh. 2:17) Lenaneo le lecha la kopano ea potoloho le tla hatisa kamoo re ka fumanang thabo e khōloanyane kateng ka ho fana ka tsela ea moea.
2 Re tla ithuta litsela tse molemo tseo ka tsona re ka itelang tšebeletsong. Tse ling tsa lipuo tse tlang ho fanoa ke balebeli ba tsamaeang li na le lihlooho tsena: “Ho Etsa Metsoalle ka Matlotlo a sa Lokang,” “Hlompha Tokisetso ea Bomolimo ea ‘Limpho Tseo e Leng Banna,’” le “Latsoa Mahlakore a Mangata a Thabo ea ’Nete.” Ba lakatsang ho kolobetsoa kopanong ena ba tla rata ho bua le molebeli ea okamelang e le hore a ka lokisetsa baholo hore ba hlahlobe lipotso tsa kolobetso le bona. Ho sebeletsa Jehova ka kamano e hloekileng ho tla tlisa thabo e khōlō ho ba sa tsoa kolobetsoa.
3 Tlhokomelo e loketseng ea matla a ho laela a Jehova le eona e tlisa thabo ea ’nete le tšireletseho. Batho bohle ho hlokahala ba tsebe sena. Ka hona, puo ea phatlalatsa kopanong ea potoloho e atolosa sehlooho sena “Kopanela le Batho ba Thabileng ba Molimo.” Etsa bonnete ba hore u memela bohle ba bontšitseng thahasello ’neteng ho tla puong ena. Ha ba e-s’o fumane tšireletseho ea ’nete le thabo e tšoarellang tlas’a puso ea motho lefatšeng lena le rapaletseng matleng a Satane. (Moek. 8:9) Empa ke thabo e kaakang eo ba tlang ho e fumana ka ho kopanela le batho ba thabileng ba Jehova!—Pes. 144:15b.
4 Ho sa tsotellehe maemo a mpefalang tsamaisong ena ea lintho, ba latsoang thabo e khōloanyane ka ho fana ka lintho tsa moea le ka mohla ba ke ke ba soetsoa ke Molimo ea thabileng. (1 Tim. 1:11) Lenaneo le lecha la kopano ea potoloho le tla bontša hore sena ke ’nete. U se ke ua etsa hore le u fete!