Likhopotso Tsa Sehopotso
Selemong sena mokete oa Sehopotso o tla ba ka Labone, la 1 April. Baholo ba lokela ho hlokomela lintlha tse latelang:
◼ Ha le hlophisa nako ea seboka, tiisang hore litšoantšetso li se ke tsa fetisoa pele letsatsi le likela.
◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng hammoho le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona.
◼ Ha ho hlokahale hore ho be le molula-setulo, kaha sebui ka bosona se ka sebeletsa e le molula-setulo.
◼ Mofuta o loketseng oa bohobe le veine o lokela ho fumanoa le ho lokisoa.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 17.
◼ Lipoleiti, likhalase, tafole e loketseng le lesela le e koahelang li lokela ho tlisoa holong le ho tekoa ka tsela e loketseng esale pele.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka seo ho tla tšoareloa seboka sena ho sona li lokela ho hloekisoa hantle esale pele.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele mabapi le mokhoa o nepahetseng o tla lateloa le mesebetsi ea bona.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa hore batlotsuoa leha e le bafe ba kulang le ba sa khoneng ho ba teng ba isetsoe litšoantšetso.
◼ Haeba ho entsoe tokisetso ea hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, ho lokela ho be le tšebelisano-’moho e ntle mahareng a liphutheho e le hore ho ka qojoa tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng e kenang ka holong, litselaneng tsa maoto tse ka thōko ho ’mila le moo ho pakoang likoloi.