Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/01 leq. 3
  • Arolelanang le ba Bang ho ea ka Tseo ba li Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Arolelanang le ba Bang ho ea ka Tseo ba li Hlokang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oo Oohle o Tšehetsoa Joang ka Chelete?
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Re ka Fana ka Eng ho Ea Nang le Lintho Tsohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 5/01 leq. 3

Arolelanang le ba Bang ho ea ka Tseo ba li Hlokang

1 Jehova o etsa tokisetso ea ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa moea a sebelisa “lekhoba” le tšepahalang. (Mat. 24:45-47) Tse ngata tsa litokisetso tsena li ka sebōpeho sa libuka, Libibele, meqolo, livideo, lik’hasete tse rekotiloeng le lidiski tsa k’homphieutha bakeng sa ho etsa phuputso ea Bibele. Kamehla Jehova o fana ka se lekaneng ho sa senngoe letho. O lebeletse hore re arolelane, a etsa bonnete ba hore kaofela re rua molemo ka ho lekana.

2 Litokisetso tseo kaofela li hlahisoa ka litšenyehelo tse khōlō tsa lichelete. Litšenyehelo tsena li koaheloa ke mokhatlo oa bara ba motho lefatšeng ka bophara. Sena ke ’nete haholo-holo ho tloha ha mokhatlo o hlophisitsoeng o theha tokisetso ea ho aba lingoliloeng ntle ho tefo, o itšetleha ka ho feletseng ka menehelo ea boithatelo ho koahela litšenyehelo. Ho phaella moo, makala a mangata a fumana litokisetso tsena tse tsoang ho Mokhatlo ka theko e tlaase ho nolofalletsa barab’abo rōna ho ba le seo ba se hlokang bakeng sa liboka le tšebeletso ea tšimo le hoja ba e-na le ho fokolang haholo linthong tse bonahalang.

3 Kamoo re ka Thusang: Re ka arabela keletsong ea Pauluse ea ho arolelana le ba bang “ho ea ka tseo ba li hlokang.” (Bar. 12:13) Ha re ntša menehelo ea lichelete ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara, ka ho toba re arolela barab’abo rōna lefatšeng lohle seo re nang le sona. Ba hopotse sena, ba bang ba entse qeto ea ho behella monehelo o itseng ka thōko bakeng sa mosebetsi oa lefatšeng ka bophara khoeli le khoeli, feela joalokaha ba etsa bakeng sa litšenyehelo tsa Holo ea ’Muso. Baa hlokomela hore lichelete tsena ha li sebelisetsoe feela ho hlahisa lingoliloeng empa le bakeng sa litšobotsi tsohle tsa mosebetsi ona. Nahana molemo o moholo oo barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ba neng ba tla o una haeba kamehla ba eketsehileng ba ne ba ka arolelana le ba bang ka tsela ena.

4 Ho feta moo, re ka arolelana le bona ka hore kamehla re be ba lekanyetsang ha re kōpa lintho tseo re ka li fumanang habonolo. Ho odara feela seo re hlileng re se hlokang ho fana ka monyetla oa hore barab’abo rōna libakeng tse ling ba fumane litokisetso tsa moea tseo le bona ba li hlokang hore ba lule ba le matla le ho ntšetsa pele litaba tse molemo karolong eo ba leng ho eona ea lefatše.—Baheb. 13:16.

5 Re lokela ho hopola sena haholo-holo ha re kōpa lintho tse hlahisoang ka litšenyehelo tse khōlō ho Mokhatlo. Tsena li akarelletsa livideo, li-CD-ROM, libuka tse khōlō tsa litšupiso, meqolo le lipeeletso tsa lik’hasete. Ho e-na le ho kōpela setho se seng le se seng sa lelapa ntho e itseng, na lelapa lohle le ke ke la sebelisa e le ’ngoe? Haeba re inkela lintho tse re lekaneng feela, hoo ho tla fa ba bang monyetla oa ho fumana lintho tse molemo tse tšoanang le tseo re nang le tsona.—Bafil. 2:4.

6 Litšenyehelo tsa lingoliloeng tseo re li tsamaisang tšimong li ka fokotsoa ke menehelo e eang mosebetsing oa lefatše lohle oa Mokhatlo eo re e ntšang Holong ea ’Muso le e ntšuoang ke batho ba thahasellang ba li amohelang. Leha ho le joalo, ha ho tluoa ho lingoliloeng tseo re li kōpang ho tla itšebelisetsa tsona, ho akarelletsa libuka tsa lipina, Libuka Tsa Selemo, Libibele tsa deluxe le tse ling, re ke ke ra lebella hore ba ka ntle ba re hlokomelle litlhoko tsa rōna. Bahlanka ba inehetseng ba Jehova ke mohloli o ka sehloohong oa tšehetso ena ea lichelete. Ba hopotse seo, bahoeletsi ba bangata ba lekanyetsa hore na lintho tsena li ka ja bokae haeba li hlahisoa ke ba khoebo, ebe joale ba ntša monehelo ba iphaphathile ka seo. Ka mohlala, Bibele ea deluxe, e molomo o ’mala oa khauta, e ka ja habonolo feela R150 kapa ho feta, buka ea litšupiso e ka ba R300 le ho feta, almanaka ea leboteng e nang le mebala e feletseng e ka rekisoa bonyane ka R40, encyclopedia e ho CD-ROM e ka ja ho tloha ho R400 ho ea ho R800 kapa ho feta, lidiski tsa ’mino ka tloaelo li rekisoa ka hoo e ka bang R100, ’me livideo tse ling hangata li rekisoa ka chelete e ngata ho feta eo. Ho hlōleha ho ntša monehelo o lekaneng ho koahela litšenyehelo qetellong ho tla khina seo mokhatlo o neng o ka khona ho se finyella ho ntšetseng pele mosebetsi oa lefatše lohle.

7 Jesu o ile a phatlalatsa hore barutuoa ba hae ba ’nete ba ne ba tla khetholloa ka ho hlaka ka ho ratana ha bona. (Joh. 13:34, 35) Ho fana ha rōna ka lintho tse bonahalang ka seatla se bulehileng le ho arolelana le ba bang ka ho hloka boithati ho ea ka seo ba se hlokang, ka sebele ke litsela tse ntle tsa ho ipaka hore re Bakreste ba ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela