Haha Bophelo ba Hao Tšebeletsong ea Jehova
1 Jesu o ile a tšoantša bamameli ba hae le mefuta e ’meli ea lihahi. Sehahi se seng se ile sa haha bophelo ba sona lefikeng la ho utloa Kreste ’me sa khona ho mamella lifefo tsa khanyetso le matšoenyeho. Se seng se ile sa haha lehlabatheng la ho hloka kutlo ka boithati ’me sa sitoa ho mamella ha khatello e fihla. (Mat. 7:24-27) Kaha re phela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, re tsukutloa ke lifefo tse ngata tsa mahlomola. Maru a matšo a matšoenyeho a maholo a ntse a ririellana ka potlako. Na re tla lula re tiile tumelong ho isa qetellong? (Mat. 24:3, 13, 21) Boholo bo itšetlehile ka hore na re haha bophelo ba rōna joang hona joale. Kahoo, ke habohlokoa hore re ipotse, ‘Na ke haha bophelo ba ka ba Bokreste ka tieo tšebeletsong ea Molimo e bontšang kutlo?’
2 Ho bolela’ng ho haha bophelo ba rōna tšebeletsong ea Jehova? Ho bolela ho beha Jehova ka sehloohong bophelong ba rōna. Ho akarelletsa ho beha kameho ea rōna e khōlō ’Musong. Ho kopanyelletsa ho mamela Molimo liketsong tsohle tsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ho re hloka boikemisetso ba pelo eohle ho ithuta Bibele re le batho ka bomong, re le lelapa hape re le phutheho le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, re etsa hore lintho tsena e be tse tlang pele bophelong ba rōna. (Moek. 12:13; Mat. 6:33) Ho bontša kutlo e joalo ho fella ka lefika le tiileng la tumelo, e se nang ho soahlamana ha e tsukutloa ke sefefo leha e le sefe sa mahlomola a ka ’nang a hlasela.
3 Ke ho thabisang ho bona batho ba limilione ba haha ka kholiseho bophelo ba bona le tšepo ea bona ea ka moso tšebeletsong ea Molimo, feela joalokaha Jesu a entse. (Joh. 4:34) Ba tšehetsa ka botšepehi kemiso ea kamehla ea mesebetsi ea puso ea Molimo ’me ka hona ba thabela litlhohonolofatso tse enneng. ’Mè e mong o ile a hlalosa kamoo eena le monna oa hae ba ileng ba atleha kateng ho hōlisa bara ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova: “Re ile ra tlatsa bophelo ba rōna ka ’nete—ka ho ea likopanong tsohle, ho lokisetsa le ho ba teng libokeng le ho etsa tšebeletso ea tšimo karolo ea kamehla ea bophelo ba rōna.” Monna oa hae o ile a phaella: “’Nete hase karolo ea bophelo ba rōna, ke bophelo ba rōna. Lintho tse ling tsohle li likoloha ho eona.” Na le uena ka ho tšoanang u behile tšebeletso ea Jehova e le ntho e tlang pele bophelong ba lelapa la hao?
4 Rala Kemiso e Sebetsang ea Beke le Beke: Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re thusa ho latela kemiso e molemo ea moea ka ho lokisetsa liboka tse hlano ka beke. Bakreste ba hahang bophelo ba bona borapeling ba Jehova ba hlophisa litaba tsa bona tsa boipheliso le tsa lelapa ka tsela e tla ba lumella hore ba be teng libokeng tsena tsohle tsa bohlokoa. Ha ba lumelle hore lintho tsa bohlokoa bo fokolang li ba sitise ho ba teng kamehla ho tsona.—Bafil. 1:10; Baheb. 10:25.
5 Bakreste ba hōlileng tsebong baa hlokomela hore feela joalokaha e le habohlokoa ho ja lijo kamehla ka linako tse itseng letsatsi le letsatsi, ho boetse ke habohlokoa ho etsa kemiso e tsitsitseng ea ho ba le thuto ea botho le ea lelapa, ho akarelletsa le ho lokisetsa liboka. (Mat. 4:4) Na u ka behella ka thōko bonyane nako ea metsotso e 15 ho ea ho e 20 letsatsi le letsatsi bakeng sa thuto ea botho? Ntlha ea bohlokoa ke hore u se ke ua lumella lintho tse ling ho kena-kenana le nako eo u e beheletseng ka thōko bakeng sa ho ithuta. Ho fetole tloaelo e molemo. Sena se ka ’na sa hloka hore u tsohe hoseng haholoanyane ho feta nako eo u tsohang ka eona hoseng ho hong le ho hong hona joale. Litho tsa lelapa la Bethele tse 17 000 lefatšeng ka bophara li tsoha esale hoseng hore li tšohle temana ea letsatsi. Ke ’nete hore ho tsoha hoseng ho hloka hore motho a robale ka nako e le hore a tle a qale letsatsi le hlahlamang a le mahlahahlaha ’me a khatholohile.
6 Haeba u hlooho ea lelapa, nka bohato ba pele ba ho rala le ho hlophisa kemiso ea tšebeletso ea puso ea Molimo bakeng sa lelapa la hao. Malapa a mang a bala Bibele, Buka ea Selemo, kapa buka e ’ngoe hammoho ha a ntse a phomotse ka mor’a lijo tsa mantsiboea. Batsoali ba bangata ba boneng bana ba bona ba hōla ho ba Bakreste ba matla moeeng ba bolela hore ntlha e ’ngoe e tlatselitseng katlehong ea bona e bile tloaelo ea lelapa ea ho behella ka thōko mantsiboea a itseng beke le beke ao ka ’ona ba thabelang nako ea ho ba ’moho ho ikaha moeeng. Ntate e mong ea joalo o ile a re: “Ke nahana hore tsoelo-pele ea bana ba rōna moeeng e bile teng haholo-holo ka lebaka la thuto ea lelapa la rōna ea kamehla e tšoaroang ka Laboraro mantsiboea, e qalileng lilemong tse ka bang 30 tse fetileng.” Bana ba hae ba bararo kaofela ba ile ba kolobetsoa ba sa le banyenyane, ’me hamorao boraro ba bona ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ho tlatsetsa thutong ea lelapa, ho ka itlhakisetsoa linehelano tse sebelisoang tšebeletsong ea tšimo kapa lipuo tse tla fanoa sebokeng, ’me ho ka thabeloa mesebetsi e meng e hahang moeeng hammoho.
7 Kemisong ea hao ea beke le beke, na u ‘rekile nako’ bakeng sa ho bolela ka ’Muso? (Bakol. 4:5) Ba bangata ba rōna re phela bophelo bo maphathaphathe, ’me re na le boikarabelo ka lapeng le ka phuthehong boo re lokelang ho bo hlokomela. Haeba re sa etsa litokisetso tse tsitsitseng tsa ho kopanela mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta beke le beke, ho tla ba bonolo haholo hore lintho tse ling li pupetse mosebetsi ona oa bohlokoa. Ramotebo e mong oa likhomo o ile a re: “Selemong sa 1944 ke ile ka hlokomela hore tsela feela eo ke neng nka kopanela tšebeletsong ka eona e ne e le hore ke etse kemiso ea ho kopanela tšebeletsong ka letsatsi le itseng. Ho fihlela letsatsing lena ke ntse ke sebelisa letsatsi le leng bekeng ho ba tšebeletsong.” Moholo e mong oa Mokreste o fumana hore ho ba le kemiso e tsitsitseng ea ho paka ho mo nolofalletsa ho etsa karolelano ea lihora tse 15 ka khoeli mosebetsing oa boboleli. Haeba a e-na le mosebetsi o itseng oa boipheliso oo a lokelang ho o etsa ka Moqebelo, o etsa kemiso ea ho o etsa ka mor’a tšebeletso ea hae ea tšimo hoseng. Na uena le lelapa la hao le ka etsa kemiso ea hore bonyane letsatsi le le leng beke e ’ngoe le e ’ngoe le be tšebeletsong ea tšimo, le etsa seo hore e be karolo ea tsela ea lōna ea bophelo ba moea?—Bafil. 3:16.
8 Hlahlobisisa Mokhoa oa Hao oa Bophelo: Ho na le lintho tse sebetsang khahlanong le ho haha bophelo ba rōna tšebeletsong ea Jehova. Maemo a sa lebelloang a ka ’na a ferekanya kemiso ea rōna e raliloeng ka hloko ea ho ithuta, ho ea libokeng le tšebeletsong. ’Me Sera sa rōna, e leng Satane, se tla etsa sohle se matleng a sona ho “thiba tsela ea rōna” le ho senya merero ea rōna. (1 Bathes. 2:18; Baef. 6:12, 13) U se ke ua lumella litšitiso tsena ho u nyahamisa, ho u etsa hore u tele. Etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang e le hore u ntšetse pele kemiso ea hao ea tšebeletso ea puso ea Molimo. Boikemisetso le phehello ke tsa bohlokoa bakeng sa ho finyella seo e hlileng e leng sa bohlokoa.
9 Ha rea lokela ho lumella tšusumetso ea lefatše le tšekamelo ea rōna ea nama e sa phethahalang ho kenyelletsa mesebetsi eo e seng ea moea e ka qalang ho senya nako ea rōna e ngata le tlhokomelo. Ho hlokahala hore re itlhahlobe, re sebelisa lipotso tse kang: ‘Na tsela ea ka ea bophelo e ntse e e-ba e felloang ke botsitso butle-butle kapa e se e fapohile? Na ke se ke qalile ho haha bophelo ba ka linthong tsa lefatše lee tse fetang? (1 Joh. 2:15-17) Ke qeta nako e kae lipakaneng tsa botho, maetong a boithabiso, lipapaling, kapa linthong tse ling tsa boithabiso—ho akarelletsa eo ke shebellang thelevishene kapa ke hlahlobang Internet ka eona—ha e bapisoa le nako eo ke e qetang mesebetsing ea moea?’
10 Haeba u hlokomela hore bophelo ba hao bo tletse ka mesebetsi e mengata eo e seng ea bohlokoa, u lokela ho etsa’ng? Feela joalokaha Pauluse a ile a rapella hore barab’abo ba ‘khutlisetsoe tseleng,’ kapa “ba behoe tumellanong e loketseng,” ke hobane’ng ha u sa kōpe Jehova ka tieo hore a u thuse ho boela u etsa hore tšebeletso ea hae e be ntho e ka sehloohong? (2 Bakor. 13:9, 11, NW, ftn.) Joale ikemisetse ho phelela qeto ea hao e tiileng le ho etsa liphetoho tse hlokahalang. (1 Bakor. 9:26, 27) Jehova o tla u thusa ho qoba ho ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ha u bontša kutlo tšebeletsong ea hae.—Bapisa le Esaia 31:20, 21.
11 Lula u Phathahane Tšebeletsong e Thabisang ea Molimo: Ba limilione ba itella ho lelekisa thabo empa qetellong ha lefu le atamela baa elelloa hore lintho tse bonahalang tseo ba ileng ba ikitlaetsa ka matla ho li fumana ha lia ba tlisetsa thabo e tšoarellang. E bile “ho lelekisa moea.” (Moek. 2:11, NW) Ka lehlakoreng le leng, ha re tsoela pele ho etsa hore Jehova e be ea ka sehloohong bophelong ba rōna, ‘re mo beha ka pel’a rōna kamehla,’ re latsoa khotsofalo e tebileng. (Pes. 16:8, 11, NW) Sena se joalo hobane Jehova ke eena mohloli oa boteng ba rōna. (Tšen. 4:11) Kantle ho eena, Moreri e Moholo, bophelo ha bo na morero. Ho sebeletsa Jehova ho tlatsa bophelo ba rōna ka mosebetsi oa bohlokoa, o nang le morero o ruisang rōna esita le ba bang molemo ka tsela e sa khaotseng, e, ka tsela e sa feleng.
12 Ke habohlokoa hore re se nyebelle le hona ho felloa ke boikutlo ba ho potlaka mabapi le bofelo ba lefatše lena la Satane bo atamelang ka potlako. Bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi bo laoloa ke pono ea rōna ka bokamoso. Batho ba mehleng ea Noe, ba neng ba sa lumele hore moroallo oa lefatše lohle o tla ba teng, ha baa ka “ba elelloa,” ba ile ba etsa hore bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi bo likolohe lipakaneng tsa botho—ba ja, ba noa, ba nyala ba nyaloa—ho fihlela moroallo “o ba hohola bohle.” (Mat. 24:37-39) Kajeno, bao bophelo ba bona bo likolohang linthong tsa lefatše lena ba tla bona litebello tsa bona tsa ka moso li senyeha ka pel’a bona timetsong e khōlō ka ho fetisisa eo moloko oa batho o kileng oa feta ho eona, ea “letsatsi la Jehova.”—2 Pet. 3:10-12.
13 Ka hona, tsoela pele u haha bophelo ba hao ho Molimo ea phelang, Jehova, ’me u etse thato ea hae. Ha ho letsete leo u ka le etsang bophelong bona le nang le Motšehetsi ea ka tšeptjoang joaloka Jehova. A ke ke a bua leshano—o tla tšepahalla litšepiso tsa hae. (Tite 1:2) A ke ke a shoa—ha ho letho leo Jehova a le tšepisitseng le sa tl’o phethahala. (Hab. 1:12; 2 Tim. 1:12) Bophelo bo bontšang kutlo le tumelo boo re bo hahang hona joale e mpa e le qalo feela ea bophelo bo tla tšoarella ka ho sa feleng tšebeletsong e thabisang ea Molimo oa rōna ea thabileng!—1 Tim. 1:11; 6:19.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“’Nete hase karolo ea bophelo ba rōna, ke bophelo ba rōna. Lintho tse ling tsohle li likoloha ho eona.”