Qeto ea Rōna e Tiileng ke ho Phehella Tsela ea Jehova ea Bophelo
1 Ntlha e hlahelletseng ea Likopano tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” e bile qeto e ileng ea nkoa puong ea ho phetha. E ile ea qala ka phatlalatso e reng: “Rōna . . . re lumela ka pelo eohle hore tsela ea Molimo ke tsela e molemohali ea bophelo.” Hopola lintlha tsa bohlokoa tsa qeto eo tseo re ileng ra li arabela ka ho re, “E!”
2 Boikemisetso ba rōna ke ho lula re hloekile ka pel’a Jehova ’me re se na letheba lefatšeng lena. Re tla tsoela pele ho beha thato ea Molimo pele bophelong ba rōna. Re sebelisa Lentsoe la hae, Bibele, e le motataisi oa rōna, re ke ke ra khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali, kahoo re tiisa hore tsela ea Molimo e phahametse litsela tsa lefatše hōle.
3 Ka kakaretso, lefatše le hlokomoloha tsela ea Molimo ’me le kotula liphello tsa seo. (Jer. 10:23) Ka hona, re lokela ho tsoela pele re rutoa ke Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova, ea reng: “Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona.” (Esa. 30:21) Tsela ea Jehova ea bophelo, joalokaha e boletsoe ka Mangolong, e phahame litšobotsing tsohle. E le hore re phehelle tsela eo, ke habohlokoa hore re ithuise molemo ka botlalo ka sohle seo Jehova a re rutang sona.
4 Lenaneo le Phahameng la Thuto ea Jehova: Jehova o re ruta morero oa sebele oa bophelo le kamoo re ka sebelisang bophelo ba rōna ka tsela e molemohali kateng. O re ruta kamoo re ka ntlafatsang bophelo ba rōna kateng kelellong, boitšoarong le moeeng. O re ruta kamoo re ka phelang ka khotso le barab’abo rōna, ba malapa a rōna le baahisani ba rōna. O etsa sena ka buka ea hae ea thuto Bibele, le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
5 Liboka tsa rōna tsa phutheho ke tsa bohlokoa haholo ntlheng ena. Ha re ntse re e-ba teng kamehla le ho nka karolo libokeng tse hlano, re fumana koetliso e pharaletseng joaloka basebeletsi ba litaba tse molemo le thuto e leka-lekaneng ka bophelo ba Bokreste. (2 Tim. 3:16, 17) Morupeli oa rōna e Moholo o boetse o lokisetsa thuto ea puso ea Molimo ka likopano tse nyenyane le tse khōlō. Pakane ea rōna e lokela e be hore le ka mohla re se fosoe ke seboka kapa lenaneo haeba bophelo ba rōna le maemo li re lumella hore re be teng.
6 E se eka ka cheseho re ka tsoela pele ho phehella tsela ea Molimo ea bophelo matsatsing a tlang, sena sohle e le tlotlisong ea Jehova le molemong oa rōna oa ka ho sa feleng!—Esa. 48:17.