“Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?”
1 Molaetsa o babatsehang, o susumetsang le o amang maikutlo o tla boleloa lefatšeng ka bophara ka lipuo tse 169. Molaetsa ona ke oa eng? Hona o tla fanoa joang?
2 Molaetsa ona o mabapi le lerato la moahelani. O fumanoa ho Kingdom News No. 35, e nang le sehlooho se reng “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Ka bokhutšoanyane Kingdom News ena e hlahloba boemo ba hona joale ba litaba ho pholletsa le lefatše lohle, e bontša hore ke ho haella ha lerato har’a batho hoo e leng sesosa se seholo sa masisa-pelo le bohloko. E hlalosa hore na ke hobane’ng ha haholo-holo mehleng ea rōna, lerato la moahelani le folile le hore na sena se bolela’ng bakeng sa bokamoso.
3 Ho phaella moo, Kingdom News No. 35 e bontša hore lerato la ’nete la moahelani le teng har’a batho ba limilione ba phelang lefatšeng kajeno. E khetholla ba kopanelang ho tsosoloseng Bokreste ba pele—borapeli ba lekholong la pele la lilemo, bo neng bo khetholloa ka lerato la moahelani joalokaha le rutiloe ke Jesu Kreste.—Luka 10:25-37.
4 Kingdom News No. 35 e phethela ka tlhaloso e bontšang kamoo kapele-pele lefatše lohle la batho le tlang ho sebelisa lerato la moahelani tlas’a tsamaiso ea ’Muso oa Molimo ka Kreste. Ba balang molaetsa ona ba khothalletsoa ho iphumanela bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le ho ithuta kamoo ba ka fetohang karolo ea tokisetso ena e lerato ea lefatše lohle e hlalosoang ka ho hlakileng Lentsoeng la Molimo.
5 Ke Bo-mang ba Tla Nehelana ka Molaetsa Ona? Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tla aba molaetsa ona oa lerato la moahelani ho metsoalle ea tsona, baahelani le beng ka tsona likhoeling tsa October le November. Bohle ba tšoanelehang ba khothalletsoa ho kopanela ho abeng phatlalatsa Kingdom News No. 35.
6 Pakane ea sehlooho ea phutuho ena ke ho tsosa thahasello ea batho hore ba be le thuto ea Bibele ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo. Ho phaella moo, boiteko ba pelo eohle ba e mong le e mong oa bahlanka ba Jehova bo tla fana ka bopaki bo boholo ho Molimo ea lerato, Jehova, le Mora oa hae, Jesu Kreste.