Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/97 leq. 1
  • Botšepehi Boa Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi Boa Putsoa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Jehova o Putsa ba mo Batlang ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Ikitlaelletsa ho Eketsa Tšebeletso ea Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Na U Tšepahala Linthong Tsohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 7/97 leq. 1

Botšepehi Boa Putsoa

1 Ho Baheberu 11:6 re bolelloa hore Molimo “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” Tsela e ’ngoe eo a putsang bahlanka ba hae ba inehetseng ba ‘tšepahetseng linthong tse seng kae’ ka eona ke ka ho ba ‘beha holim’a lintho tse ngata.’ (Mat. 25:23) Ka mantsoe a mang, hangata Jehova o putsa mosebetsi o etsoang ka mafolofolo ka ho neha lipaki tsa hae tse tšepahalang litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso.

2 Botšepehi ba moapostola Pauluse bo ile ba putsoa ka hore a fuoe tšebeletso e ileng ea mo isa metseng le metsaneng ea Europe le Asia Minor. (1 Tim. 1:12) Le hoja ho ne ho ameha boiteko bo boholo bakeng sa ho phethahatsa tšebeletso ea hae ka botlalo, Pauluse o ile a nka tokelo eo a e fumaneng e le ea bohlokoa haholo. (Baroma 11:13; Bakol. 1:25) O ile a bontša kananelo ea hae e tebileng ka hore ka botšepehi a batle menyetla ea ho bolela. Ka cheseho ea hae tšebeletsong, ka ho hlakileng o ile a bontša tumelo ea hae ka mesebetsi. Mohlala oa hae o re susumelletsa ho nka litokelo tsa rōna tsa tšebeletso e le tsa bohlokoa.

3 Jehova o re File Tšebeletso: Re bontša maikutlo a tšoanang le a bontšitsoeng ke Pauluse joang ka tokelo ee ea tšebeletso? Re batla litsela tsa ho eketsa ho kopanela ha rōna tšebeletsong. Re sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong oa ho paka ka mokhoa o sa reroang esita le ka ntlo le ntlo. Re latella moo re sa fumanang batho le ho etsa maeto a ho boela ho bohle ba thahasellang. Rea tšepahala litaetsanong tseo re li etsang bakeng sa ho khanna lithuto tsa Bibele.

4 Mabapi le tšebeletso ea rōna, Pauluse o ile a lemosa: ‘U be ho [eona] ka ho phehella ka potlako.’ (2 Tim. 4:2) Ntho e potlakileng e hloka tlhokomelo ea kapele-pele. Na re etsa tšebeletso ea rōna ka boikutlo ba ho potlaka, le ho e neha sebaka sa pele bophelong ba rōna? Ka mohlala, re ke ke ra lumella hore boithabiso ba rōna le lithahasello tse ling tsa botho mafelong a beke li kena-kenane le nako eo re lokelang ho e sebelisa tšebeletsong ea tšimo. Kaha re kholisehile hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atamela ka potlako, re boetse re kholisehile hore ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka o etsang.

5 Botšepehi ba rōna ho Molimo bo bontšoa ke ho ba ha rōna le ’nete le ho ba ba tšepahalang ho eena le ho ba ba tsitsitseng mosebetsing oo a re abetseng oona. A re phethahatseng tšebeletso ea rōna ka botlalo hore Jehova a tle a re putse haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela