Re Lokela ho Boela Khafetsa
1 Na u ile ua arabela hamolemo lekhetlong la pele ha motho e mong a buisana le uena ka litaba tse molemo? Haeba ha ho joalo, u lokela ho leboha hore ebe Lipaki tsa Jehova li ile tsa ’na tsa boela ho uena khafetsa ho fihlela u amohetse thuto ea Bibele qetellong. Ke habohlokoa hore u nahane ka seo ha u ntse u sebetsa khafetsa tšimo eo u e abetsoeng.
2 Bophelo ba batho bo lula bo fetoha. Ba tobana le mathata kapa maemo a macha, ba utloa ka liketsahalo tse tšoenyang tse etsahalang sechabeng kapa lefatšeng, ba angoa ke khatello ea moruo, kapa ke ho kula kapa ho shoa ha setho sa lelapa. Lintho tse joalo li ka ’na tsa etsa hore ba batle ho tseba sesosa sa mahlomola ana. Re lokela ho ela hloko maemo a hatellang batho likelellong le ho ba fa molaetsa o tšelisang.
3 Ona ke Mosebetsi oa Pholoso: Nahana ka basebetsi ba pholoso ba sebakeng sa koluoa. Le hoja ba bang ba ka ’na ba batla sebakeng seo ho sona ba fumanang baphonyohi ba seng bakae, ha ba nyehlise ’me ha ba khaotse hobane basebetsi-’moho le bona ba fumana baphonyohi ba eketsehileng libakeng tse ling. Mosebetsi oa rōna oa pholoso ha o e-s’o emisoe hajoale. Selemo le selemo, ho fumanoa ba likete tse makholo ba batlang ho pholoha “matšoenyehong a maholo.”—Tšen. 7:9, 14.
4 “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Baroma 10:13-15) Mantsoe ana a lokela ho hatisa ka ho e mong le e mong oa rōna tlhokahalo ea hore re phehelle boboleling. Ho tloha ha tšimo ea rōna e qala ho koaheloa ka lekhetlo la pele, bana ba se ba hōlile ’me hona joale ba hōlile ka ho lekaneng hore ba nahane ka ho teba ka bokamoso ba bona le ka morero oa bophelo. Ha re tsebe hore na ke mang eo qetellong a tlang ho mamela. (Moek. 11:6) Ba bangata bao pele e neng e le bahanyetsi ba amohetse ’nete. Mosebetsi oa rōna hase ho ahlola batho, empa ke ho tsoela pele re ba fa monyetla oa ho mamela le ho pholoha lefatšeng lena la khale. Joalokaha barutuoa ba Jesu ba pele ba entse, re lokela ho ‘tsoela pele ho ea’ bathong le ho leka ho tsosa thahasello ea bona molaetseng oa ’Muso.—Mat. 10:6, 7.
5 ’Nete ea hore re ntse re bulehetsoe ke monyetla oa ho etsa mosebetsi oa boboleli ke pontšo ea mosa oa Jehova. (2 Pet. 3:9) Ha re ntse re fa ba bang monyetla oa ho mamela molaetsa khafetsa, re totobatsa lerato la Molimo, ’me ka tsela ena rea mo rorisa.