Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
1 Ke thabo e kaakang ho tseba ’nete le ho ba har’a ba phatlalatsang litaba tse molemo ka cheseho! Batho ba kantle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ka ho tsieleha ba hloka ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso. ’Nete e buang ka ’Muso e hlalositsoe habonolo libukaneng tsena, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” le ’Muso O Tla Tlisa Paradeise. Ka ho hlakileng li hlalosa bophelo lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo, ’me li lebisa ’mali linthong tsa sebele tsa ’Muso tse hlalosoang ka Lentsoeng la Molimo. Ke ’nete hore ho tsamaisetsa motho ea thahasellang bukana ke qalo feela ea mosebetsi oa rōna. (1 Bakor. 9:23) A re potlakeleng ho latella tsohle tseo re li tsamaisitseng, ka sepheo sa ho fana ka thuto bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Re ka phetha see joang ka August?
2 Bukana ea “Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!” e ka ’na ea fanoa ka nehelano e khutšoanyane haholo. Ha u hlahisa sekoahelo sa eona, u ka ’na ua re:
◼ “Ke rata ho u bontša ho hong ho fupereng molaetsa o monate.” Phetla bukana ea Bophelo Lefatšeng, ’me u bale serapa sa pele sa kenyelletso. Ebe u tsoela pele: “E boetse e arabela potso ena [phetla sehloohong se ka holim’a setšoantšo sa nomoro ea 8]: ‘Ke ka baka la eng motho a shoa?’ U tla ho fumana e le ntho e thahasellisang ho ithuta litšoantšo tsena le ho bala mangolo a ka bukaneng ena. Haeba u batla ho etsa joalo, u ka ’na ua iphumanela kopi ena ka monehelo oa R1,00.”
3 U tla re’ng ha u khutlela moo u tsamaisitseng bukana ea “Bophelo Lefatšeng”? U ka leka katamelo ena:
◼ Bontša setšoantšo sa nomoro ea 49 bukaneng ea Bophelo Lefatšeng ebe ua botsa, “Na see hase setšoantšo se setle? [Emela karabo.] Se teng ka bukaneng eo ke ileng ka u siela eona ketelong e fetileng. Ke rata ho u botsa potso leqepheng le latelang.” Phetla setšoantšo sa nomoro ea 50 ’me u bale potso: “‘Na u batla ho phela ka ho sa feleng paradeiseng eo e ntle?’ [Emela karabo.] Haeba eo ke takatso ea hao, hlokomela seo e reng u lokela ho se etsa: ‘Kahoo ithute haholo ka lintho tse boleloang ke Molimo.’ [Bala Johanne 17:3.] Ke tla thabela ho ithuta Bibele le uena ntle ho tefo. Na u ka rata seo?” Beha nako e tobileng ea ho khutla.
4 Ha u nehelana ka bukana “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” u ka ’na ua qala ka ho mo bontša setšoantšo sohle se sekoahelong ebe ua botsa:
◼ “U nahana hore ho ne ho tla hlokahala eng ho etsa hore lefatše lohle le shebahale tjee?” Emela karabo. Hlalosa tse ling tsa litšobotsi tsa setšoantšo sena, e leng tse phetiloeng leqepheng la 3. Ebe u re: “Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore ho ke ke ha khoneha hore lefatše le be tjena. Empa hase ntho eo Molimo a ke keng a khona ho e finyella. [Arolelanang lintlha tse serapeng sa 43; ebe joale u bala Esaia 9:6, 7.] Molimo o tšepisitse ho tlisa lefatše le lecha leo ho lona batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla thabela paradeise e babatsehang. Ke tla rata hore u bale bukana ena. E tla bontša kamoo uena le lelapa la hao le ka thabelang bokamoso bo babatsehang bo entsoeng ke Molimo kateng.”
5 Leetong la ho boela, u ka sebelisa bukana ea “Bonang” ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele. Mohlomong u ka mo bontša sekoahelo hape ’me ua re:
◼ “Ha ke ne ke qala ho u bontša setšoantšo sena, re ile ra lumellana hore re ne re tla rata ho phela lefatšeng le joalo le babatsehang. Ho etsa hore sena se khonehe, ho na le ntho eo kaofela ha rōna ho hlokahalang hore re e etse.” Phetla bukana ea “Bonang” serapeng sa 52; bala serapa seo le lengolo la Johanne 17:3. Amahanya boitsebiso le papiso e serapeng sa 53 mabapi le thuto e loketseng ea Bibele, ebe joale u hlalosa hore Lipaki tsa Jehova li fana ka thupelo e joalo ntle ho tefo lapeng. Kōpa ho bontša mokhoa oa rōna oa ho ithuta, u sebelisa buka ea Tsebo.
6 Ha u nehelana ka bukana “’Muso O Tla Tlisa Paradeise,” u ka ’na ua leka ho bua tjena:
◼ “Ke utloile batho ba bangata ba bolela hore ba ka rata ho phela tlas’a ’muso o hlileng o ka rarollang mathata a maholo ao re tobaneng le ’ona kajeno. [Bolela mathata a sebaka seo a kang ho hloka mosebetsi, ho phahama ha tlōlo ea molao, kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.] Lintho tsena li etsa hore re ikutloe re sa sireletseha haholo ka bokamoso bakeng sa rōna le baratuoa ba rōna. Na u nahana hore ho tla ke ho be le ’muso o tla rarolla mathata aa? [Emela karabo.] Mohlomong u kile ua rapela Thapelo ea Morena. Haeba ho joalo, na u ne u tseba hore ha e le hantle u rapella ’muso o lokileng?” Phetla leqepheng la 3 bukaneng ea ’Muso, ’me u bale lirapa tse peli tse qalang. Nehelana ka bukana ka monehelo oa R1,00.
7 Haeba ho ile ha tsamaisoa bukana ea “’Muso O Tla Tlisa Paradeise,” u ka qala puisano leetong la ho boela ka ho re:
◼ “Pele re ile ra buisana ka hore hoa hlokahala hore ho be le ’muso o lokileng o ka rarollang mathata a motho. Bukana eo ke ileng ka u siela eona e supa ’Muso oa Molimo e le eona feela tšepo ea rōna. Batho ba bang baa ipotsa hore na ’muso oo o ka etsa eng ho ntlafatsa bophelo ba rōna. Bibele e bontša hore Kreste o se a ipakile hore o tla atleha moo baeta-pele ba batho ba hlōlehileng teng.” Phetla bukana ea ’Muso leqepheng la 29, ebe u bala lirapa tse ’ne tse qetellang. Ebe u re: “Na boo hase bokamoso bo babatsehang? Na u ka rata ho bo bona?” Emela karabo. Bala Johanne 17:3. Mo khothalletse ho ithuta ho eketsehileng ka thuto ea Bibele ea lehae.
8 Haeba u sebelisa libukana tse ling, u ka lokisetsa linehelano tsa hao, u sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ka holimo e le mehlala. Boloka tlaleho e nepahetseng ea thahasello eohle e fumanoeng ’me u etse bonnete ba hore u khutlela kapele kamoo ho ka khonehang. Lokisetsa hantle ’me u kōpe tlhohonolofatso ea Jehova ha u phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso.