Lebokose la Lipotso
◼ Ke lingoliloeng life tse lokelang ho behoa laebraring ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?
Ho lokiselitsoe lingoliloeng tse ngata tsa moea molemong oa batho ba Molimo. Kaha hase bahoeletsi bohle ba nang le tsona kaofela, laebrari ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Holong ea ’Muso e fana ka mokhoa oa ho etsa patlisiso lingoliloenng tseo ho ka etsahalang hore ebe ha li fumanehe. Kahoo, e lokela hore e be e hlomeletsoe ka liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele, lingoliloeng tsa morao-rao tsa Mokhatlo, likopi tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, meqolo ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, le li-Watch Tower Publications Index. Ho phaella moo, dikishinare e ntle ea morao-rao e lokela ho ekelletsoa. Haeba li fumaneha, li-encyclopedia, limmapa, kapa libuka tsa litšupiso tsa sebōpeho-puo le tsa histori li ka ba molemo. Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong e shebiloeng e lokela ho ba lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.
Mabakeng a mang ho tlalehoa hore libuka tse ling tse belaetsang li ’nile tsa behoa laebraring ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. E ke ke ea e-ba ho loketseng ho akarelletsa libuka tsa lipale, litlhaloso tse totobatsang tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele, kapa libuka tse buang ka filosofi kapa tšebelisano le meea. Laebrari ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e lokela ho akarelletsa feela boitsebiso bo tlang ho nolofalletsa ba e sebelisang ho tsoela pele moeeng.—1 Tim. 4:15.
Molebeli oa sekolo ke eena ea ikarabellang laebraring, le hoja ho ka abeloa mor’abo rōna e mong ho mo thusa ho e hlokomela. O lokela ho bona hore laebrari e bolokoa e le nakong, ka lingoliloeng tse ncha tse ntseng li eketsoa hang ha li fumaneha. Buka e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ngoloa lebitso la phutheho eo e leng ea eona ka ho hlakileng leqepheng le ka hare la sekoahelo. Selemo le selemo, libuka tseo li lokela ho hlahlojoa ho bona hore na ha ho na tse hlokang ho lokisoa kapa ho nkeloa sebaka ka tse ling.
E mong le e mong a ka kenya letsoho bakeng sa ho hlokomela laebrari ena. Libuka tseo li lokela ho tšoaroa le ho sebelisoa ka hloko. Bana ha baa lokela ho lumelloa ho bapala ka tsona, leha e le hore mang kapa mang a ka li tšoaea. Letšoao le makhethe le ka manehoa e le khopotso ea hore libuka li se ke tsa nkuoa Holong ea ’Muso.
Kaha ho thehoa liphutheho tse ncha kamehla, ho ka etsahala hore ebe lilaebrari tse ngata li nyenyane. Bahoeletsi ba bang ba nang le lingoliloeng tsa rōna tsa khale ba ka ’na ba nahanela ho li fa phutheho. Baholo ba ka ’na ba rata ho odora meqolo ea Mokhatlo e hatisoang bocha ea Watchtower. Ka litsela tsena, laebrari ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e tla ipaka e le molemo haholo ho thuseng bohle ho koaholla matlotlo a patiloeng a Lentsoe la Molimo, a fanang ka tsebo, bohlale le kutloisiso.—Liprov. 2:4-6.